Talimang Kubu e Matla!
KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA
LETAMO le leholo le sebakeng se sabaletseng sa Polokelo ea Liphoofolo Tse Hlaha sa Masai Mara, Kenya, le toalalitsoe ke mahlaseli a khanyang hamonate a letsatsi ha le ea matubatsana. Ha letsatsi le ea malikelong, metsi a phatsima bosootho bo ’mala oa khauta. Limithara li se kae ho tloha moo, mehlape ea liqoaha le lipulumo e atamela letamong e iketlile. Ka tšohanyetso liphoofolo tsena li ema tsi! ke tšabo, li tsepamisitse mahlo nthong e kang lefika le leholo e phaphametseng ka holim’a metsi ho elella mathōkong a letamo. Ka mor’a ho loebehlanya metsi, “lefika” lena lea nyamela ’me ha le sa bonahala. Liqoaha le lipulumo li sa tsoa bona phoofolo e mabifi e phelang metsing—kubu.
Kubu, e fumanehang matamong, linōkeng le matšeng a Afrika e ka bochabela, e fetoa ke tlou feela ka boholo. Ha kubu e se e hōlile ka ho feletseng, e ka ba bolelele ba limithara tse fetang tse ’nè, ’me bophahamo ba eona ho fihlela mahetleng ke mithara le halofo. Boima ba eona e ka ba lithane tse ’nè. Ka kakaretso, ho lumeloa hore lentsoe “Behemothe” le boletsoeng ka Bibeleng bukeng ea Jobo le bolela kubu. Hase ho makatsang ha Bibele e hlalosa phoofolo ena e khōlōhali e le e nang le masapo a kang “mathōpo a koporo,” ’me e a bapisa le “melamu ea tšepe e teiloeng.”—Jobo 40:15-18.
Ka letlalo le morumo, le lehoete ebile e bonahala e le behlebehle ’me e bōpehile joaloka moqomo, ka sebele kubu e ne e tla tingoa sealolo tlhōlisanong leha e le efe ea bo-’mabotle. Maoto a kubu a makhutšoanyane, hoo a etsang hore motho a ipotse hore na a khona joang ho jara ’mele o moholo joalo. Empa u se ke ua halala matla a maoto ao a likutoana. Ha e le ka ntle ho metsi, kubu e ka siea motho ka lebelo. Ha e le ka metsing, e ’nile ea tsebahala ka ho siea seketsoana se sokoang ke motho esita le sona se nang le enjene.
Likubu li Rata Metsi
Likubu ke liphoofolo tse thabelang ho ba hammoho hangata e le ka lihlopha tsa tse 10 ho ea ho tse 15 li eteletsoe pele ke ea poho e li laolang, le hoja ho ’nile ha bonoa lihlopha tse khōloanyane tsa likubu tse ka bang 150. Li khona ho phela metsing le ka ntle ho metsi ’me li tsoa metsing—haholo-holo bosiu—hore li je limela tse tlokomang tse fumanoang mabōpong. Ka kakaretso, li qoba ho ’na li hlahlathela hōle le metsi. Leha ho le joalo, nakong ea komello, likubu tse ling ho ’nile ha tsebahala hore li tsamaea lik’hilomithara tse isang ho tse leshome li batla lijo.
Ha ho tsejoe hantle hore na likubu li tšoaea meeli ea tsona joang. Ba bang ba nahana hore mokhoa o makatsang oo ka oona li hasanyang bolokoe ba tsona ka mehatla ke kamoo li iketang kateng ho likubu tse tšehali kapa ke kamoo li tšosang lira kateng. Ha li hlaseloa, li lla joaloka pere, ’me lia khonya kapa hona ho rora ha li loana. Ho khorohla ha tsona ka lerata ho bile ho utloahala leha liphoofolo tsena li qoetse ka metsing. Ea poho e etellang pele e tla hle e itlhahise ka ho hlaba mokhosi, MUU-Muu-muu!
Kubu e qeta letsatsi lohle e phaphametse kapa e qoetse ka metsing, ’me ’mele oa eona o moholo o e lumella ho etsa sena. Le hoja e ka ’na eaba hase sesesi se hloahloa hakaalo joaloka liphoofolo tse ling tse khonang ho phela metsing le ka ntle ho metsi, kubu e ka qeta metsotso e ka bang 15 e qoetse ka metsing! Linko, mahlo le litsebe tsa eona li bapile, e leng se nolofalletsang kubu hore e pate ’mele kaofela ka tlas’a metsi. Ke hona ka mona ka metsing, moo kubu e etsang lintho tse ’maloa—tse akarelletsang ho iketa le ho tlōlelana.
Ka mor’a kemaro ea likhoeli tse ka bang robeli, namane e le ’ngoe e tsoalloa sebakeng seo ho sona metsi a sa tebang. E anyesetsoa ka thōko ho metsi kapa moo metsi a khutlang maqaqailaneng. Le hoja e le matla, kubu e nka ho hōlisa namane ea eona ka ho tebileng, e e hlokomela ka lerato le hlollang. Ka sebele, ho bona namane e palame ’m’a eona ea phaphametseng ka metsing ke ntho e khahlang mahlo. Ruri, phoofolo ena e bonahalang eka e bonolo e ka loana e mahlo-mafubelu le ntho leha e le efe e ka lekang ho theola namane eo mokokotlong oa eona!
Letlalo la kubu le loketse bophelo ba metsing. Ho bonahala liphetoho tse khōlō hang ha phoofolo ena e tsoa ka metsing. Litšoelesa tse ka tlas’a letlalo li ntša mamina a metsi a ’mala o bosootho bo bofubelu a letsoai le lengata. Ha u e bonela hōjana, mokelikeli oo o etsa hore phoofolo ena e bonahale eka e tsoa mofufutso o mali. Leha ho le joalo, mamina ao a sireletsa letlalo la eona ha e le ka metsing le ha e le ka ntle ho metsi. Lichabeng tsa boholo-holo tsa Afrika, letlalo la kubu le ne le sehoa hore ho etsoe marapo, a ntoo ineloa ka har’a mafura. Marapo ana a ne a lohuoa le ho omisoa e le ho etsa sephali se tšabehang se neng se sebelisoa lintoeng tsa ha ho tsekoa meeli.a Grzimek’s Animal Life Encyclopedia e bolela hore ka mor’a ho ineloa—e leng se nkang bonyane lilemo tse tšeletseng—letlalo la kubu “le ba thata joaloka lejoe ’me le ba botenya ba lisenthimithara tse ’nè le halofo.”
Ho Elimola ho Tsotehang Empa ho Tšosang
Ka sebele tšobotsi e hlollang ka ho fetisisa ea kubu ke molomo. Ha e le ka ntle ho metsi, phoofolo ena e sebelisa molomo oa eona o bophara ba halofo ea mithara hore e fule haufi le metsi. Leha ho le joalo, molomo ona ha e o sebelisetse ho ja feela. Ha kubu e ahlamisa litlhaha tsa eona likhato tse 150, hase feela hore ea elimola empa hape ke pontšo e tšosang ea hore e befile. Ho sireletsa meeli e ntseng e qepha, ho fella ka lintoa tse tšabehang pakeng tsa tse qothisanang lehlokoa. Ha e ahlamisa molomo ho hlahella meno a ntja a ka tlaase a maholohali. Meno ana ao e itšireletsang ka ’ona a ka ba bolelele ba lisenthimithara tse 30 ka holim’a marenene.
Molomo oa kubu ha o kotsi ho likubu tse ling feela, empa o boetse o kotsi le ho batho. Boiteko leha e le bofe boo motho a bo etsang ba ho bōpa khotso le kubu bo ipakile e le ba lefeela. Phoofolo ena e ka hlasela ba tlankellang moeling oa eona leha ba sa e phephetsa ka tsela leha e le efe. Ho feta moo, ha kubu e lemetse, e bohale le ho feta, kahoo mang kapa mang ea ka ’nang a e tanakella e ka mo lematsa hampe. Esita le liketsoana li ’nile tsa phetholoa ke kubu e koatileng ka litlhaha tsa eona tse khōlōhali.
Ka ntle ho metsi, kubu e mabifi feela joalokaha e le ka metsing. Ka mohlala, ho kotsi ka ho fetisisa ho ba pakeng tsa kubu e ntseng e fula le metsi. Ha e le hantle, likarolong tse ling tsa Afrika, baahi ba qhanolotseng ba ’nile ba tsometsoa ke likubu tse ileng tsa ba fumana ba le tseleng ea tsona ha li ea metsing. Phoofolo ena e tšajoa ke batho le liphoofolo ’me e lokela ho tšoaroa ka hlokolosi le ka tlhompho e khōlō.
Na Kubu e Tla Pholoha?
Ha e tsoile ka metsing e fula e le ’ngoe, kubu e ka hlaseloa ke litau habonolo. Leha ho le joalo, ho bonahala sera se ka sehloohong se sokelang kubu e le motho. World Book Encyclopedia e re: “Batho ba fokolitse likubu haholo hammoho le sebaka seo li phelang ho sona. Litsomi li li bolaile ka bongata ’me libaka tseo e kileng ea e-ba mahae a likubu, lihoai li li fetotse masimo.”
E, ho kenella ha motho moo kubu e phelang teng, ho qabeletse phoofolo ena sebakeng se senyenyane, kahoo hona ho khina tokoloho ea eona ea ho tsamaea le mokhoa oa eona oa ho tsoala. Ke ho thabisang hore ebe tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, ’Mōpi o tšepisa hore o tla etsa hore ho boele ho be le botsitso bo loketseng pakeng tsa motho le phoofolo, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla ‘ntša kotsi leha e le efe kapa a baka tšenyo leha e le efe’ Paradeiseng e tsosolositsoeng ea lefatšeng.—Esaia 11:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la kubu ka Seswahili—kiboko—le bolela “phafa.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Elizabeth DeLaney/Index Stock Photography