Kubu ea Thusetsa!
E LE boima ba litone tse ka bang ’nè, kubu ke phoofolo ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa e anyesang e phelang moo ho omileng. Mehlahare ea eona e matla e ka robaka seketsoana ka ho se loma hang feela. Kahoo, sehlopha sa banna Hwange National Park, Zimbabwe, se ile sa makala ha se bona kubu e itšoara ka tsela eo se nahanang hore ha ea tloaeleha bakeng sa kubu—se sa feteletse litaba.
Banna bana, ha ba le haufi le letamo, ba ile ba bona litšèpe tse peli li ngoanyapisoa ke lintja tse hlaha tse robong. Ha li sa bone moo li ka balehelang teng, litšèpe li ile tsa itahlela ka metsing. Lintja li ile tsa hlehla ka thōko ho metsi, li leka ho fumana moo ho ka etsahalang hore litšèpe li tsoe le teng.
Qetellong, tšepe e ’ngoe e khathetseng e ile ea qala ho sesetsa lebōpong le hōle, e sa hlokomele hore lintja li ne li e emetse. Leha ho le joalo, ha tšèpe e atamela moo ho omileng, banna ba ile ba bona kubu e haufi e sesetsa haufi le tšèpe. Ha e fihla ho eona, makasine oa African Wildlife o tlaleha hore kubu “e ile ea e shebisa lehlakoreng le leng ’me ea e sututsa ka mokhoa o bonolo hore e sesetse lehlakoreng le leng.” Tšèpe e ile ea mamela. Kubu e ile ea latela, e ntse e sututsa tšèpe nako le nako ha e bontša matšoao a ho se tsitse.
Ha tšèpe e fihla lebōpong, banna ba ile ba bona kubu e ntšetsa tšèpe kantle ka bonolo empa e le ka tieo. Tšèpe e ile ea nka mehato e ’maloa e thekesela, eaba ea ema e ntse e thothomela. Kapele, tšèpe e ile ea qala ho tsamaela hōle le metsi. Kubu e ile ea e sala morao ho fihlela ka bobeli li se li sa bonahale.
Ho ile ha etsahala joang ka tšèpe e ’ngoe? Banna ba tlaleha hore lintja tse hlaha “li ne li hloletsoe haholo ke ho shebella pholoso ena hoo tšèpe e ’ngoe e ileng ea pholoha li sa e hlokomela.”