Matlo a Borena a ka Tlas’a Lefatše a Hlollang a Moscow
KA MONGOLLI OA TSOHA! RUSSIA
Ho Ne ho se thata ho nōha hore na seteishene sa ka tlas’a efatše, kapa Metro, se hokae. Mokoloko o sa khaotseng oa batho o ne o phallela sebakeng se kenang ka tlas’a lefatše. Ka holimo ho sebaka seo ho ne ho e-na le tlhaku M, e phatsima ka neon ea ’mala o mofubelu. Mamati a sebaka seo sa ho kena a ile a buleha ha ke atamela. Ka hare ke ne ke talimane le pono e tsosang thahasello ea ha batho ba ntse ba theosa le ho nyamela ka potlako joalokaha eka ba nyamella sekoting. Pele ke ile ka qea-qea. Eaba, hoba ke laole tšabo ea ka, ka latela.
Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ne ke le seteisheneng sa ka tlas’a lefatše. Eseng feela seteishene sa ka tlas’a lefatše—Metro ea Moscow! Empa lefatšeng leo motho a ka tsamaeang sebakeng, a arohanya athomo, esita le ho etsa tšebetso ea boko e rarahaneng, ke eng e khethehileng hakaalo ka seteishene sa ka tlas’a lefatše?
Tabeng ea pele, ke ne ke boleletsoe hore mohlomong Metro ea Moscow ke seteishene sa ka tlas’a lefatše se setle ka ho fetisisa lefatšeng. Joalokaha maele a Serussia a bolela, “ho molemo ho bona ntho hanngoe ka mahlo a hao ho e-na le ho bolelloa ka eona ka makhetlo a lekholo.” Ha ke le kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Moscow July e fetileng, ke ne ke laba-labela ho palama Metro.
Kamoo e Bileng Teng
Ka 1902 setsebi sa saense le moenjiniere oa Lerussia ea bitsoang Bolinsky o ile a etsa tlhahiso ea ho aha tsamaiso ea lipalangoang ea ka holimo ho lefatše e iphaphathang ka lerako la Kremlin ’me e potoloha setsi sa toropo. Empa lekhotla la toropo ea Moscow le ile la hanela merero ea ho ntšetsa pele tsamaiso eo ka nako eo. Lilemo tse leshome hamorao lekhotla le ile la qala ho nahanisisa ka khopolo eo—e ne e tla ba ea pele ea mofuta oa eona Russia—empa ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 ho ile ha sitisa ntšetso-pele e eketsehileng. Morero oo ha oa ka oa tsosolosoa ho fihlela ka 1931. Ke ha Komiti e Bohareng ea Mokha oa Bokomonisi ea Soviet Union e laela hore ho ahoe seporo sa pele sa naha se tsamaeang ka tlas’a lefatše Moscow. Kahoo Russia e ile ea e-ba naha ea bo11, ’me Moscow ea e-ba toropo ea bo17, ea ho kena tšebetsong e khōlō hakaalo ea kaho.
Metropolitan Subway ea Moscow e ile ea bula seporo sa eona sa pele, se ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 11, ka hora ea bosupa hoseng ka May 15, 1935, lilemo tse tharo feela ka mor’a hore kaho e qale. Literene tse ’nè li ne li tsamaea lipakeng tsa liteishene tse 13, ’me li ne li khona ho tsamaisa baeti ba ka bang 200 000 ka letsatsi. Baahi ba Moscow le baeti ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba hlolletsoe. Se ne se le secha, se sa tloaeleha! Linakong tsa mantsiboea batho ba ne ba etsa mola hore e be ba bang ba bapalami ba eona ba pele. E ne e le ntho e lokelang ho bonoa. ’Me ho ntse ho le joalo.
Ho tloha ka 1935 tsamaiso eo e ekelitsoe ho fihla ho liporo tse robong tse koahelang sebaka sa lik’hilomithara tse 200 tse nang le liteishene tse 149. Hoo e batlang e le mefuta e meng eohle ea tsamaiso ea sechaba Moscow, ho akarelletsa le boema-fofane le tsamaiso ea likepe, e batla e amana ka tsela e itseng le ho tsamaea ka Metro. Ha e le hantle, baahi ba Moscow ba ne ba sitoa ho nahana kamoo bophelo bo ka bang kateng ntle le Metro. Ke ho utloahalang, kaha letsatsi le letsatsi e tsamaisa kakaretso ea bapalami ba ka bang limilione tse robong, hoo e batlang e le palo ea baahi ba Finland e imenne habeli. Ha ho bapisoa, literene tsa ka tlas’a lefatše tsa London le New York City hammoho li tsamaisa hoo e ka bang halofo feela ea palo eo.
Ho Shebela Haufi
Na u lakatsa ho tseba se leng mekatong e 20 ka tlas’a lefatše? Litepisi tse tsamaeang ka motlakase li re isa tlaase ka potlako. Ke sete e le ’ngoe ea tse ka bang 500 tsa tsamaiso eohle, tseo haeba li ka kolohanngoa li ka fetang lik’hilomithara tse 50. ’Me ke boikutlo bo hlollang hakaakang, ho theosa motheo o etsang likhato tse 30 ka lebelo le batlang le etsa mithara ka motsotsoana—hoo e batlang e le lebelo la litepisi tse tsamaeang ka motlakase tsa linaheng tse ling le imenne habeli!
Re kene seteisheneng sa Mayakovskaya. Moralo oa sona o etsa hore re be le boikutlo ba ho ba ka tlung ea borena ho feta ho ba seteisheneng se ka tlas’a lefatše. Ke fumana ho le thata ho lumela hore re ka tlas’a lefatše. Nkile ka bona moralo o motle hakaalo ka seoelo ka holimo ho lefatše, ha re sa bolela ka tlas’a lefatše. Ha ho makatse ha pontšo ea meralo ea machaba e ileng ea tšoaroa lipakeng tsa 1937 le 1939 e ile ea abela likhau tse hlano ho liteishene tse hlano tsa Metro tsa Moscow, ho akarelletsa le sena. Hase liteishene tsohle tse bohehang tse 149 joaloka seteishene sa Mayakovskaya; boholo ba tse ncha bo batla bo le tlaasana ka boemo—empa li ntse li hlolla—se seng le se seng se ikhetha ka setaele le mofuta.
Hoo e batlang e le liteishene tsohle li bolela ho hong ka histori ea Russia. ’Mabole, letsopa, le lejoe la moralla li ile tsa tlisoa li e-tsoa likarolong tse 20 tse fapaneng tsa Russia bakeng sa ho sebelisetsoa mokhabiso. Kahoo, setšoantšo se hlalosang sebaka sena se re: “Naha eohle e ile ea kenya letsoho ho thusa ho aha Metro ea Moscow.” Ho ile ha sebelisoa lejoe la moralla bakeng sa ho khabisa fatše ka lebaka la bothata ba lona. Lebaka leo ke la bohlokoa ha ho talingoa bongata ba batho ba tlalang liteishene tsena letsatsi le letsatsi.
Ha re ntse re thabela botle ba ntlo ena ea borena e ka tlas’a lefatše, re hlokomela literene tse ntseng li feta ka lebelo le phahameng. Metsotsoana e ka bang 90 ka mor’a hore e ’ngoe e tlohe seteisheneng, mabone a terene e latelang a se a ka bonoa a atamela. Na literene li tsamaea tjee ka linako tsohle? Nakong ea sephethe-phethe se sengata, ho ba joalo. Ho seng joalo li tsamaea li sieana ka metsotso e meraro ho isa ho e mehlano.
Le pele re tsitsa litulong tsa rōna re utloa kamoo terene eo e nyollang lebelo kapele kateng. E feta ka lebelo le phahameng tonnorong e ka bang limithara tse tšeletseng feela ka bophara, ka linako tse ling e le ka lebelo le batlang le etsa lik’hilomithara tse 100 ka hora. Koana, motho a ka tsamaea bolelele ba Metro eo kaofela ka lihora tse tšeletseng! Baahi ba Moscow ba rata Metro e se feela hobane ke mokhoa o potlakang ka ho fetisisa oa ho tsamaea empa hape hobane o theko e tlaase ebile o mabotho-botho. July e fetileng, nakong ea kopano ea machaba ea Lipaki tsa Jehova, leeto la ho ea sebakeng leha e le sefe le ne le e-ja li-ruble tse leshome, tseo ka nako eo li neng li lekana le lisente tse tharo tsa Afrika Boroa.
Literene li sieana ka nako e nyenyane hoo u ka ipotsang hore na ho tla joang li tsamaee ka lebelo le phahameng joalo. Tlhaloso e bonolo. Tsamaiso ea taolo ea lebelo e itaolang e entsoe ka ho khetheha ho thibela likotsi. Tsamaiso ena e tiisa hore sebaka se lipakeng tsa literene ha se fete se ka hlokahalang ho emisa terene eo ha e tsamaea ka lebelo leo. Ka mantsoe a mang, terene e tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse 90 ka hora e atamelang terene e ka pele ka mokhoa o fetang sebaka se hlokahalang bakeng sa ho ema e qala ho theola lebelo ka tsela e itaolang. Ho feta moo, moqhobi oa terene e ka pele o hlokomelisoa ke ho lla ha tšepe. Ka ho hlakileng, tsamaiso ena e eketsa haholo tšireletseho ea ho tsamaea. Na ebe ke lona lebaka le etsang hore baahi ba Moscow ba tsamaeang ka Metro ba bonahale ba khutsitse ebile ba phutholohile? Bongata ba bona ba lula ka khutso ba bala, ho hlakile hore ba kholisehile hore ba tla fihla moo ba eang.
Mabone le Moea
Ka matjeke hoseng ho hong le ho hong, ha mechine ea motlakase e qala ho rora ’me mabone a likete tse makholo a qala ho khanya, batho ba limilione ba qala ho batla tsela matlong a borena a ka tlas’a lefatše a phetheselang moo literene tsa ka tlas’a lefatše tse 3 200 li tla bula le ho koala menyako ea tsona ka ho fapanyetsana letsatsi lohle. Sena sohle se khona ho etsahala ka thuso ea motlakase o mongata.
Tšebetso ena e hlahisa mocheso o mongata, oo, karolo ea oona, e monngoang ke lefatše le potolohileng. Empa ho thoe’ng ka mocheso o fetang tekanyo o ka etsang hore litonnoro le liteishene li futhumale ho feta tekanyo? Koana, joalokaha ho tšoanela matlo a borena, seteishene se seng le se seng se sebeletsoa ke tsamaiso ea ho laola mocheso le mohatsela e nchafatsang moea ka ho feletseng ka makhetlo a mane ka hora. Moea o hloekileng o fumaneha ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na Metro e tletse hakae. Ha e le hantle, tsamaiso ea ho laola mocheso le mohatsela ea Metro ea Moscow e nkoa ke ba bangata e le e molemohali lefatšeng.
Leha ho le joalo, nakong ea mariha mocheso ona oa thusa. Ntle le bakeng sa meaho le litsela tsa ho kena tse leng ka holimo ho lefatše, ha ho hlokahale tsamaiso ea ho futhumatsa. Literene, batho ba bangata, le lefatše ka bolona, ka mor’a ho boloka mocheso nakong ea selemo le lehlabula, li ntša mocheso o lekaneng ho boloka matlo ao a borena a ka tlas’a lefatše a futhumetse hamonate.
Thoriso ho Tsoa Hohle
Joalokaha ho ka lebelloa, bukana e hlalosang sebaka sena sa Metro e nang le litšoantšo e tšoloha thoriso: “Ke ka nepo Metro ea Moscow e talingoang e le e ’ngoe ea tse ratehang ka ho fetisisa tsa lefatše, eo liteishene tsa eona tse bohehang ka marang-rang a tsona a seporo, tsamaiso ea mehala, tsamaiso ea lipeipi le lik’hebole li bonahatsang motsoako a hapang thahasello oa mosebetsi oa matsoho o molemohali le bohlale ba boenjiniere. Ho feta ho ba liteishene feela, ena ke mesebetsi ea matsoho e ikhethang ea botle bo ke keng ba tšoantšoa le e ipiletsang e khabisitsoeng hantle ka ’mabole, lejoe la moralla, tšepe le lithaele, tse khantšoang ke mabone a moetso o sa tloaelehang, bobetli, mokhabiso oa majoe, ho bōptjoa, liphanele, khalase ea mebala le mekhabiso ea mosebetsi oa lesenke. Litsebi tsa ho etsa meralo tse hloahloa ka ho fetisisa le ba etsang lintho tsa matsoho,” ho akarelletsa le babetli, “ba ile ba kenya letsoho moralong le mokhabisong.”
Joale, ka mor’a ho etela Moscow ’me ke iponele Metro, nka lumela. Ba bangata ba neng ba le kopanong le ’na le bona ba ne ba hlolletsoe. Mojeremane e mong o ile a mpolella: “Ke ile ka ba le boikutlo ba hore ekare ke kene ka holong ea konsarete e nang le likandelare tse ntle. Ke ne ke nyakalletse haholo.” Moeti ea tsoang United States o ne a hlolletsoe ke ho ba nakong ha Metro, bohloeki, le tšebetso e molemo. ’Me ea neng a le kopanong ho tsoa Siberia e hōle o ne a makalitsoe ke boholo ba libaka tseo tse ka tlas’a lefatše.
Haeba u ka fihla Moscow, nka u khothalletsa hore u etele matlo ana a borena a ka tlas’a lefatše. Hopola: “Ho molemo ho bona ntho hanngoe ka mahlo a hao ho e-na le ho bolelloa ka eona ka makhetlo a lekholo.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Sovfoto/Eastfoto
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Tse seng kae tsa liteishene tse ntle tsa ka tlas’a lefatše tsa Moscow
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo credits (clockwise from top left): Laski/Sipa Press; Sovfoto/Eastfoto; Sovfoto/Eastfoto; Laski/Sipa Press; Laski/Sipa Press; Sovfoto/Eastfoto