Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 8/8 maq. 27-30
  • Tsamaea le Rōna Leetong la Rōna ho Nyolosa Nōka ea Chobe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaea le Rōna Leetong la Rōna ho Nyolosa Nōka ea Chobe
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Talimang Kubu e Matla!
    Tsoha!—2003
  • Litlou—Na ke Metsoalle Kapa Lira
    Tsoha!—1994
  • Leeto la Rōna Ghana
    Tsoha!—2001
  • Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 8/8 maq. 27-30

Tsamaea le Rōna Leetong la Rōna ho Nyolosa Nōka ea Chobe

KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

RE PALAME sekepe Nōkeng ea Chobe bohareng ba Afrika e ka boroa. Sehlohlolo sa leeto la rōna la phomolo se fihlile. Re mametse ha metsi a qaphaletsa sekepeng ha bapalami ba bang ba ntse ba palama. Lebōpong, lehlaka la nōka le ne le toebesela moeeng o pholileng ho re amohela. Re ne re thabetse maru a neng a re thibeletse letsatsing le chesang la Afrika.

Jill, motsamaisi oa mosali oa likamano tsa sechaba oa hotele e hlophisitseng leeto lena o re: “Ke tšepa hore litlou li tla tla noa metsi joaloka tloaelo thapameng ena.” Le rōna re ile ra tšepa joalo. Nōka ea Chobe e tsebahala ka litlou tsa eona. Ka leboea ho Botswana, moo e leng moeli oa Nōka ea Chobe, ho lekanyetsoa hore ho na le litlou tse ka bang 45 000—e leng litlou tse ngata ka ho fetisisa Afrika e ka boroa. Jill oa hlokomelisa: “Empa ka lebaka la lipula tsa haufinyane tjena, e se e le matsatsi a mararo re sa bone litlou.”

Leha ho le joalo, Nōka ea Chobe e boetse e na le lintho tse ling tse ngata tse khahlisang. Mokekeng o ka sekepeng re ile ra bona litlhapi tse ’nè tse shoeleng. Rainford, motsamaisi oa sekepe sa rōna sa Botswana oa bolela: “Ka mehla re fumana liinoli tse emetseng hore litlhapi li akheloe ka metsing.” Na re tla atleha ho tšoantša e ’ngoe ea linonyana tsena ha e ubella ho inola lijo? Thabo ea rōna e ile ea eketseha ha sekepe se seng sa baeti se bitsoang The Fish Eagle se feta. Lebitso la sekepe sa rōna ke Mosi-Oa-Tunya, e leng lebitso la Seafrika bakeng sa Liphororo tsa Victoria. Nōka ea Chobe e kopana le nōka e khōlō ea Zambezi liphororong tse tsebahalang, tseo e leng leeto la hora ho tloha mona.

Kea u tiisetsa, hang ha Mosi o tloha lebōpong, re ile ra bona litlou ka sebonela-hōle. Empa ha re sa ntse re le hōle joalo, li ile tsa khutlela morung. Sandy ea neng a re tsamaisa oa hopola: “Ho fihlela libekeng tse tharo tse fetileng, re ne re bona mohlape oa tse makholo.” Joale ra haptjoa ke litholo tse tšeletseng tse re makaletseng lebōpong la nōka. Hangata ha koloi e atamaela linyamatsane tsena li ea baleha. Sandy o re: “Ho bonahala li sa tšabe sekepe.”

Molumo o bonolo oa maebana-khoroana o sitisoa ke molumo o phunyeletsang. Ke nonyana ea mofuta ofe eo? Dr. Anthony Hall-Martin oa hlalosa bukeng Elephants of Africa: “Molumo oo o khethehileng oa seinoli sa Afrika, ke tšobotsi ea nako le nako ea Nōka ea Chobe.” Linonyana tse ’nè tsena li re talimme li le lifateng tse entseng mokoloko pel’a nōka. Kapele-pele re ile ra lokisa lik’hamera tsa rōna ha Sandy a li akhella tlhapi. Nonyana ea pele e ile ea tloha moo e lutseng ea tla ho rōna. Re ile ra utloa ho khaphatseha ha metsi ha nonyana ena e penya tlhapi ena ka manala. Joale, ka mapheo a eona a matla, nonyana ena e tsoa ka metsing ’me e siea molumo o moholo—WHOW-kayow-kwow. Re ile ra makatsoa ke tšebetso ea mahlo, manala, lentsoe le mapheo tse laoloang ke boko bo bonyenyane ba ntsu. Sekepeng ho khutsitse tu!, ka ntle ho molumo oa lik’hamera tse nkang litšoantšo, ha ketsahalo ena e khahlisang e phetoa ka makhetlo a mang a mararo.

Ha sekepe se ntse se tsamaea, re ile ra bona sehlopha sa litlou tse 26 hammoho le manamane a tsona li bapala ka metsing. Ho li shebella ho re hopotsa mantsoe a Bruce Aiken bukeng ea hae The Lions and Elephants of the Chobe: “Hang ha lenyora la pele le tinngoe, litlou tse khōlō li sebelisa mekali ea tsona ho itšela ka metsi a pholileng. Tse ling, haholo-holo tse khōloanyane le lipohoana, li ka ea nōkeng le ho ea sesa, hangata ho hlahelletse lintlha tsa mekali ea tsona feela hore li tsebe ho phefumoloha ha li le ka metsing. Leha ho le joalo, ha ho tse ithabisang haholo joaloka manamane. Mona ke moo ho simollang nako ea papali, ’me li lelekisana li sa khaotse . . . Lenyora le tinngoe, joale ke nako ea mosebetsi o mong o ratehang, ho ipitika seretseng. . . . Haufinyane litlou tse khōlō tseo lentsoe la tsona le haheloang lesaka, li etsa qeto ea hore joale ke nako ea ho tsamaea.”

Ka masoabi ho atamela ha sekepe sa rōna se mekato e ’meli ho etsa hore “litlou tse khōlō” li ikutloe li sa lokoloha, ’me li etsa hore mohlape o tsamaee pele re nka litšoantšo.

Letsatsi ha le e-s’o likele ’me Nōka ea Chobe e na le limakatso tse ling. Ka baka la lerōle le hlahang libakeng tsa Lehoatata la Kalahari, ho likela ha letsatsi ho haola le nōka ke ho babatsehang. Mantsiboea ke nako ea hore likubu tse botsoa li qale ho sisinyeha ha li itokisetsa ho tsoa metsing hore li il’o ja lefifing. Mona sekepe sa rōna se seholo ha sea sireletseha. Rainford oa bolela: “U ka atamela kubu ntle le ho tšoha.”

Molumo o matla o tsebahatsa ho fihla ha rōna letšeng la likubu le leng sehleke-hlekeng ka nōkeng. Likubu li ’nile tsa hlahella ka bonngoe ka mahlakoreng ka bobeli. Ka tšohanyetso, likubu tse peli tsa tjamelana ka melomo e bulehileng—melomo ea tsona e meholo hoo motho a ka fellang ka har’a eona. Joale, metsing a sa tebang haufi le sehleke-hleke, kubu e ’ngoe e tla e re tobile—ea atamela hoo ’mele oa eona o moholohali o ileng oa tlala lens ea k’hamera ea rōna. Ha metsi a ntse a teba haholoanyane, hlooho ea eona ea likela, ha sala feela karolo e ka morao e hlahelletse. Joale, ka mor’a ho ntša moea matšoafong, ’mele ona o moholohali oa teba.

Re ile ra makala ho utloa hore ho sa tsotellehe boima ba kubu ba litone tse ’nè, e sesa habonolo ka metsing. “E tseba ho sesa ka potlako ho feta litlhapi tse ngata ho sa tsotellehe ’mele oa eona o boima ’me hangata e ka bonoa metsing a hlakileng moo e sesang habonolo,” ho bolela Bradley Smith bukeng ea hae The Life of the Hippopotamus. Mohlomong ha li rata, likubu li sebelisa maoto a tsona a matla ho thenthetsa nōkeng e tebileng. Ho joalokaha ’Mōpi oa motho a bolela:

“Talima joale Behemothe [kubu], eo ke e entseng joale ka ha ke u entse. E fula joang joaloka khomo. Bona, joale, matla a matheka a eona, le bothata ba mesifa ea mpa ea eona. Bona, linōka leha li ka tlala, ha e tšohe letho; e ke ke ea makala, leha Jordane e ka khokoloha holim’a hloho ea eona.” (Jobo 40:15, 16, 23) Ha e le mona re lika-likelitsoe ke mehlala e tšosang ea “matla,” re bona bohlokoa ba ho bontša Ea li entseng tlhompho. Ha Jehova Molimo a re hopotsa ka mefokolo ea rōna ea botho oa botsa: “Na u tla leka ho e tšoara, e falimehile, kapa u e phunye nko, u tle u e holehe na?”—Jobo 40:24.

Kaha joale re talimme ho likela ha letsatsi ho babatsehang le likubu, re ne re sa lakatsa ho tsamaea ha nako ea hore sekepe se tsamaee e fihla. Hamorao, mokhoroaneng oa rōna o pel’a nōka, re ile ra boha ka thabo ha ’mala oa leholimo o fetohang ho ba mosehla ’me ’mala ona o ne o bonahala hantle ka metsing. Re ile ra makatsoa ke lintho tse thabisang tseo re li boneng le ho li utloa. “Haeba ka sebele u rata ho tloaela bophelo ba liphoofolo, u lokela ho sebelisa sekepe se senyenyane,” ho hlokomelisa Sandy. Re ile ra etsa qeto ea ho mamela keletso ea hae ’me ra hira se seng thapameng ea letsatsi le latelang.

Nakong ena re ile ra tloaela bophelo ba liphoofolo ka ntle ho likubu tse kotsi, ’me ra tseba le ho tšoara lehlaka la nōka le mehalalitoe. Re ile ra shebella ha liinoli li fofa ka ho sa khathaleng holim’a metsi ha li ntse li batla litlhapi tse nyenyane. Linonyana tse ling tse mebala li fofa ka holim’a rōna, liinoli tse sootho, tse jang likokoanyana, le mafokotsane. Joale ho na le linonyana tse khōloanyane tse thabelang tšireletseho lihleke-hlekeng joaloka—mafaloa, li-jacana, li-cormorant, le mehololi, ha re bolela tse ’maloa feela. Re ile ra feta kutu ea sefate e batlileng e teba e tletseng tse ling tsa linonyana tsena.

Qetellong, ra fihla moo re ileng ra bona mohlape oa litlou teng maobane. Lekhetlong lena re ile ra fumana poho e le ’ngoe e re hlokomolohang le ho tsoela pele ho noa metsi le ho fula. Joale, ha re se re tsamaea, ha hlaha tlouhali e tsamaea le manamane ho tsoa morung. E ile ea tsila-tsila ha e re bona. Re ile ra ema re na le tšepo. Na e tla tla kapa che? Ka thabo, ea etsa qeto ea ho ipeha kotsing ka ho atametsa manamane a eona. E bile ntho makatsang hakaakang ho talima ’mè le namane li matha li re lebile!

Aiken o boetse o bua tjena ka litau le litlou bukeng ea hae: “Ho bonolo ho inahanela ka lenyora leo liphoofolo tsena tse khōlō li tlamehang ho le utloa letsatsi le letsatsi . . . ha li tsamaea leeto le lelelele ho ea nōkeng. Li tsamaea ka matla le ka potlako kamoo li ka khonang, mohlape o tla hlaha morung ’me o tobe sebakeng seo li noang ho sona se ka bang limithara tse 50 kapa 100 ha li fofonela metsi a phelisang.” Ka sebele, re ile ra talima ka makalo e khōlō ha litlou tse tharo li eme moleng ’me li noa metsi ’me lelinyane le sirelelitsoe bohareng. Empa ho ne ho se ho phirima, ’me re ne re lokela ho khutla pele ho fifala.

Ka ntle ho litlou, re ile ra bona nare, likoena, li-puku, litholo, letsa, tšepe, litšoene, le likolobe-moru. Re ikutloa re na le kananelo e tebileng ho Ea entseng mefuta e mengata hakaana ea liphoofolo tse hlaha ’me a entse hore li be teng libakeng tse ratehang joalo. Nakong ea komello, linonyana le liphoofolo li tla nōkeng ka bongata ’me ho ka bonoa litau le mangau le litšukulu.

Le hoja mohlomong u lula hōle le karolo ena ea Afrika, empa re tšepa hore ka ho tsamaea le rōna leetong la rōna, u utloisisa hamolemo lipono tse babatsehang tse letetseng ba tla haola nōkeng ea Chobe.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

Litšoantšo tsohle tsa lehong: Animals: 1419 Copyright-Free Illustrations of Mammals, Birds, Fish, Insects, etc. ka Jim Harter

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela