Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 8/8 maq. 11-15
  • Ho Senyeha ha Mekhoa e Metle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Senyeha ha Mekhoa e Metle
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala o Phethahetseng
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 8/8 maq. 11-15

Ho Senyeha ha Mekhoa e Metle

Ba limilione ba ntse ba e-na le mekhoa e metle. Limilione tse ling li e hatikela ka maoto.

QALONG ea lekholo lena la lilemo, tekanyetso ea mekhoa e metle e ile ea tloha ka leoto lesele, ho latela The New Encyclopædia Britannica: “Bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo le qalong ea la bo20 ba phahameng sechabeng ba ne ba nka ho hlompha litlhoko tse fokolang haholo tsa tekanyetso ea mekhoa e metle ka nako e tšoanang e le ho itlosa bolutu, ’me bakeng sa basali, e le mosebetsi. Mekhoa e eketsehileng ea puo le boitšoaro e nkoang e nepahetse e ile ea thehoa ka morero oa ho hlahisa boikutlo ba ho khetheha ho ba bacha ba phahameng sechabeng le ho boloka ba sa tšoaneleheng, ba sa e tsebe, ba khethollohile.”

Seo se fapane haholo le seo mekhoa e metle e lokelang ho ba sona. Amy Vanderbilt ke setsebi se hlomphuoang tabeng ea mekhoa e metle, ’me o ngola sena ho New Complete Book of Etiquette ea hae: “Melao e molemohali ea boitšoaro e ka fumanoa ho Khaolo 13 ea Ba-Korinthe ba Pele, thuto e monate ea lerato ea St. Paul. Melao ena ho hang ha e amane le melao e rarahaneng ea moaparo leha e le ea mekhoa e sa reng letho. E amana le maikutlo le boikutlo, mosa, le ho nahanela ba bang.”

Seo Amy Vanderbilt a se qotsitseng ke temana ea Bibele e ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8, e reng: “Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mōna; lerato ha le na boikhantšo; ha le ikhohomose. Ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe. Ha le thabele bokhopo, le mpa le thabela ’nete. Le mamella tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le jara tsohle. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong.”

E ne e ka ba ho sa tloaelehang hakaakang ho bona lerato le joalo le bonahatsoa kajeno! Hohle, mekhoa eohle e ne e tla hloka lipha! Sebaka sa pele sa ho ruta le ho ithuta mekhoa e joalo ke lehae la Bokreste. Lelapa le tšoana le mochine oa bohlokoa oo likarolo tsa oona li amanang haholo. Ke ka ho loetsoa ke setsebi o ka tsoelang pele ho sebetsa hantle. Ho tseba ho thusa, ho hlompha, ho ba mofuthu, le ho ipotla ke ha bohlokoa ho etseng lehae le thabileng. Ho ithuta ho sebelisa lipolelo tse amohelehang tsa letsatsi ka leng tsa tlhompho le ho nahanela—tse kang “Kea leboha,” “Ka kōpo,” “Tšoarelo,” “Ke soabile”—ho ka thusa haholo ho felisa khohlano e senyang likamanong tsa rōna. Ana ke mantsoe a fokolang a bolelang se seholo. E mong le e mong a ka a bua ka nepo. Ha a re qose letho, empa ka ’ona re fumana metsoalle. Ha re sebelisa mekhoa e metle letsatsi ka leng mahaeng a rōna, e ke ke ea re tlohela ha re tsoa tikolohong ea lelapa ’me re tsoakana le batho ba bang.

Mekhoa e metle e akarelletsa ho bontša ho nahanela maikutlo a ba bang, ho ba hlompha, ho ba tšoara ka tsela eo re ka ratang ha ba re tšoara ka eona. Leha ho le joalo, ba bangata ba hlokometse hore mekhoa ka boeona e theohile boemong. Mongoli e mong o ile a re: “Re haelloa ke tlhompho hobane bomong bo fuoe sebaka sa pele.” Rafilosofi Arthur Schopenhauer o ile a ngola: “Boithati ke ntho e mpe hoo re qapileng ho ipotla ho bo pata.” Kajeno ba bangata ba nahana hore “ho ipotla” ho bolela “bokoala” le hore ho etelletsa ba bang pele ke ho tšerehana. Na hase lilemo tsa ’Na Pele tsa bo-70 tse ileng tsa re kenya mokhoeng oa rōna oa bophelo oa ’na pele? Koranta e ’ngoe ea toropo e khōlō e ile ea re: “Bothata bo se bo fihletse boemo boo boitšoaro boo ka tloaelo bo amohelehang bo ke keng ba hlola bo hlalosoa bo tloaelehile.”

Daily Mail ea London e tlaleha hore bana ba bonyenyane ba lilemo tse hlano ba mabifi ka ho eketsehileng, ha ba hlomphe thepa ea bana ba bang, ba haelloa ke tlhompho ho batho ba baholo, ’me ba sebelisa puo e litšila. Matichere a mangata a ileng a hlahlojoa a na le boikutlo ba hore batsoali ba senya bana ba bona le hore sena ke motso oa keketseho ea boitšoaro bo se nang botho. Har’a matichere a hlahlobiloeng patlisisong e ’ngoe, karolo ea 86 lekholong e beha molato “khaellong ea litekanyetso le litebello tse hlakileng lehaeng.” Karolo ea 82 lekholong e supa khaello ea ho beha mohlala ha batsoali e le lona lebaka. Malapa a qhalaneng, tlhalo, likamano tsa ho lula ’moho ha monna le mosali ba sa nyalana, ho shebella thelevishene haholo, ho haella ha taeo, ho haella ha melao ea boitšoaro e tlamellang—phello ke ho senyeha ha lelapa.

Hlooho ea sekolo se seng sa mathomo e ile ea re: “Ke tšoenyeha ka khaello ea tlhompho baneng kajeno. Ba bonahala ba sa tsotelle haeba ba tlotlolla lithaka kapa ba utloisa batho ba baholo bohloko. . . . Ba bonahatsa ho hloka tlhompho ha bona ka litsela tse ngata—boitšisinyo ba ’mele bo litšila, liketso tse lihlong, ho hana ho utloa litaelo tse bonolo . . . , ho batla taolo e khethehileng ea bolo papaling ea sehlopha . . . [Ka lehlakoreng le leng,] bana ba tsoang mahaeng a mang ba na le tšekamelo ea ho hlompha ba bang. Ha ho hlokahale hore e be thatohatsi ea tichere . . . , empa ba itšoara ka tsela e hlomphang ba bang. Ba emela hore nako ea bona e fihle ha ba bang ba kenella moleng . . . Ho totobala haeba ho kentsoe [baneng] kapa che.”

Hlooho e ’ngoe ea sekolo sa mathomo, e nang le phihlelo ea lilemo tse ngata, e tsoela pele: “Re bona bokhopo bo totobetseng bo eketsehileng. Mabaleng a ho bapala bana ha ba bonahale ba bapala ka tsela eo ba neng ba etsa ka eona; ba tlala-tlala ba entse likenke. Ba tseba ba boi kapele, bana ba nkoang e le mekhelo, bana ba sa roaleng liteki tse nepahetseng kapa ba sa apareng marikhoe a nepahetseng. Baa ba phehella, ba ba hlokofatse; ho hlahella bohale bo mabifi. Re lekile ho ho khaotsa, empa ha rea atleha hakaalo.”

Moprofesa Jonathan Freedman oa Univesithi ea Columbia o re: “Batho ba bangata ba khanna ka tsela e mabifi haholo. Litsela tse khōlō e se e bile eka mabala a ntoa.” Monthly Letter ea Royal Bank ea Canada e bua ka “lipolao tse se nang mohau litseleng” ’me e qetella ka ho re “motso oa bothata ke boitšoaro bo se nang botho. Tlhompho, ho nahanela, boitšoaro, mamello le ho hlompha litokelo tsa botho tse hlokahalang ho bōpa sechaba li haella ka tsela e hlabisang lihlong.”

The New York Times e hlalosa literata tsa New York City ka tsela ena: “Ke Bakhanni khahlanong le Liambulense.” Bakhanni ba eketsehileng motseng oo ba hana ho bulela makoloi a maemo a tšohanyetso tsela, a kang liambulense le litima-mollo—e leng ho eketsang kotsi ea hore motho ea kulang hampe kapa ea tsoileng kotsi a shoe hobane ho ke ke ha fihloa ho eena kapa a isoa sepetlele kapele ho lekana. Molaoli Ellen Scibelli oa Litšebeletso tsa Bongaka tsa Tšohanyetso o ile a pheta ka monna ea neng a khanna Pelham Parkway e Bronx ea ileng a hana ho bula tsela bakeng sa ambulense e neng e phallela mokhosing oa motho ea tšoeroeng ke lefu la pelo. “O ne a leka ho ba ea sa ineheleng habonolo ’me a se ke a tsoa ka tseleng, empa ha a fihla hae, o ile a hlokomela kamoo ho neng ho le booatla ka teng. ’Mè oa hae o ne a tšoeroe ke lefu la pelo ’me ambulense e ne e leka ho finyella ho eena.”

The New York Times International e ile ea pheta ka mokhatlo oa Manyesemane o bitsoang Sechaba se Mosa o ileng oa thehoa hobane “batho ba se ba ka liphoofolo ho ba bang, ’me ho lokela ho etsoa ho hong.” Sehloohong se seng ho The Evening Standard, moqolotsi oa phatlalatso o ile a susumelletsoa ho belaela: “Sechaba se neng se babatsoa ka botho ba sona se fetoha naha ea batho ba se nang mekhoa.” K’hamphani ea Scotland ea inshorense “e ile ea etsa qeto ea hore karolo ea 47 lekholong ea likotsi tsohle tsa mebileng ho ka fumanoa sesosa sa tsona e le ketso ea ho hloka tlhompho.”

Thelevishene e phethile karolo e khōlō ho nyameleng ha mekhoa, haholo-holo har’a bana le bacha. Tsela eo batho ba aparang ka eona, kamoo batho ba buang kateng, kamoo batho ba sebetsanang le likamano tsa bona le ba bang, kamoo batho ba tsoelang pele ho rarolla mathata ka pefo—thelevishene ke tichere. Haeba rōna le bana ba rōna re tsoela pele ho shebella mananeo a inahaneloang a se nang thuto e molemo, qetellong mekhoa ea rōna e tla bonahatsa boikutlo ba ho tella, ho se hlomphe, le ho soma ba batho bao re ba shebellang. Ka tloaelo batsoali ba hlahisoa e le maoatla ’me bana e le ba bohlale.

Lefatše le khotsofatsoa ke ho bua ka lentsoe le phahameng, le laolang ka tsela e sokelang—le bakang tšitiso, le motlotlo ho busa, le sa laoleheng, le nkang boemo ba ho phahamela ba bang, le khopisang, le phephetsang. Pele boitšoaro bo tala bo ne bo nyatsuoa ke sechaba ka kakaretso, ’me ea molato o ne a khetholloa. Sechabeng sa kajeno ketso e tala e ka etsoa ho se thohako e tlelang mofosi. ’Me ha ho na le ea e hanyetsang, a ka ’na a hlaseloa ka lipuo kapa a otloa! Bacha ba bang ba tsamaeang ka lihlopha tse lerata ba utloahatsa puo e litšila hohle, boitšisinyo ba ’mele bo lihlong, ba khopisa bashebelli ka boitšoaro ba bona bo sa bontšeng mekhoa e metle, kaofela ho etsoa ka boomo ho lebisa tlhokomelo borabeleng ba bona bo etsoang ka sebete le ho tšosa batho ba baholo ka ponahatso ea bona e hlakileng ea ho ba tala. Leha ho le joalo, joalokaha ho ’nile ha boleloa, “ho ba tala ke ponahatso ea lekoala ea matla.”

Melao eo batho ba e hlahisitseng bakeng sa ho laola boitšoaro ba moloko oa batho e mengata, empa ha e ea fana ka tataiso eo moloko oa batho o e hlokang. Na re sa hloka e eketsehileng? Kapa mohlomong e fokolang? Ho ’nile ha boleloa hore ha sechaba se le molemo haholoanyane, se hloka molao o fokolang. Ho thoe’ng ka molao o le mong feela? Ka mohlala, ona: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna; hobane ke oona molao le baprofeta.”—Mattheu 7:12.

Ho mamela molao oo ho ne ho tla felisa boholo ba mathata a kajeno, empa leha ho le joalo, ho finyella litlhoko tsa sechaba, ho tlameha ho eketsoa molao o bohlokoa haholoanyane: “U rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle.”—Mareka 12:30.

Sechaba sa kajeno se qhela litlhoko tsena tsa Bibele ka bobeli ka hore ha li hlokahale, hammoho le melao e meng e tataisang e ka Bibeleng. Bibele e bua ka ba joalo ho Jeremia 8:9: “Ba bohlale ba ea hlabisoa lihlong, . . . ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” Ba boetse ha ba bone bohlokoa ba tumellano ea batho ka kakaretso ea litekanyetso tsa bohlokoa tsa ’nete tseo ho latela neano li talingoang e le tsa bohlokoa bakeng sa tataiso ea rōna. Mekhoa ea bona e mecha ke tsela e pharalletseng e lumellang mekhoa ea bophelo e fapaneng eo batho ba ka e khethang—tsela e pharalletseng eo Jesu a ileng a bolela hore ke tsela e lebisang timetsong—’me ba bangata ba tsamaea ka eona.—Mattheu 7:13, 14.

Mohlala o Phethahetseng

Jesu Kreste, “ea sefubeng sa Ntate,” ke mohlala o ka sehloohong o tšoaneloang ke ho lateloa. (Johanne 1:18) Ha a sebetsana le batho, ka lehlakoreng le leng o ne a le bonolo ebile a nahanela, ka ho le leng a le matla a tiile; empa le ka mohla o ne a se tala kapa a sa be mosa ho mang kapa mang. Ha e bua ka “mpho ea hae e babatsehang ea ho lokoloha ho batho ba mefuta eohle,” buka The Man From Nazareth e re ka Jesu: “Ka ho tšoanang har’a batho le ha a se har’a batho o ne a etsa setsoalle le banna le basali ntle le khethollo. O ne a lokoloha ho bana ba banyenyane ba hlokang molato ’me ka ho makatsang a boetse a lokoloha ho balotsana ba khebetloang ke letsoalo ba kang Zakea. Basali ba hlomphehang ba hlokomelang malapa, ba kang Maria le Maretha, ba ne ba ka bua le eena ka mokhoa o tobileng oa tlhaho, empa matekatsi le ’ona a ne a ’matla joaloka hoja a kholisehile hore o tla a utloisisa ’me a thehe setsoalle le ’ona . . . Ho se tsotelle ho khethehileng ha hae ha meeli e thibellang batho ba tloaelehileng ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae tse khethehileng haholo.”

Ka linako tsohle Jehova Molimo o na le mekhoa ha a sebelisana le ba tlaase ho eena, hangata a ekelletsa “ka kōpo” likōpong tsa hae. Ha a hlohonolofatsa motsoalle oa hae Abrahama, o ile a re: “Emisa mahlo a hao, ka kōpo, ’me u shebe ho tloha sebakeng seo u leng ho sona.” Hape: “Sheba holimo, ka kōpo, maholimong ’me u bale linaleli.” (Genese 13:14, NW; 15:5, NW) Ha a fa Moshe pontšo ea matla a Hae, Molimo o ile a re: “Kenya letsoho la hao, ka kōpo, lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” (Exoda 4:6, NW) Lilemo tse ngata hamorao, Jehova, ka moprofeta oa hae Mikea, o ile a re esita le ho batho ba hae ba tsoileng tseleng: “Utloang, ka kōpo, lōna lihlooho tsa Jakobo le lōna balaoli ba ntlo ea Iseraele. . . . Utloang, ka kōpo, sena, lōna lihlooho.” (Mikea 3:1, 9, NW) Tabeng ena, na re “baetsisi ba Molimo” ka ho kōpa ha re sebelisana le ba bang?—Ba-Efese 5:1.

Kahoo, ke melao efe ea tataiso kapa litekanyetso tsa mekhoa tseo ba bohlale ba lefatše ba fanang ka tsona ho nka sebaka sa tsa Bibele tseo ba li qhelang ka ho re ha li amohelehe? Sehlooho se latelang se tšohla taba ena.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Boitšoaro boo ka tloaelo bo amohelehang bo ke ke ba hlola bo hlalosoa bo tloaelehile

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ambulense e ne e leka ho finyella ho ’mè oa hae

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Ho ba tala ke ponahatso ea lekoala ea matla”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Left: Life; Right: Grandville

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela