Leeto la Rōna Ghana
Ka mongoli oa Tsoha! Ghana
HA LEFIFI le moholi li suthela khanya ea meso, re ntse re tsamaea butle tseleng ea kerabole, lik’hilomithara tse fetang 80 ho ea Serapeng sa Liphoofolo sa ’Muso sa Mole, Karolong e ka Leboea, Ghana. Ponahalo ea naha e tletse haholo ka joang, lihlahla le lifate tse khutšoanyane. Nako le nako re feta motse o monyenyane oa mekhoro ea mobu e ruletsoeng ka joang.
Ho na le phapang e kaakang ha re fihla Damongo, toropo e ka thōko e phetheselang, e nang le mabenkele, ’mila oa sekontiri le sepenya sa sephethephethe! Tseleng, ke bana ba apereng junifomo e bosehla bo thothofa le bosootho, ba eang sekolong. Basali ba apereng liaparo tse mebala-bala ba roetse lintho tsa mefuta-futa hloohong—patsi, lijo le linkho tse tletseng metsi. Ho luma likoloi le literekere, ’me libaesekele lia feta. Re saletsoe ke lik’hilomithara tse 20 ho ea fihla moo re eang teng.
Ha re le Serapeng sa Liphoofolo sa Mole
Qetellong re fihla serapeng sa liphoofolo. Ho latela motho ea re bontšang sebaka, e leng Zechariah, Serapa sa Liphoofolo sa Mole se ile sa thehoa ka 1971 ’me se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 4 840. Ho ’nile ha tlalehoa mefuta e 93 ea liphoofolo tse anyesang, mefuta e 9 ea liphoofolo tse khonang ho phela ka metsing le ka ntle ho metsi le mefuta e 33 ea lihahabi serapeng sena. Tsena li akarelletsa litau, mangau, mafiritšoane, liqoabi, litlou, likhama, linare, likolobe-moru, linone, litšephe, mechalla, lipulumo, mesha, litšoene ka mefuta ea tsona, matsa, linōkō, likoena le linoha, ho kopanyelletsa le litlhoare. Ho phaella moo, ho ’nile ha bonoa mefuta e fetang 300 ea linonyana sebakeng sena.
Re ntse re fohla joang bo re khutlang mangoleng, re phoka monoang o lapileng, ’me ka potlako re fihla haufi le mohlape oa matsa. Pele, ho thata ho li bona kaha ’mala oa tsona o lumellana le sebaka seo li leng ho sona. Ha re ntse re li shebile, le tsona li re shebile ka hloko, li re khahlehela ka tsela eo le rōna re li khahlehelang ka eona. Ha re li nka litšoantšo, re tšosoa ke ho kurutla ho ka letsohong la rōna le letona. Letsa le leholo le letona le mathela lihlahleng tse ka pele kahobane le nyatsa ho kena-kenana ha rōna le boinotši ba lona.
Joale re bona litlou tse ’nè tse khōlō tlas’a sefate sa setonanahali. Li rutla makala ka mekali ea tsona ’me li hlothe makhasi a bonolo. Rea li atamela ’me ha re le haufi ka limithara tse leshome, Zechariah o re khothalletsa hore re nke litšoantšo. O patlotsa kutu ea sethunya sa hae, ’me ho ba le lerata la tšepe le etsang hore litlou tsena li suthele thōkoana le sefate ’me re fumana monyetla oa ho nka litšoantšo tse ntle le ho feta. Haufi le moo, litlou tsena li fumana qhafutso ’me li tola ho eona. Zechariah o hlalosa hore ’mala oa litlou oa fetoha—ho tloha ho oa tlhaho o motšo ho ea ho o mofubelu kapa o mosootho—ho ea ka hore na li tola seretseng sa ’mala ofe.
Re fetela pejana ’me re bona ka ho feletseng ponahalo ea serapa sena sa liphoofolo. Limela tsa sona li akarelletsa lifate tse ntle tsa leoka le tsa shea. Ha re khutla, re tsamaea ka tsela eo litlou li tsamaileng ka eona. Li ntse li le thōkoana ho rōna, empa tlou e khōlō ho tsona e qahamisa litsebe, e ema ka tsela ea ha e loana ’me e tla e re tobile. Na e tlil’o hlasela?
Zechariah o re bolella hore re se ke ra tšoenyeha, empa ka nako e tšoanang, o theola sethunya sa hae lehetleng ’me o re tsamaisa ka tsela e fapaneng le eo litlou li e khethileng. Re tsoela pele ho tsamaea, eena a tšoere sethunya—rōna re tšoere lik’hamera tsa rōna—re le malala-a-laotsoe bakeng sa ho li sebelisa. Ka potlako, ha re sa le moo litlou li re bonang.
Zechariah o hlalosa hore litlou tsa serapeng sena li tloaetse batho hoo tse ling tsa tsona li atamelang haufi le bona. Ha litlou li ntse li bonoa hangata, batho ba bontšang sebaka ba qala ho li reha mabitso. E ’ngoe ba e bitsa Kuru hobane e e-na le kuru e khōlō letlalong. Tlou e ’ngoe ba e bitsa Moferefere hobane e ne e tloaetse ho tšosa baeti.
Ka mor’a moo, re kopana le litšoene tse ngata. Re li shebella ha li ntse li iteketlisa lifateng kapa li matha fatše. Motho ea re tsamaisang o re bontša tšoene e tšehali e nkileng malinyane a mabeli, le leng e le pepile, le leng e le behile sefubeng. O hlalosa hore malinyane ao ke mafahla.
Ka sebele re bone mefuta e mengata ea liphoofolo tse hlaha kajeno. Zechariah o re bolella hore ho bona liphoofolo tse hlaha nakong ea ha pula e sa ne—lipakeng tsa April le June—motho o lokela ho ema pel’a moo metsi a leng teng, kaha li tla tla ka mohlape o moholo ho tla noa. O boetse o re ho tsamaea serapeng sena ka koloi e hulang ka mabili a mane ho etsa hore motho a bone liphoofolo tse ling tse ngata, ho kopanyelletsa le linare le litau.
Joale ke nako ea lijo tsa motšehare. Ha re ntse re e-ja, tšoene e khōlō e lula nkong ea vene e pakileng haufi le koloi ea rōna ’me e tjamela lijo tsa ka e sa soabe le ho soaba. Litšoene tse ling lia feta, hammoho le matsa le likolobe-moru, ’me qetellong ho hlaha litlou tse ’nè ka holim’a leralla le haufi. Mohlomong re fumane tsela e bonolo ea ho nka liphoofolo tsena litšoantšo!
’Marakeng
Nako eo re e qetang Serapeng sa Liphoofolo sa ’Muso sa Mole e nyenyane haholo, empa joale re nka leeto la lihora tse peli tseleng ea kerabole ho ea Sawla, motse o ka ntle oo ho oona ho hahileng Malobi, moloko oa lihoai. Basali ba moloko ona ba na le moetlo o sa tloaelehang oa ho tomolla lipounama tsa bona. Le hoja matsatsing ana moetlo oo o ntse o fela butle-butle ha bananyana ba susumetsoa ke tsoelo-pele ea kajeno, basali ba bangata ba sa ntse ba le motlotlo ka boholo ba lipounama tsa bona. Ka sebele ke sesomo ho bolella mosali oa Molobi hore o na le molomo o honyetseng joaloka oa monna.
Re fihla motseng ’me re kena ’marakeng. Maphephe a teng a entsoe ka makala a lifate ’me a ruletsoe ka joang. Ho na le monna oa lekhooa ea emeng ’marakeng mona ka har’a Maafrika. Re buisana le eena ’me re fumana hore o sa tsoa fihla sebakeng sena ho tla fetolela Bibele ka Selobi. O lula motseng o haufi har’a Malobi e le hore a ka ithuta ho bua puo ea ’ona hantle. Ke hopola Robert Moffat ea ileng a kena tšebetsong har’a Batswana Afrika e ka boroa lekholong la bo19 la lilemo ’me a fetolela Bibele ka puo ea bona.
Mosali oa Molobi ea tomolotseng lipounama o lutse bencheng e ’ngoe maphepheng ana a ’maraka. Lithutsoana tse peli tse tšoeu, tse boholo ba lenala la monoana o motona, li kentsoe masobeng a puonama ka ’ngoe. Nka rata ho mo nka setšoantšo empa hang ha a bona ke phahamisa k’hamera ea ka, oa furalla. E mong oa bao ke tsamaeang le bona o ntlhalosetsa hore Malobi a boholo-holo a lumela hore meea ea ’ona e ka ameha hampe ha motho a ka a nka foto.
Ha re le tseleng e khutlelang Sawla, moo re tla robala teng, ke nahana ka bohlale le ho fapa-fapana ha pōpo eo re e boneng ea Molimo. O bōpile liphoofolo le batho ka tsela e bontšang tsebo. Ho joalokaha mopesaleme a itse: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.
[’Mapa o leqepheng la 24, 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GHANA
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Kolobe-moru
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lefiritšoane
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Tlou
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Likubu
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sehlopha sa matsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Tšoene e tšehali e nkile malinyane a mabeli
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Pulumo
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
’Marakeng