Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/09 maq. 28-29
  • Hlokomela Chefo ea Loto!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Chefo ea Loto!
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehloli e Meng ea Chefo ea Loto
  • Ho Hlokahala Hore Sechaba se Lemosoe
  • Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Liphello tsa Hona tse Senyang
    Tsoha!—1992
  • Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—1992
  • Kamoo ho ka Thibeloang ho Kulisoa ke Chefu ea Loto
    Tsoha!—1992
  • Lehae la Hao le Tletse Chefo Hakae?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 12/09 maq. 28-29

Hlokomela Chefo ea Loto!

Lilemong tsa morao tjena mebuso e meng e ile ea laela hore ho tlosoe lihlahisoa tse itseng mabenkeleng hang-hang, tse kang lintho tseo bana ba bapalang ka tsona le mabenyane. Hobane’ng? Hobane ho fumanoe hore tse ling tsa lintho tsena li na le loto e ngata, ’me bana ba banyenyane ba atisa ho li isa ka hanong kapa ho li hlafuna. Chefo ea loto e kotsi ka ho khetheha baneng ba ka tlaase ho lilemo tse tšeletseng, kaha ke hona tsamaiso ea bona ea methapo e ntseng e hōla.

HO EA ka phuputso e entsoeng ke Sekolo sa Johns Hopkins Bloomberg sa Bophelo ba Sechaba, loto e sitisa ’mele ho hlahisa protheine e hlokahalang e le hore boko bo hōle ’me bo sebetse hantle. Liphuputso li bontša hore bana ba monya hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea loto eo ba e koenyang, ha batho ba baholo bona hangata ba monya karolo ea 10 ho isa ho ea 15 lekholong feela.

Liphuputso tse sa tsoa etsoa li bontšitse hore esita le tekanyetso ea loto eo mebuso e meng e nkang hore e loketse, e ntse e ka ’na ea e-ba kotsi. Lekhotla la Tšireletso ea Sechaba la United States, le re bana ba ka ba le mathata a kang, “bothata ba ho ithuta, ba ho tsepamisa mohopolo, ba itšoara ka tsela e sa tloaelehang, ba sitoa ho hōla hantle, ba e-ba le mathata a litsebe le ho senyeha liphio.” Basali ba baimana ba lokela ho ba hlokolosi ka ho khetheha, kaha loto e ka ba kotsi leseeng le e-s’o hlahe.a

Loto e ka boetse ea kena lijong le linong tse tšetsoeng ka lijaneng tsa letsopa tse pentiloeng ka pente e nang loto e le hore li benye, tseo ka tloaelo li sebelisoang likarolong tse ling tsa Asia le Latin America. Ka linako tse ling, metsi a nooang a tšeloa ka linkhong tsa letsopa e le hore a lule a pholile ’me lino tse chesang li noelloa ka likoping tsa letsopa tse pentiloeng ka pente e nang le loto. Phuputso e entsoeng ho bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba Mexico City, e bontšitse hore hoo e ka bang halofo ea bana ba ka holimo ho likhoeli tse 18 ba ne ba e-na le loto e ngata maling. Ho boletsoe hore lebaka le leng la seo ke hore lijo li phehoa ka lipitsa tsa letsopa. Loto e etsa hore lintho tsa letsopa li be boreleli joalokaha eka ke tsa khalase, empa ea tsoa, haholo-holo ha sekotlolo se utloa mocheso kapa se tšetse litholoana le meroho e itseng.

Mehloli e Meng ea Chefo ea Loto

Le hoja lilemong tsa morao tjena, linaha tse ngata tse tsoetseng pele li tlositse loto peteroleng ea tsona, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re linaha tse ling tse ka bang 100 lefatšeng li ntse li sebelisa peterole e nang le loto. Loto ha e che. Kahoo, likaroloana tsa eona tse tsoang mosing oa koloi li silafatsa mobu o haufi le litsela tse khōlō. Ebe batho ba hema lerōle le nang le loto kapa ba ee le eona malapeng ka lieta.

Mohloli o mong o ka sehloohong oa chefo ea loto ke lipente tse nang le eona tseo ho pentiloeng ka tsona malapeng a mang pele ho etsoa melao e laolang tšebeliso ea loto. United States feela, hoo e ka bang matlo a limilione tse 38—e leng karolo ea 40 lekholong ea matlo ’ohle a moo—a pentiloe ka pente e nang le loto. Makhekhebu a pente kapa lerōle le nang le loto le bang teng ha ho nchafatsoa mehaho le ka ba kotsi ka ho khetheha.

Metse e mengata ea khale le matlo a na le liphaephe tsa metsi tse entsoeng ka loto kapa ka koporo e kopaneng le loto. Tleliniki ea Mayo, e leng setsi se tummeng sa bongaka United States, e khothalletsa batho hore ba bulele metsi a batang a tsoang liphaepheng tsena, metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 pele ba a noa. Metsi a chesang a tsoang liphaepheng tsena ha a lokela ho nooa kapa ho sebelisoa ha ho phehoa—haholo-holo ha ho etsetsoa lesea lijo.

Loto e maling e fokotseha haholo ha motho a tlohela ho sebelisa lintho tse nang le eona. Batho ba amehileng ka hore na ba na le loto e kae maling ba ka ’na ba rata ho etsa liteko tsa mali. Ba lokela ho kōpa thuso ea lingaka haeba ho fumaneha hore e ngata ka tsela e kotsi.

Ho Hlokahala Hore Sechaba se Lemosoe

Motho o kulisoa ke chefo ea loto haeba e phaellane e le ngata ’meleng nako e telele. Empa haeba motho a koenya loto e ngata ka nako e le ’ngoe, e ka mo bolaea. Litsi Tsa United States Tsa Taolo ea Mafu li tlaleha hore ka 2006 ngoana e mong ea lilemo li ’nè o ile a hlokahala ka mor’a hore a koenye sekotoana sa lebenyane la tšepe se neng se e-na le loto e ngata.

Ha e totobatsa bohlokoa ba ho lemosa sechaba, buka e ’ngoe ea tsa bongaka e re hona joale ngoana a le mong ho ba 20 ba likolong tsa likonyana United States o na le loto e ngata maling. Haeba boemo bo joalo naheng eo ho eona ho nang le melao e laolang tšebeliso ea loto, ebe boemo bo joang linaheng tseo ho tsona ho se nang melao e laolang tšebeliso ea loto? Ha e le hantle, motho e mong le e mong o lokela ho ba hlokolosi!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batho ba baholo le bona ba ka ’na ba kulisoa ke chefo ea loto, e ka etsang hore ba be le mathata a methapo, ba opeloe ke mesifa le manonyeletso, kapa ba be le bothata ba ho lebala le ba ho tsepamisa mohopolo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

MATŠOAO A MANG A BONTŠANG HORE BANA BA NA LE CHEFO EA LOTO

Ho ba le mahlaba ka mpeng, ho ba leqhoko, ho haelloa ke mali, ho thatafalloa ho tsepamisa mohopolo, ho siba, ho khathala, ho tšoaroa ke hlooho, ho teneha le feela, ho lieha ho ithuta lintho, ho felloa ke takatso ea lijo, ho tepella le ho lieha ho hōla.​—MEDLINE PLUS MEDICAL ENCYCLOPEDIA.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela