Kamoo ho ka Thibeloang ho Kulisoa ke Chefu ea Loto
HO SA tsotellehe litaba tsohle tse bohloko tsa loto, boemo ha bo lerootho ka ho feletseng. Ho e-na le maloetse a mang a mangata ao re ke keng ra a laola, bona ke boloetse bo sokelang bophelo boo bahlanka ba bophelo bo botle ba bolelang hore ba ka fela ba etsa ho hong ka bona.
Newsweek e tlaleha hore Mongoli oa U.S. oa Litšebeletso tsa Bophelo bo Botle ba Batho o re: “Ho kulisoa ke chefu ea loto ho ka thibeloa ka ho feletseng.” Setsebi se tsebahalang sa chefu sa univesithi se ile sa re: “Ho ka felisoa ka ho sa feleng.” CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa U.S. tsa Taolo ea Mafu]) ea hlokomela: “Hona joale ho tsejoa ho lekaneng ka lisosa tsa ho pepesetsehela loto le ka litsela tsa ho thibela ho e pepesetsehela hona bakeng sa ho qala boiteko ba ho felisa boloetse bona ka ho feletseng.” Qetellong Lefapha la U.S. la Litšebeletso tsa Bophelo bo Botle ba Batho le phaella ka maikutlo a lona: “Re utloisisa se etsang hore bana ba kulisoe ke chefu ea loto ’me, habohlokoa ka ho fetisisa, kamoo ho ka felisoang ka teng. Boiteko ba sechaba bo kopanetsoeng bo ka felisa boloetse bona ka ho feletseng nakong ea lilemo tse 20.”
Seo u ka se Etsang
See se ka finyelloa joang? Taba ea pele, litsebi li lumela hore ferefe le metsi ke lisosa tse ka sehloohong. Ka mohlala, setsebi sa chefu seo ho builoeng ka sona ka holimo se pheha khang ea hore bohato ba pele bo lokelang ho nkuoa hore ho felisoe chefu ea loto ke ba hore beng ba malapa le batho ba hirisang matlo ba nke mehato e tiileng ea ho tlosa ferefe ea khale le ho ferefa matlo a bona bocha le ho ntša lipeipi tsa khale ba kenya lipeipi tse ncha tsa tsamaiso ea metsi. Kahoo beng ba malapa ba ka ’na ba rata ho lekanyetsa hore na malapa a bona a sireletsehile tšilafalong.
Makasine oa In Health oa ngola: “Empa u se ke ua ferekana, ferefe e sa ebohang ha e na kotsi, le hoja ferefe e ebohang le lerōle la ferefe li le kotsi. . . . Hlahloba lehae la hao ka hare le ka ntle bakeng sa ho eboha, haholo-holo u shebe ho pota-pota lemati la mapolanka le likosene tsa lifenstere, moo boemo ba leholimo le ho hohlana ho ka ’nang ha sila le ho khephola libaka tse ferefiloeng.” Lefapha la bophelo bo botle la sechaba sa heno kapa la naha ea heno le ka ’na la khona ho u thusa tabeng ea ho lekanyetsa hore na lehae la hao le kotsing, mohlomong le ka u isa lilaboratoring tse nang le batho ba koetliselitsoeng ho hlahloba loto le ho e tlosa. Hlokomela: U se ke ua leka ho e tlosa ka bouena. Bana ba ka ’na ba kulisoa ke chefu ea loto ha batsoali ba bona ba khirila le ho hohla ferefe ea khale maboteng a bona le ho e qeqepolotsa, e tlatsa moea ka lerōle le nang le loto e ngata.
Metsi, Metsi Hohle
Matlong ao ho ’ona metsi e leng sesosa, bothata bo ka ’na ba simoloha lipeiping tse kopanyang tsa ntlo le tsa mohloli oa metsi. Ntlo ea khale e ka ’na ea ba le lipeipi tsa loto, e leng mohloli o totobetseng oa tšilafalo. Esita le lipeipi tsa koporo le tsa tšepe li ka ’na tsa kopanngoa ka ho bitieloa ka loto. Linaheng tse ling ho hlahloba melao ea mehaho e le hore u ka ithuta ka litekanyetso tsa sebakeng sa heno tsa lipeipi tsa tsamaiso ea metsi ho ka thusa. Haeba u na le lebaka la ho lumela hore metsi a hao a silafetse, u ka ’na ua etsa qeto ea hore a hlahlojoe. Linaheng tse ngata ho na le lilaboratori tse hlomeletsoeng hamolemo bakeng sa ho etsa seo ka tefello e loketseng.
Ho thoe’ng haeba metsi a hao a na le tekanyo ea loto e kotsi? U ka etsa’ng ka taba eo? Etsoe, hase motho e mong le e mong ea ka khonang ho nka mehato e matla e joaloka ho kenya lipeipi tse ncha tsa tsamaiso ea metsi. Bahlanka ba bophelo bo botle ba fana ka mekhoa e seng mekae e bonolo ea ho fokotsa tekanyo ea loto. Pele u kha metsi pompong, etsa hore metsi a batang a tsoe ka nako e etsang motsotso kapa e ’meli haholo-holo haeba pompo eo e ne e koetsoe ka nako e fetang lihora tse tšeletseng. Sena se tla thusa hore metsi a silafetseng a tsoe. ’Me le ka mohla u se ke ua sebelisa metsi a pompo a chesang bakeng sa ho noa le ho pheha. Ho ka etsahala hore ebe ho na le loto e ngata metsing a pompo a chesang ho feta metsing a pompo a batang.
Haeba u noa lipompong tsa motlakase tsa metsi a batang tsa sekolong, ofising kapa fekthering, metsi a lokela hore a tlohelloe hore a tsoe ka metsotsoana e seng mekae pele lekhetlong le leng le le leng leo a sebelisoang ka lona. Lipompo tse ling li na le melomo e kopantsoeng le tanka ka ho bitieloa ka loto.
Loto Lijong le Linong
America’s Food and Drug Administration (FDA [Tsamaiso ea Amerika ea Lijo le Lithethefatsi]) e fane ka likeletso tabeng ea tšebeliso ea likhalase tse entsoeng ka kristale ea loto. Makasine oa Good Housekeeping o ile oa tlaleha: “Kaha ha ho motho ea etsang tlhahiso ea hore u khaotse ho li sebelisa ho hang, hape FDA e eletsa hore batho ba qobe ho sebelisa likhalase tse entsoeng ka kristale ea loto bakeng sa ho boloka lijo le lino tse batang ka nako e telele, haholo-holo ha ba boloka lijo tse nang le asiti (tomato sauce; lamunu, tamati le lino tse ling tse entsoeng ka lero la litholoana; veine; le asene) . . . FDA e khothaletsa hore masea le bana ba se ke ba feptjoa ka libotlolo tsa bana tse entsoeng ka kristale ea loto . . . kapa lijana leha e le life tse ling tse entsoeng ka kristale ea loto.”
Ho thoe’ng ka libotlolo tsa veine tse koetsoeng ka foil ea loto ka holimo? Litsebi tse ling tsa bophelo bo botle li khothaletsa hore foil ena e tlosoe ka ho feletseng ’me, ka mor’a hore poropo e tlosoe, ho tšeloe marotholi a seng makae a veine leseleng ebe ho hlakoloa molomo oa botlolo ka lona.
Bo-’mè ba malapa, na le sebelisa mekotlana ea lipolasetiki tsa bohobe ka makhetlo a mangata bakeng sa ho boloka lijo? Bafuputsi ba hlokometse litekanyo tse phahameng tsa loto enkeng e sebelisitsoeng ho ngola mekotlana ea polasetiki, e ka tsoelang lijong tse ling. Loto ha e phunyeletse le polasetiking e be e silafatsa bohobe bo ka hare; leha ho le joalo, ha moreki a hlanolela mokotla oa polasetiki, enke e nang le loto e ka baka tšilafalo. Haeba mokotlana oa polasetiki o sebelisoa hape, tiiseha hore mongolo oa enke o leng mokotlaneng oa polasetiki ha o thetse lijo.
Qetellong, makasine oa Discover o fana ka mantsoe ana a keletso: “Batho ba etelang mose ho maoatle, haholo-holo ba eang linaheng tse Tsoelang Pele Moruong, ba lokela ho hlokomela lijana tsa letsopa; glaze ea tsona e nang le loto e ka ’na ea ba ha ea besoa ka mollo o nang le mocheso o phahameng o hlokahalang bakeng sa ho thibela ho eboha, ho khephoha le hore mafoforetsane a loto a ka tsoela lijong.”
Boloka ho Leka-lekana
Tataiso e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola nakong eo re nahanang ka sena kapa hoo e ka bang bothateng bo bong le bo bong ba tikoloho bo tšoenyang: Boloka ho leka-lekana. Ho bonolo haholo ho ferekana, ’me le ka mohla pherekano ha e thuse. ’Nete e soabisang ke hore tikoloho ea rōna e silafalitsoe ke lintho tse ngata ka ntle ho loto. Ho phela bophelo boo ha ho bapisoa bo lokolohileng tšilafalong, mohlomong re ka tlameha ho fallela sebakeng se seng se hōle haholo. Empa ke mang ea batlang ho itšehla thajana feela hore a qobe tšilafalo? Katamelo e le ’ngoe e leka-lekaneng mathateng a joalo ke ho nka mehato leha e le efe e utloahalang e hlokahalang hore re sireletse rōna le bana ba rōna kotsing ena e tebileng. Tšireletseho e feletseng tšebelisong e mpe ea motho ea lintho tse hlahisoang ke lefatše e tlameha ho tla hamorao.
’Me e tla fela e tle! Na ua tseba hore ’Mōpi oa planete ee o tšepisa nako eo ka eona batho ba tla etsa boiteko ba ho e fetola paradeise? Motho ha a sa tla hlola a jala tšilafalo kae kapa kae. Esaia 11:9 (NW) e phaella ka tšepiso ena: “[Batho] ha ba sa tla hlola ba etsa ntho e kotsi kapa hona ho baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ruri lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a tletse leoatle.” Ha ho pelaelo hore “tsebo ea Jehova” e tla akareletsa kutloisiso ea tsela ea ho sebelisa lintho tse ngata tse hlahisoang ke planete ena ka tsela e sa ntšeng bana kapa batho ba baholo kotsi—leha e le mang kapa mang.