Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
SECHABENG sa kajeno, ba bangata ba jeoa ke bolutu. Bo ama batho ba lilemo tsohle le ba merabe eohle, ba maemo ’ohle le ba malumeli ’ohle. Na u se u kile ua jeoa ke bolutu? Na hajoale u jeoa ke bolutu? Ha e le hantle, kaofela ha rōna re kile ra ba le nako eo ka eona re batlang ho ba le botsoalle le ba bang—motho ea ka re mamelang, ea ka re khothatsang kapa mohlomong ea ka lumellanang le maikutlo a rōna, kapa menahano ea rōna le ho re utloisisa. Re hloka motho ea ka nahanelang maikutlo a rōna.
Leha ho le joalo, ho ba mong ha ho bolele hore motho o jeoa ke bolutu. Motho a ka ba mong nako e telele empa a ntse a thabela lintho tseo a li etsang, ho hang a sa ikutloe a jeoa ke bolutu. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba sitoang ho mamella ho ba bang. The American Heritage Dictionary e re: “Ho ba mong ho bolela feela ho ba thōko le ba bang empa eseng hakaalo hore motho ha aa thaba. . . . Ho jeoa ke bolutu hangata ho bolela hore motho o lemoha bohloko ba ho ba mong . . . Ho hlora ho tsamaea le takatso e matla ea ho ba le botsoalle,” ke ho re, boemo boo ho bona motho a hlonamang, a sareloang, kapa a tepellang. Motho o lakatsa ho tšelisoa ke botsoalle ba ’nete le bo lerato e le hore a ka boela a thaba. Ntlha ea ho qetela, ho ba pulumo ea seema nosi ho hlalosoa e le boemo boo “hangata bo kopanyang tlhaloso ea ha motho a jeoa ke bolutu le ea ho hlora . . . Leha ho le joalo, hangata bo tsamaea le ho itšehla thajana ha motho.”
Ho jeoa ke bolutu ke maikutlo a matla, ’me a ka ba bohloko haholo. Motho o ikutloa a le lephaka. O ikutloa a beheletsoe ka thōko, a qheletsoe thōko le batho ba bang. Re ka pepesehela litlhaselo habonolo le ho lula re tšohile. Na u se u kile ua ikutloa ka tsela ee? Ho jeoa ke bolutu ho bakoa ke eng?
Mathata le maemo a ka ama batho ka tsela e sa tšoaneng. Mohlomong u ikutloa eka lithaka tsa hao li u lahlile ka lebaka la chebahalo ea hao, morabe, kapa bolumeli ba hao. Ho fetoha ha tikoloho—joaloka ho ea sekolong se secha, ho qala mosebetsi o mocha kapa ho fallela motseng o mocha, toropong kapa naheng e ncha—ho ka etsa hore u ikutloe u jeoa ke bolutu hobane u tlameha ho siea metsoalle ea hao. Ho shoelloa ke motsoali kapa molekane oa lenyalo ho ka baka bolutu, mohlomong ka lilemo tse ngata. Hape, ha re ntse re hōla, metsoalle ea rōna le batho bao re ba tloaetseng ba ka fetoha, ba fokotseha kapa ba nyamela.
Hase kamehla lenyalo le bolelang hore motho o lokolohile bothateng ba ho jeoa ke bolutu. Ho se utloisisane le ho se tšoanelane ho ka baka khatello e ka etsang hore motho a hloke botsitso ’me ho ka ba ha fella ka hore motho a itšehle thajana ho molekane oa hae le ho bana ba hae. Empa, ntle le bolutu bo bakoang ke lefu la motho ea ratoang, tlhalo kapa ho hlokomolohuoa ka tsela ea sebele kapa maikutlong, ho na le mofuta o mong oa bolutu bo ka re amang ka ho teba haholo. Sena se etsahala ha kamano ea rōna le Molimo e fokotseha ’me re ikutloa re le hōle le eena.
Na u kile ua ba boemong bo bong ho aa a boletsoeng ka holimo? Na hoa khoneha hore motho a loantšane ka katleho le bolutu?
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Liphetoho bophelong, ebang ke ho ea sekolong se secha kapa ho lahleheloa ke molekane, ho ka bakela motho bolutu