Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 maq. 12-13
  • Ho Tsuba Glue—Na Nka Tsoa Kotsi ke Hona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsuba Glue—Na Nka Tsoa Kotsi ke Hona?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefu la Tšohanyetso
  • Tšilafatso ea ’Mele le Likotsi tse Ling
  • U Se Ke Ua Ho Leka!
  • Meriana ea Ngakeng—ho e Sebelisa Hantle le Hampe
    Tsoha!—2009
  • Bacha le Lithethefatsi
    Tsoha!—2003
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 7/8 maq. 12-13

Ho Tsuba Glue—Na Nka Tsoa Kotsi ke Hona?

“HO MONATE—ho tšoana hantle le ho shebella litšoantšo tsa metlae.” Ho rialo Sveta, ngoanana ea lilemo li 13 oa Moscow, Russia.a Empa Sveta ha aa thabela baesekopo kapa video ea morao-rao. O hlalosa phihlelo ea hae ea mofuta o itseng oa sethethefatsi o tummeng har’a bacha ba likete lefatše ho pota—ho tsuba glue.

Leha ho le joalo, glue ke ntho e le ’ngoe feela har’a tse ngata tseo bacha ba li tsubang. Ka mohlala, Brithani lintho tse nkhisang moea hamonate, mokeli-keli oa ho hotetsa mollo, le “lintho tse ling tse 20 ho isa ho 30 tse sebelisoang ka tlung . . . li sebelisoa hampe,” ho ea ka makasine Young People Now. Sena se akarelletsa “linyanyatsi tsa ho thethefatsa bohloko, mafura a ho tlotsa thepa ea ka tlung, le thepa ea ho lokisa mabili a phunyehileng.” Koana, ebile bacha ba bang ba tsuba mosi oa litima-mollo! Ka lebaka leo ho loketse ho bitsa mokhoa ona o nyontšang empa o tumme “tšebeliso e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang” kapa “tšebeliso e mpe ea mekeli-keli e monko o hahlamelang,” joaloka litsebi tse ling.

Ho sa tsotellehe hore na ba sebelisa hampe glue kapa mafura a ho tlotsa thepa ea ka tlung, ba tsubang ba batla liphello tse tšoanang. Ho latela mohloli o mong, ba batla “ho ba le ‘boikutlo ba ho nkeha’ kapa ‘boikutlo ba nyakallo’ bo tšoanang le ho tahoa ho bakoang ke tahi.” Lik’hemik’hale tse hlapollang li theko e tlaase ebile li fumaneha habonolo ho feta lithethefatsi tse kang cocaine. Kahoo makasine oa Brithani New Scientist o ile oa tlaleha: “Lik’hemik’hale tse hlapollang e boetse ke lithethefatsi tsa bafutsana, bacha le ba se nang letho: bana ba se nang mahae ba Guatemala le Maindia a Amerika Leboea, haesita le bacha ba lihosteleng le litšabelong tsa bosiu tsa ba se nang mahae Brithani.” Ba bang ba boholong ba lumela hore Brithani, mocha a le mong ho ba leshome ba banana kapa bashemane o kile a tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang. ’Me liphello li kotsi haholo.

Bukana Drug Misuse e hlalosa hore “mesi e hengoang ea lik’hemik’hale tse hlapollang e monngoa ke matšoafo ’me ka potlako e fihla bokong.” Lik’hemik’hale tse hlapollang li ama tsamaiso ea methapo e akaretsang boko, ’me joaloka tahi, li ka baka boikutlo ba nakoana ba ho nyakalla. Ho ba bang ba li sebelisang, li bile li hlahisa mefuta e fapaneng ea lipono tsa bohata tse tlang kelellong ka nakoana—’me hase tsohle tse monate joaloka tse hlalositsoeng ke Sveta qalong. Mocha e mong ea bitsoang David ea ileng a tsuba glue ha a le lilemo li 14 o re: “Ke ile ka bona likhoto tse ngata. Li ne li le likete—tse nyenyane li tsoa ho tse khōloanyane. Ke ne ke nahana hore li ja motsoalle oa ka.” Mocha oa Lejapane ea bitsoang Kazuhiko, ea ileng a qala ho tsuba glue ha a le lilemo li 17, oa hopola: “Ke ile ka bona lefatše le petsoha ’me liphoofolo li ntlhasela.”

Ha ho le joalo, ke hobane’ng ha ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang ho ipiletsa hakaale ho bacha ba bang? Lee, ea ileng a qala ho tsuba glue ha a le lilemo li 13, o re: “Ha e le hantle, lebaka leo batho ba ho etsang ka lona ke ho leka ho balehela lintho tsa sebele.” E, ho bacha ba bang, ho ba boemong ba ho nkeha bo hlahisoang ke lik’hemik’hale tse hlapollang ke tsela ea ho lebala mathata. Ba bang ba batla monyaka; ba nahana hore pono ea bohata e tšosang e tlang kelellong e tšoana le baesekopo e tšosang e monate. Lefapha la Bophelo la Ireland le re: “Mabaka a mang a akarelletsa ho batla ho tseba se eketsehileng, ho latela khatello ea sehlopha sa lithaka, teko ea ho fumana boemo, ho koala sekheo sa ho inka u le oa boemo bo tlaase le maikutlo a ho se felle.”

Lefu la Tšohanyetso

Ho sa tsotellehe ho ipiletsa ha hona, ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang ke tloaelo e bolaeang! Ka 1990 ho ile ha baka mafu a 149 Brithani, ’me ka linako tse ling ho bolaea ka mor’a metsotso e seng mekae. Ho bitsoa “lefu la tšohanyetso la ho tsuba.” Ka mohlala, Rachel o ne a tloaetse ho tšela mokeli-keli oa ho hlakola liphoso mochineng oa ho thaepa letsohong la seaparo sa hae ebe o o tsuba sekolong. Ka letsatsi le leng o ile a o tsuba ha a eta ka bese. O ile a theoha beseng eaba oa oela. O ile a phahama ka motsotsoana eaba o oela hape—a shoele! Rachel o ne a le lilemo li 15.

Ho tšosang ka ho khetheha ke taba ea hore lik’hemik’hale tse hlapollang li ka u bolaea ka lekhetlo la pele u li sebelisa hampe! Re-Solv, mokhatlo oa Brithani o thehetsoeng ho loantša tšebeliso e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang, e tlaleha hore “18% ea bohle ba bolailoeng ke tšebeliso e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang lipakeng tsa 1971 le 1989 e ne e le ‘ba tsubang’ ka lekhetlo la pele.” Ea monyenyane ka ho fetisisa ea ileng a shoa o ne a le lilemo li robong feela. Joaloka tšebeliso e mpe ea tahi, ho ka thoe tšebeliso e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang e loma ‘joale ka noha le ho hlaba joale ka marabe.’—Liproverbia 23:32.

Ba tsubang ba ka boela ba shoa e le phello ea likotsi tse hlahang ha ba le tlas’a tšusumetso ea lik’hemik’hale tse hlapollang. Ba bang ba ’nile ba oela mehahong kapa ba khangoa ke metsi. Ba bang ba ’nile ba akhehisoa le ho khangoa ke mahlatsa a bona. Ba bang ebile ba shoele e le phello ea ho tsuba ba ikhurumelitse ka polasetiki; ba ile ba tahoa haholo hoo ba ileng ba hlōleha ho ikhurumolla, eaba baa bipetsana. Athe ba bang ba ile ba cha ho fihlela ba e-shoa ha lik’hemik’hale tseo tse hlapollang li tuka.

Tšilafatso ea ’Mele le Likotsi tse Ling

Le hoja liphello tse tšabehang joalo li sa latsuoe ke bohle, setsebi se seng sea ngola: “Motho ea tloaetseng ho li sebelisa hampe oa tseba hore o ‘silafatsa’ ’mele oa hae ’me o utloa bohloko sefubeng, ho lahleheloa ke botsitso, ho tšoaroa ke hlooho, ho lahleheloa ke mohopolo le matšoao a mang a mangata ao a sa lumeleng habonolo hore a teng.” Lee (ea qotsitsoeng pejana) oa hopola: “Ke ile ka tšoaroa ke hlooho e bohloko ka ho fetisisa e kileng ea ntšoara bophelong ba ka.” Mokhatlo oa Re-Solv o re ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang ho ka boela ha ntša liphio le sebete kotsi, ho ka holofatsa kelello, ’me ho ka baka khatello ea maikutlo.

Ho boetse ho na le likotsi tsa boitšoaro. Litsubi tse ling li fetohile masholu hore li tsebe ho ntšetsa mokhoa oa tsona pele. Kapa nahana ka se ileng sa tlalehoa ho Daily Yomiuri ea Japane: “E mong oa bacha ba qoselitsoeng ho fenetha ngoanana ea lilemo tse ka tlaase ho 20 [o ile a re] o ne a sa khathatsoe ke letsoalo ha a bolaea ngoanana eo hobane o ne a le ka tlas’a tšusumetso ea [lik’hemik’hale tse hlapollang] ka nako eo.”

Qetellong, tšebeliso e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang e ka fella ka ho itšetleha ha maikutlo ka lik’hemik’hale tse hlapollang—bokhoba. Glasgow Herald ea Scotland e re: “Ba ileng ba sebelisa lik’hemik’hale tse hlapollang hampe ba ka etsang 10% ba ile ba fetoha litsubi tsa kamehla.” Sena se ka sitisa khōlo ea motho ea maikutlo le ea moea. Nahana ka mantsoe a Bibele a ho 1 Ba-Korinthe 14:20: “Le se ke la ba bana hlalefong, . . . ha e le hlalefong, le be banna.” Motho o hōla joang tabeng ee? Bibele e ea hlalosa ho Ba-Heberu 5:14: “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” Lekhoba le hlōleha ho hōlisa matla a lona a ho lemoha. Ho e-na le ho tobana le mathata, le leka ho a balehela ka ho ba molikoa-likoaneng o bakoang ke lithethefatsi. Makasine Young People Now o ile oa re litsubi tsa kamehla li “thibelloa bocheng—ha li khone ho fetela bothong bo boholo.”

U Se Ke Ua Ho Leka!

Mohlomong u tseba lithaka tse ling tse ileng tsa leka ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang, ’me ke ha tlhaho ho batla ho tseba se eketsehileng. Empa Bibele e re: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ke hobane’ng ha u ka batla ho leka ntho e silafatsang ’mele oa hao kapa e etsang hore u hlōlehe ho laola kelello ea hao, esita le ka nakoana? Keletso ea Lentsoe la Molimo ke hore re “falimehe.” (1 Ba-Thessalonika 5:6) Polelo ena ha e le hantle e bolela “a re hlaphoheloeng.” Ho e-na le ho silafatsa matla a hae a ho nahana a bohlokoa, Mokreste ka bohlale oa a sireletsa.—Liproverbia 2:11; 5:2.

Kazuhiko o re: “Ke ikoahlaea hore ke ile ka qala mokhoa oo.” Lee oa lumela, ’me o re: “Ke booatla. Ke ntho e kotsi haholo eo motho a ka e etsang.” Intše mahlomoleng a mangata le mesarelong, ’me u se ke ua leka ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang ho hang. Etsa seo Bibele e se bolelang: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa, empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.”—Liproverbia 22:3.

Leha ho le joalo, ho sebelisa keletso ena ho ke ke ha e-ba bonolo. Ho boleloa hore “khatello ea sehlopha sa lithaka” ke le leng la mabaka a tloaelehileng haholo le etsang hore bacha ba tšoasehe tšebelisong e mpe ea lik’hemik’hale tse hlapollang. David e mocha o re: “Moholoane oa ka o ile a etsa hore ke thahaselle ho tsuba glue.” Kazuhiko oa eketsa: “Metsoalle ea ka e ile ea etsa hore ke qale ho e tsuba.” E, joalokaha 1 Ba-Korinthe 15:33 e bolela, “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Ke hobane’ng u ka lumella lithaka ho senya bophelo ba hao? Jehova Molimo, Ntate oa rōna oa leholimo, o khothatsa ka matla: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela.”—Liproverbia 1:10.

Ka bohlale, tsebisa batsoali ba hao haeba ba bang ba u beha tlas’a khatello ea ho sebelisa lithethefatsi. Ba ka thusa ho matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho hana. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u kene tekong ea ho leka ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang hobane u ikutloa u le tlas’a khatello kapa u sithabelitsoe ke mathata. Mokhoa o molemo ho feta oa khatello ke ho bua ka mathata a hao le batsoali ba hao kapa motho e mong e moholo ea hōlileng tsebong, ea nang le kutloelo-bohloko. U hloka tataiso, eseng ho baleha ho bakoang ke lithethefatsi. U ka boela ua sebelisa monyetla oa thapelo ho u thusa ho tsoella. Mopesaleme o re: “Le itšepise ka [Molimo] ka mehla, le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona!”—Pesaleme ea 62:8.

Ho tsuba lik’hemik’hale tse hlapollang ho ka bonahala ho thahasellisa, empa ho ke ke ha rarolla mathata a hao. Ka sebele, ho ka senya bophelo ba hao. E-ba bohlale. Se ke ua ho leka le ka mohla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Se ke ua lumella khatello ea lithaka ho u hohella tloaelong e bolaeang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela