Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 maq. 30-31
  • Litlou—Na ke Metsoalle Kapa Lira

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlou—Na ke Metsoalle Kapa Lira
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leeto la Rōna Ghana
    Tsoha!—2001
  • Puo ea Liphoofolo—Liphiri Tsa Puisano ea Liphoofolo
    Tsoha!—2002
  • Tsamaea le Rōna Leetong la Rōna ho Nyolosa Nōka ea Chobe
    Tsoha!—1990
  • Se Hlokahalang Hore Motho a Tsamaise Tlou
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 maq. 30-31

Litlou—Na ke Metsoalle Kapa Lira

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

LITLOU li talingoa e le tsa bohlokoa ka mabaka a fapaneng ebile li hloiloe ka mabaka a mang. Ho batho ba bang litlou ke basebetsi ba bohlokoahali, ba ipabolang ka ho hula likoqo tsa lifate tse khōlōhali le ho li beha hantle ka mela. Ba bang ba talima litlou e le tsa bohlokoa ka lebaka la mekali ea tsona, letlalo, le nama. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba li talima feela e le tšokelo naheng le lijalong tsa bona.

Leha ho le joalo, bafuputsi ba bangata ba talima litlou e le tsa bohlokoa ka lebaka la litsela tsa tsona tsa ho thabisa. Cynthia Moss o ile a qeta lilemo tse 13 a ithuta litlou serapeng sa liphoofolo tse hlaha sa Amboseli, Kenya. Bukeng ea hae Elephant Memories, oa ngola: “Ke bone litlou tse khōlō tse tšehali tse hlomphehang li etella pele malapa a tsona le ho a sireletsa ’me hape ke li bone ha li lahleheloa ke hlompho eohle li matha li bapala ebile li pepile machoba mekokotlong ea tsona ’me mahlo a tsona a bontša bohlaha.”

Daphne Sheldrick oa Kenya o ile a hōlisa litlou tse ngata tsa likhutsana ’me a li lokolla ho khutlela naheng. Puisanong le makasine Getaway, o ile a hlalosa: “Litlou tse nyenyane kaofela tse kenang li na le mekhoa e fapaneng, joaloka bana ba batho feela. . . . Li batla li na le moea oa ho hlōlisana, li ba mōna ’me ha u li khalemela li ka ’na tsa koata. . . . Tse ling tsa tsona li tla seba kapa ho se utloe ka boomo. Re tlameha ho li khalemela, feela joalokaha u khalemela bana ba batho.” Ntle le ho ba tse thabisang, litlou li phetha karolo ea bohlokoa tlhahong. Lenane le lekaneng, le koaletsoeng sebakeng se itseng le eketsa ho atleha ha mefuta ea limela. Buka Elephants, Economics and Ivory e thathamisa mesebetsi e meng ea bohlokoahali, joaloka ho bula makhulo a macha, ho qhalakanya lipeō, le ho fokotsa “ho ata ha tsetse fly.” Bangoli ba qetella ka ho re: “Litlou li na le karolo ea bohlokoahali eo li e phethang tikolohong ea joang le meru ea Afrika.”

Leha ho le joalo, haeba ho e-na le litlou tse ngata haholo, li senya limela. Ke moo li fetohang lira ho batho ba bang. Ka lebaka lena, ka mehla ba paballo ea lihloliloeng ba bolaea tse eketsehileng kapa tse fokolang ho fokotsa lenane la litlou libakeng tse ling tseo li koaletsoeng ho tsona. Likarolong tse ling tsa Afrika moo litlou li ntseng li e-na le sebaka se seholo, ha ho e-s’o reteleheloe mokhoeng oa ho li bolaea. Sena se na le melemo. Makasine New Scientist o hlalosa hore: “Serapeng sa liphoofolo tse hlaha sa Amboseli, Kenya, moo litlou li sa bolauoeng, litlou li itsamaela ka bolokolohi har’a batho ’me ha li bontše ho ba tšaba.”

Bo-rasaense ba ntse ba sebeletsa ho fumana mekhoa e meng ea ho fokotsa sekhahla sa ho tsoala ha litlou. Ho sa le joalo, ha motho a ntse a ithuta ho eketsehileng ka litlou, ntle ho pelaelo o tla fumana mabaka a eketsehileng a ho li talima e le metsoalle.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Animals/Jim Harter/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela