Mekhoa e Metle na e Lahliloe ke “Boitšoaro bo Bocha”?
‘Ho malimabe ba etsang bobe botle, lefifi leseli, ho baba monate.’—Esaia 5:20.
LEKHOLO la bo20 la lilemo le bone liphetoho tse pharalletseng mekhoeng le boitšoarong. Lilemo tse mashome tse ileng tsa latela lintoa tse peli tsa lefatše, litsamaiso tsa ho lekanyetsa bohlokoa tsa khale butle-butle li ile tsa talingoa li siiloe ke nako. Maemo a fetohang le lithuto tse ncha litabeng tsa boitšoaro ba moloko oa batho le saense li ile tsa kholisa ba bangata hore lintho tsa bohlokoa tsa khale e ne e se e se tsa bohlokoa. Mekhoa e neng e kile ea nkoa e le ea bohlokoa e ile ea lahloa joalokaha eka ke tšitiso e khōlō. Melao e tataisang ea Bibele e kileng ea hlomphuoa e ile ea lahloa joalokaha eka e siiloe ke nako. E ne e tletse lithibelo bakeng sa sechaba se se nang lithibelo, se lokolohileng sa batho ba likhopolo tsa morao-rao ba lekholo la bo20 la lilemo.
Selemo se ileng sa paka ho fetoha hona historing ea moloko oa batho ke 1914. Libuka tsa litsebi tsa histori mabapi le selemo seo le Ntoa ea I ea Lefatše li tletse maikutlo a tsona a hore 1914 e ne e le selemo sa phetoho e hlollang, letšoao la sebele le arolang linako tsa histori ea moloko oa batho. Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho e Khōlō li ile tsa latela ntoa ’me batho ba ne ba leka ho lefelletsa monate o ba lahlehetseng lilemong tseo tsa ntoa. Litekanyetso tsa bohlokoa tsa khale le lithibelo tse sitisang tsa boitšoaro li ile tsa behelloa ka thōko ho hleka tsela bakeng sa ho kenella menyakeng. Boitšoaro bo bocha, mesebetsi ea nama e batlang boinehelo, e ile ea kenngoa ka tsela eo eseng ea molao—ha e le hantle boikutlo ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ea amoheleha. Ka mokhoa o ke keng oa qojoa tekanyetso e ncha ea boitšoaro e ne e tsamaisana le phetoho ea mekhoa.
Rahistori Frederick Lewis Allen o re tabeng ena: “Phello e ’ngoe ea phetoho e ne e le hore mekhoa ha e ea ka ea e-ba feela e fapaneng, empa—ka lilemo tse seng kae—ho hloka mekhoa. . . . Nakong ea lilemo tsena tse leshome basali ba ikarabellang likamoreng tsa ho jela tsa sechaba . . . ba ile ba hlokomela hore baeti ba bona ba ne ba sa tsotelle ho bua le bona ha ba fihla kapa ba tsamaea; hore ‘ho imema’ meketjaneng ea motjeko e ile ea e-ba tloaelo e amohelehang, batho ba ne ba ‘tloaetse ho fihla morao’ lijong, ba ne ba tlohela lisakarete tse ntseng li tuka hohle, ba hlohlorela molora oa tsona lik’hapeteng tse nyenyane, ba sa kōpe tšoarelo. Mekoallo ea khale e ne e oele, ho ne ho se e mecha e ahiloeng, khabareng kaha katse e le sieo toeba li ne li nyanyaka. Ka letsatsi le leng, mohlomong, lilemo tse leshome tse ileng tsa latela ntoa li ka tsejoa ka nepo e le lilemo tse leshome tsa Mekhoa e Mebe. . . . Haeba lilemo tseo tse leshome li ne li tletse mekhoa e mebe, li ne li boetse li sa thaba. Hammoho le tsamaiso ea khale ea lintho ho ne ho tsamaile litekanyetso tsa bohlokoa tse neng li entšitse le ho fana ka morero bophelong, ’me ha hoa ka ha e-ba bonolo ho fumana litekanyetso tse li nkelang sebaka.”
Litekanyetso tse nkelang tse ling sebaka tse busetsang moèno le morero bophelong ha lia ka tsa fumanoa le ka mohla. Ha lia ka tsa batloa. Mokhoa oa bophelo oa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ea amoheleha oa Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho e Khōlō o ile oa lokolla batho lithibelong tsa boitšoaro, e leng hoo ba neng ba ho rata haholo. Ba ne ba sa lahle boitšoaro; ba ne ba mpa ba bo hlahlobisisa, ba bo khoehlisa hanyenyane. Hamorao ba ile ba bo bitsa Boitšoaro bo Bocha. Ho bona e mong le e mong o etsa se lokileng mahlong a hae. Ke oa bohlokoahali. O etsa boithatelo. O ipetlela tsela ea hae.
Kapa o nahana joalo. Ha e le hantle, lilemo tse likete li tharo tse fetileng, Morena Salomone ea bohlale o ile a re: “Ha ho ho hocha leha ho le hong tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 1:9) Esita le pejana, nakong ea Baahloli, Baiseraele ba ne ba e-na le bolokolohi bo itseng mabapi le hore na ba tla mamela Molao oa Molimo kapa che: “Mohlang oo, ho no ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o na a etsa kamoo a ratang kateng.” (Baahloli 21:25) Empa boholo bo ile ba ipaka bo sa ikemisetsa ho utloa Molao. Ka ho jala ka tsela ena, Iseraele e ile ea kotula lilemo tse makholo tsa likoluoa tse hlahelang sechaba. Ka ho tšoanang, lichaba kajeno li kotutse lilemo tse makholo tsa bohloko le mahlomola—’me ho sa ntse ho tla tla se sebe le ho feta.
Ho na le polelo e ’ngoe e hlalosang Boitšoaro bo Bocha haholoanyane, e leng, “relativism.” Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e e hlalosa ka tsela ena: “Pono ea hore linnete tsa boitšoaro li itšetlehile ka batho le lihlopha tse li tšehetsang.” Ka bokhutšoane balateli ba pono ea hore boitšoaro bo itšetlehile ka ba bo tšehetsang ba pheha khang hore se lokileng ho bona ke boitšoaro bo botle ho bona. Mongoli e mong o ile a hlalosa haholoanyane ka hona ha a re: “Pono ea hore linnete tsa boitšoaro li itšetlehile ka batho le lihlopha tse li tšehetsang, eo e leng khale e sa bonahale, e hlahile e le filosofi e tloaelehileng ea ‘leshome la lilemo la ’na pele’ la bo-1970; e ntse e laola le lilemong tsa bo-1980 tsa batho ba boemo bo bohareng. Re ka ’na ra tsoela pele ho bua ka litekanyetso tsa moetlo, empa ha ho tla ketsong, se nepahetseng ke sohle se lokileng ho ’na.”
’Me seo se akarelletsa mekhoa—‘Haeba e nkhahlisa, ke tla e etsa; haeba ho se joalo, nkeke. E ke ke ea e-ba e lokileng ho ’na, le hoja e ka ba e boitšoaro bo botle ho uena. E ka senya bomong ba ka bo khethehileng, ea etsa hore ke shebahale ke le sehole, ea nketsa tšere-tšere.’ Kamoo ho bonahalang kateng, ho batho ba joalo sena ha se sebetse feela liketsong tsa ho hloka mekhoa e metle empa hape le linthong tse ntle tsa letsatsi ka leng, tse kang ‘Ka kōpo, Ke soabile, Tšoarelo, Kea leboha, Ere ke u bulele lemati, Lula sebakeng sa ka, Ere ke u nkele mokotla oo.’ Lipolelo tsena le tse ling li tšoana le ntho e loetsang e etsang hore likamano tsa rōna le ba bang li be ntle hape li be mofuthu. Motho ea nang le maikutlo a ’na pele a ka hanyetsa: ‘Empa ho bontša ba bang mekhoa ho ka ama ka tsela e fosahetseng ho phelela le ho phahamisa seriti sa ka sa ho ba oa bohlokoahali.’
Setsebi sa kahisano James Q. Wilson o beha molato oa khohlano e eketsehileng le boitšoaro ba tlōlo ea molao ho oeleng ha seo kajeno “ka nyatso se bitsoang ‘litekanyetso tsa bohlokoa tsa ba boemo ba bohareng,’” ’me tlaleho e tsoela pele: “Ho shoa ha litekanyetso tsena—le keketseho ea ho ipehela litekanyetso tsa boitšoaro—ho bonahala ho amana le tekanyo e phahameng ea tlōlo ea molao.” Ka sebele e amana le tšekamelo ea mehleng ena ea ho qhela thibelo leha e le efe ea hore motho a hlahise maikutlo a hae, ho sa tsotellehe hore na a bontša mekhoa e mebe hakae kapa a khopisa hakae. Sena ke seo setsebi se seng sa kahisano, Jared Taylor, se se boletseng: “Sechaba sa rōna se tlohile butle-butle ho boitšoaro ho ea ho ho hlahiseng maikutlo, ’me batho ba bangata ba lahla litekanyetso tsa khale ka hore lia hatella.”
Ho sebelisa khopolo ea ho iketsetsa liqeto tsa boitšoaro ho u etsa moahloli oa boitšoaro ba hao ba botho, u qhela pono ea motho e mong, ho akarelletsa le ea Molimo. U iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng ho uena, joalo feela kaha batho ba pele ba babeli ba ile ba etsa Edene ha ba lahla taelo ea Molimo ’me ba iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. Noha e ile ea thetsa Eva ho nahana hore haeba a sa utloe Molimo ’me a ja tholoana e thibetsoeng, joale ho tla etsahala kamoo e mo bolelletseng: “Mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.” Eaba Eva o ja litholoana tse ling ’me a fa Adama tse ling tsa tsona, le eena a li ja. (Genese 3:5, 6) Qeto ea Adama le Eva ea ho ja e ile ea e-ba e kotsi ho bona le e tlisang tlokotsi ho bana ba bona.
Ka mor’a kakaretso e telele ea bobolu bo fumanoang har’a bo-ralipolotiki, bo-rakhoebo, libapali, litsebi tsa saense, mohapi oa khau ea Nobel, le moruti, mohlahlobisisi e mong o ile a re, puong ea hae ka pele ho Sekolo sa Khoebo sa Harvard: “Ke kholoa hore naheng ea rōna kajeno re bona seo ke khethang ho se bitsa leqeme la botho, ho lahleheloa ke seo ka moetlo ka ho hōla ha sechaba ha Bophirimela ho neng ho nkoa e le tsona lithibelo tseo tsa ka hare le bokhabane ho re sitisang ho khotsofatsa litšekamelo tsa rōna tsa tlhaho tse haelloang ke litekanyo tse phahameng haholoanyane tsa kelello.” O ile a bua ka “mantsoe a ka ’nang a utloahala a sa tloaeleha ha a buuoa tikolohong ena, mantsoe a kang sebete, tlhompho, tšebetso, boikarabelo, mohau, botho—mantsoe a seng a batla a sa sebelisoe.”
Ka bo-1960 tikolohong ea liunivesithi, ho ile ha qhoma likhanyetso tse itseng. Ba bangata ba ne ba bolela hore ‘ha ho Molimo, Molimo o shoele, ha ho letho, ha ho bohlokoa bo fetang meeli e tloaelehileng, bophelo ha bo na morero ho hang, u ka hlōla bofeela ba bophelo ka bomong bo tla u etsa khalala.’ Mahipi a buellang lerato a ile a nka hona e le letšoao la ho tsoela pele ’me a tsoela pele ho hlōla bofeela ba bophelo ka ho ‘tsuba cocaine, ho tsuba matekoane, ho ba le likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo, le ho batla phomolo kelellong.’ Hoo ha baa ka ba ho fumana.
Ho ile ha boela ha e-ba le mekoloko ea boipelaetso ea bo-1960. Ho e-na le ho ba lifeshene feela, e ile ea nkoa ke boholo ba moetlo oa Amerika ’me ea tlisa lilemo tse leshome tsa ’Na Pele tsa bo-1970. Kahoo re ile ra kena lilemong tse leshome tseo Tom Wolfe, mohlahlobisisi oa kahisano, a li bitsang “lilemo tse leshome tsa ’Na Pele.” Li ile tsa fela lilemong tsa bo-1980, tseo ka ho hloka tšepo ba bang ba li bitsang “nako ea katleho e khōlō ea meharo.”
See sohle se amana joang le mekhoa? Se amana le ho ipeha pele, ’me haeba u ipeha pele, u ke ke ua ikokobeletsa ba bang habonolo, u ke ke ua etelletsa ba bang pele, u ke ke ua ba le mekhoa e metle ho ba bang. Ka ho ipeha pele, ha e le hantle, e ka ’na eaba u kenella tšobotsing ea borapeli ba botho, borapeli ba ’Na. Bibele e hlalosa motho ea etsang joalo joang? E le “motho ea meharo—ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo,” e le ho bonahatsa “ho lakatsa sa ba bang, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Ba-Efese 5:5, NW; Ba-Kolosse 3:5, NW) Batho ba joalo ha e le hantle ba sebeletsa mang? ‘Molimo oa bona ke mpa.’ (Ba-Filippi 3:19) Mekhoa ea bophelo e kenellang eo batho ba bangata ba e khethileng e nepahetse mekhoeng bakeng sa bona le liphello tsa tlokotsi, tse bolaeang tsa mekhoa eo ea bophelo li mpa li paka bonnete ba Jeremia 10:23: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”
Bibele e ile ea bona sena sohle esale pele ’me ea se bolela pele ho nako e le karolo ea temoso ea ‘mehla ea qetello,’ joalokaha ho tlalehiloe ho 2 Timothea 3:1-5, New English Bible: “Le tlameha ho tobana le ’nete eo: lilemo tsa qetello tsa lefatše lena e tla ba nako ea matšoenyeho. Batho ba tla rata chelete le ho ithata ho feta ntho leha e le efe; ba tla ba bohale, e be ba ithorisang, ba sebelisang lintho hampe; ba se nang tlhompho ho batsoali, ba se nang teboho, ba se nang borapeli, ba se nang kameho ea tlhaho; e tla ba ba tetebetseng lehloeong la bona, batho ba jalang mashano, ba se nang boitšoaro le ba kotsi, ba sa tsebeng sohle se molemo, baeki, ba batlang liphihlelo tse ncha, ba ruruhileng ke ho inka e le ba bohlokoa. E tla ba batho ba behang monyaka sebakeng sa Molimo, batho ba bolokang ponahalo ea kantle ea bolumeli, empa e le khanyetso e totobetseng ea bonnete ba bona. Balehelang batho ba joalo.”
Re hlahlathetse hōle le seo re neng re reretsoe ho ba sona—ho ba setšoantšo le ho tšoana le Molimo. Litšoaneleho tseo re li futsitseng tsa lerato, bohlale, toka, le matla li ntse li le ka hare ho rōna empa ha li sa leka-lekane ’me li khopame. Mohato oa pele oa ho khutla o senotsoe polelong ea ho qetela ea temana ea Bibele e qotsitsoeng ka holimo: “Balehelang batho ba joalo.” Batla tikoloho e ncha, e tla fetola le maikutlo a hao a ka hare. Mantsoe a bohlale a laeang tabeng ena a ngotsoe lilemo tse ngata tse fetileng ke Dorothy Thompson ho The Ladies’ Home Journal. Mantsoe a hae a qala ka polelo e reng ho hlōla boitšoaro ba bana bo hlokang ho nkeloa bohato ba molao, ho hlokahala ho ruta maikutlo a mocha eseng kelello ea hae:
“Liketso tsa hae le boitšoaro ha e le ngoana li lekanyetsa haholo liketso tsa hae le boitšoaro ha e le motho e moholo. Empa tsena ha li susumetsoe ke boko ba hae, empa ke maikutlo a hae. O fetoha seo a khothallelitsoeng le ho koetlisoa ho se rata, ho khahloa ke sona, ho se rapela, ho se nka e le sa bohlokoa, le ho itella sona. . . . Ho sena sohle mekhoa e phetha karolo ea bohlokoa, hobane mekhoa e metle hase letho ha e se feela pontšo ea ho nahanela ba bang. . . . Maikutlo a ka hare a bonahatsoa boitšoarong ba kantle, empa boitšoaro ba kantle bo boetse bo ekelletsa ho hlaoleleng maikutlo a ka hare. Ho thata ho halefa ha u itšoara ka tsela e nahanelang. Mekhoa e metle e ka ba e sa tebang qalong, empa hase hangata ho lulang ho le joalo.”
O ile a boela a hlokomela hore, ntle le mekhelo e bang teng ka seoelo, botle le bobe “ha li laoloe ke boko empa ke maikutlo” le hore “batlōli ba molao ha ba fetohe seo ka lebaka la ho thatafala ha methapo empa ka lebaka la ho thatafala ha pelo.” O ile a hatisa hore maikutlo a laola boitšoaro ba rōna hangata ho feta kelello le hore tsela eo re koetlisoang ka eona, tsela eo re itšoarang ka eona, esita le haeba qalong re qobelloa, e ama maikutlo a ka hare ’me e fetola pelo.
Leha ho le joalo, ke Bibele e tsoang pele ho fana ka mohato o bululetsoeng oa ho fetola motho ea ka hare oa pelo.
Tabeng ea pele, Ba-Efese 4:22-24: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale, ea bolisoang ke litakatso tse thetsang; le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna, le ho apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”
Tabeng ea bobeli, Ba-Kolosse 3:9, 10, 12-14 (NW): “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le apare botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo nchafatsoang ho latela setšoantšo sa Ea bo entseng. Joaloka bakhethoa ba Molimo‚ ba halalelang le ba ratoang‚ aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko‚ mosa‚ kelello e ikokobelitseng‚ bonolo‚ le tiisetso. Tsoelang pele le mamellane ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba leha e le ofe a e-na le sesosa sa ho tletleba ka e mong. Feela joalokaha Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, le lōna le etse joalo. Empa, ho fapana le lintho tsena tsohle, aparang lerato‚ hobane ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”
Rahistori Will Durant o ile a re: “Potso e khōlōhali ea nako ea rōna hase bokomonisi khahlanong le bomong, hase Europe khahlanong le Amerika, ebile hase Bochabela khahlanong le Bophirimela; ke hore na batho ba ka phela kantle ho Molimo.”
Bakeng sa ho phela bophelo bo atlehileng re tlameha ho utloa keletso ea hae. “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me; ’me u tla ekelletsoa ke tsona litšiu, le lilemo, le ho phela, le khotso. Molemo le ’nete li se ke tsa khaohana le uena, ithoalle tsona molaleng oa hao, u li ngole letlapeng la pelo ea hao; ’me u tla fumana mohau le hlompheho pel’a Molimo le batho. U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—Liproverbia 3:1-6.
Mekhoa e mosa e nahanelang e ithutiloeng lilemong tse makholo tsa ho phela ha e le hantle hase tšitiso e khōlō, ’me melao e tataisang ea ho phela ea Bibele ha e ea siuoa ke nako ho hang empa e tla ipaka e sebeletsa e le tšireletso ea ka ho sa feleng ea moloko oa batho. Kantle ho Jehova, ba ke ke ba tsoela pele ho phela, hobane ‘seliba sa bophelo se ho Jehova.’—Pesaleme ea 36:9.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Tsela eo re itšoarang ka eona, esita le haeba qalong re qobelloa, e ama maikutlo a ka hare ’me e fetola pelo
[Lebokose le leqepheng la 18]
Mekhoa e Ipabolang ea Tafole eo Batho ba ka Etsang Hantle ho e Latela
Li-cedar waxwing, tse ntle, tse mekhoa e metle, tse botsoalle haholo, li ja hammoho sehlahleng se seholo se tletseng monokotšoai o butsoitseng. Li lutse lekaleng li entse mola, li ja tholoana eo, empa eseng ka meharo. Ka melomo ea tsona, li fetisetsana monokotšoai, ho fihlela e ’ngoe e o ja ka boikokobetso. Le ka mohla ha li lebale “bana” ba tsona, li sa khathale ho isa lijo, monokotšoai ka mong, ho fihlela maphako ’ohle a thibiloe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
H. Armstrong Roberts
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ba bang ba re: ‘Lahlang Bibele le litekanyetso tsa boitšoaro’
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Molimo o shoele.”
“Bophelo ha bo na morero!”
“Tsubang matekoane, le tsube cocaine”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Left: Life; Right: Grandville