Ho Hlōla Phephetso
KA LILEMO-LEMO ho ’nile ha buelloa mefuta e ’maloa ea phekolo bakeng sa ADHD. E meng ea eona e ne e lebisa tlhokomelo haholo lijong. Leha ho le joalo, liphuputso tse ling li bontša hore metsoako e tšeloang lijong hase hangata e bakang ho hloka botsitso ka ho feteletseng le hore metsoako ea lijo tse nang le limatlafatsi e atisa ho hlōleha. Mekhoa e meng ea ho phekola ADHD ke ho sebelisa meriana, ho fetola boitšoaro le ho koetlisetsa motho ho ba le kahlolo e molemo.a
Ho sebelisa meriana. Kaha ADHD ka ho totobetseng e akarelletsa ho se sebetse hantle ha boko, ho sebelisa meriana bakeng sa ho ntlafatsa teka-tekano e loketseng ea lik’hemik’hale ho ipakile ho le molemo ho ba bangata.b Leha ho le joalo, ho sebelisa meriana ha ho nkele ho ithuta sebaka. Ho mpa ho thusa feela hore ngoana a tsitsise mohopolo oa hae, ho mo fa motheo oo ho oona a ka ithutang tsebo ea lintho tse ncha.
Batho ba baholo ba bangata ba nang le ADHD ka ho tšoanang ba ’nile ba thusoa ke ho sebelisa meriana. Leha ho le joalo, ho ba hlokolosi hoa hlokahala—ho bacha le batho ba baholo—kaha ho sebelisa meriana e meng e natlafatsang e sebelisetsoang ho phekola ADHD ho ka lemalloa.
Ho ntlafatsa boitšoaro. Hore ngoana o na le ADHD ha ho lokolle batsoali boikarabelong ba ho fana ka taeo. Le hoja ngoana a ka ’na a ba le litlhoko tse khethehileng tabeng ena, Bibele e lemosa batsoali: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Bukeng ea hae, Your Hyperactive Child, Barbara Ingersoll o re: “Motsoali ea inehelang habonolo feela ’me a lumella ngoana ea hlokang botsitso ka ho feteletseng ‘ho tsoa tseleng’ ha a etsetse ngoana molemo oa letho. Feela joaloka ngoana leha e le ofe e mong, ngoana ea hlokang botsitso ka ho feteletseng o hloka ho fuoa taeo e tsoelang pele e tsamaeang le ho hlompha ngoana e le motho. Hona ho bolela meeli e hlakileng le meputso le likotlo tse loketseng.”
Ka lebaka leo ke habohlokoa hore batsoali ba fane ka tataiso e tiileng. Ho feta moo, ho lokela ho ba le kemiso e tiileng ea mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Batsoali ba ka ’na ba lakatsa ho fa ngoana bolokolohi bo itseng ho etseng kemiso ena, ho akarelletsa nako ea ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, ho ithuta, ho itlhatsoa le tse ling tse joalo. Ebe u e latela kamehla. Etsa bonnete ba hore kemiso ea letsatsi le letsatsi ea lateloa. Phi Delta Kappan e re: “Lingaka, litsebi tsa kelello, batsamaisi ba sekolo le matichere ba na le boikarabelo ba ho hlalosetsa ngoana hammoho le batsoali ba hae hore ho ba teng ha ADD kapa ADHD hase tumello ea ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa ho e-na le hoo ke tlhaloso e ka ’nang ea etsa hore ngoana ea amehang a fumane thuso e loketseng.”
Ho koetlisetsa motho ho ba le kahlolo e molemo. Hona ho akarelletsa ho thusa ngoana ho fetola maikutlo ao a nang le ’ona ka eena ka boeena le ka bothata ba hae. Dr. Ronald Goldberg oa hlokomela: “Batho ba nang le bothata ba ho tsitsisa mohopolo ba ikutloa ba ‘sa ratehe, ba le bothoto, ’me ba le babe’ esita le haeba ba le botle bo hapang, ba le bohlale, ’me ba le mosa.” Ka lebaka leo, ngoana ea nang le ADD kapa ADHD ho hlokahala hore a be le pono e nepahetseng ea hore o bohlokoa, ’me ho hlokahala hore a tsebe hore mathata a hae a kelello e lelerang a ka rarolleha. Hona ho bohlokoa haholo lilemong tsa bocha. Nakong eo motho ea nang le ADHD a fihlang lilemong tsa bocha, e ka ’na eaba o se a tšoauoe liphoso hangata haholo ke lithaka, matichere, banab’abo, ’me mohlomong esita le batsoali. Joale o hloka ho ipehela lipakane tsa sebele le ho ikahlola ka tsela e hlokang leeme ho e-na le ho itlhokela kutloelo-bohloko.
Mekhoa e ka holimo ea phekolo e ka boetse ea lateloa ke batho ba baholo ba nang le ADHD. Dr. Goldberg oa ngola: “Lintlafatso lia hlokahala ho itšetlehiloe ka lilemo, empa moralo oa phekolo—ho sebelisa meriana moo ho loketseng, ho ntlafatsa boitšoaro le [ho koetlisetsa] motho ho ba le kahlolo e molemo—o sala e ntse e le mohato o loketseng oa bophelo bohle.”
Ho Fana ka Tšehetso
John, ntate oa mocha e mong ea nang le ADHD, o re ho batsoali ba boemong bo tšoanang: “Ithuteng sohle se khonehang mabapi le bothata bona. Etsang liqeto ka seo le se tsebang. Ka holimo ho tsohle, ratang ngoana oa lōna, hahang boikutlo ba hae ba ho itšepa. Boikutlo ba ho se itšepe ke ’molai.”
E le hore ngoana ea nang le ADHD a fumane tšehetso e lekaneng, batsoali ka bobeli ba lokela ho kopanya matsoho. Dr. Gordon Serfontein o ngola hore ngoana ea nang le ADHD ho hlokahala hore “a tsebe hore oa ratoa ka lapeng le hore lerato leo le tsoa leratong le teng pakeng tsa batsoali.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka bomalimabe, lerato le joalo hase kamehla le bontšoang. Dr. Serfontein o tsoela pele: “Ho ’nile ha pakoa hore lelapeng leo ho lona ho nang le [ngoana ea nang le ADHD], maemo a ho hloka kutloano le ho qhalana ha lenyalo a phahame ka hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ho feta lelapeng le tloaelehileng.” Bakeng sa ho thibela ho hloka kutloano ho joalo, ntate o lokela ho phetha karolo e khōlō khōlisong ea ngoana ea nang le ADHD. Boikarabelo boo ha boa lokela ho behoa ho ’mè ka ho feletseng.—Baefese 6:4; 1 Petrose 3:7.
Metsoalle e haufi, le hoja e se karolo ea lelapa, e ka fana ka tšehetso e khōlō. Joang? John, ea qotsitsoeng pejana, o re: “E-ba mosa. Talima ka ’nģane ho seo mahlo a hao a se bonang. Iphe sebaka sa ho tseba ngoana. Hape buisana le batsoali. Ba khona joang? Ke’ng seo ba thulanang le sona letsatsi le letsatsi?”—Liproverbia 17:17.
Litho tsa phutheho ea Bokreste li ka etsa ho hongata ho tšehetsa ngoana ea nang le ADHD hammoho le batsoali. Joang? Ka ho ba tse nang le kahlolo e molemo ho seo li se lebeletseng. (Bafilippi 4:5) Ka linako tse ling, ngoana ea nang le ADHD a ka ’na a ba morusu. Ho e-na le ho bua ka ho hloka kutloelo-bohloko, “Ke hobane’ng ha u sa khalemele ngoana oa hao?” kapa “Ke hobane’ng ha u sa mo shape?” molumeli-’moho ea hlokolosi o tla hlokomela hore e ka ’na eaba batsoali ba se ba ntse ba sithabelitsoe ke litlhoko tsa letsatsi le letsatsi tsa ho hōlisa ngoana ea nang le ADHD. Ho hlakile hore batsoali ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho fokotsa morusu oa ngoana. Leha ho le joalo, ho e-na le ho tlakoloha ka ho teneha, ba amanang tumelong ba lokela ho loanela ho bontša “ho utloelana bohloko” le ho “hlohonolofatsa.” (1 Petrose 3:8, 9) Ka sebele, hangata ke ka balumeli-’moho ba bontšang kutloelo-bohloko Molimo a “tšelisang ba behiloeng tlaase.”—2 Bakorinthe 7:5-7.
Liithuti tsa Bibele lia hlokomela hore ho se phethahale hohle ha batho, ho akarelletsa litšitiso tsa ho ithuta le ADHD, ho futsitsoe ho motho oa pele, Adama. (Baroma 5:12) Li boetse lia tseba hore ’Mōpi, Jehova, o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tlisa lefatše le lecha la ho loka leo ho lona maloetse a sithabetsang a ke keng a hlola a e-ba teng. (Esaia 33:24; Tšenolo 21:1-4) Tšepiso ena ke setšehetso se matla ho ba anngoeng ke mathata a joaloka ADHD. John o re: “Ho hōla, koetliso le phihlelo li thusa mora oa rōna ho utloisisa le ho laola bothata ba hae. Empa le ka mohla a ke ke a fola ka ho feletseng tsamaisong ena ea lintho. Matšeliso a rōna a letsatsi le letsatsi ke hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla lokisa bothata ba mora oa rōna ’me a mo nolofalletse ho thabela bophelo ka ho feletseng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e emele phekolo e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi hore phekolo leha e le efe eo ba e latelang e se hanyetsane le melao-motheo ea Bibele.
b Ba bang ba ba le liphello tse sa lakatseheng ka mor’a ho sebelisa meriana, ho akarelletsa ho tšoenyeha le mathata a mang a itseng a maikutlo. Ho feta moo, ho sebelisa meriana e natlafatsang ka nakoana ho ka mpefatsa ho honyela ha mesifa ho bakuli ba nang le bothata ba ho etsa lintho tse khopisang ba sa elelloe bo kang Tourette syndrome. Kahoo tšebeliso ea meriana e lokela ho fanoa tlas’a tlhokomelo ea ngaka.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Tlhokomeliso Ho Batsoali
HOO e ka bang bana bohle ka linako tse ling likelello tsa bona lia lelera, ba lepotlapotla le ho ba leferesana. Boteng ba litšobotsi tsena hase kamehla bo bontšang ADHD. Bukeng ea hae, Before It’s Too Late, Dr. Stanton E. Samenow oa hlalosa: “Ke ’nile ka bona maemong a mangata haholo ngoana ea sa batleng ho etsa ntho e itseng a etsetsoa phephi hobane ho nahanoa hore o holofetse kapa o boemong bo itseng boo e seng phoso ea hae.”
Dr. Richard Bromfield le eena o bona hore hoa hlokahala ho ba hlokolosi. Oa ngola: “Ka sebele, batho ba bang ba fumanoang ba e-na le ADHD ba na le bothata ba methapo ’me ho hlokahala hore ba sebelise meriana. Empa bothata bona bo boetse bo boleloa ka phoso e le sesosa sa mefuta ena kaofela ea boitšoaro bo bobe, boikaketsi, ho se tsotelle le mathata a mang a batho ao maemong a mangata a sa amaneng ka letho le ADHD. Ha e le hantle, bosieo ba mekhoa e metle bophelong kajeno—ho ata ha pefo, ho sebelisoa hampe ha lithethefatsi le maemo a sa tšoseng hakaalo, a kang bosieo ba taolo ka lapeng le malapa a hlohlelletsang ngoana ho ba mafolofolo ho tlōla—bo batla bo tlatsetsa ho hlokeng botsitso ho kang ha ADHD ho feta kholofalo leha e le efe ea methapo.”
Kahoo ke ka lebaka le letle Dr. Ronald Goldberg a lemosang khahlanong le ho sebelisa ADHD e le “khetsi ea tsohle.” Keletso ea hae ke hore “ho tiisoe hore bothata bo hlahlobisisoa ka hohle-hohle.” Matšoao a tšoanang le a ADHD a ka ’na a bontša bo bong ba mathata a mangata a ’meleng kapa maikutlong. Ka lebaka leo, thuso ea ngaka e nang le phihlelo ea hlokahala bakeng sa ho fumana ka ho nepahetseng lefu le tšoereng motho.
Le haeba ho fumanoe lefu le mo tšoereng, e tla ba hantle hore batsoali ba hlahlobisise lehlakore le molemo le le kotsi la tšebeliso ea meriana. Ritalin e ka felisa matšoao a sa rateheng, empa e ka boela ea tlisa liphello tse sa thabiseng, tse kang ho hlobaela, ho tšoenyeha haholo le ho se phutholohe. Kahoo, Dr. Richard Bromfield o lemosa khahlanong le ho potlakela ho sebelisa meriana ngoaneng molemong feela oa ho felisa matšoao a ho eena. O re: “Bana ba bangata haholo le batho ba baholo ba bangata, ba ’nile ba fuoa Ritalin ka phoso. Phihlelong ea ka, ho sebelisa Ritalin ho bonahala ho itšetleha haholo ka bokhoni ba batsoali le matichere ba ho mamella boitšoaro ba ngoana. Ke tseba bana ba ’nileng ba e fuoa bakeng sa ho ba kokobetsa ho e-na le ho finyella litlhoko tsa bona.”
Ka lebaka leo, batsoali ha baa lokela ho potlakela ho re ngoana oa bona o na le ADHD kapa tšitiso ea ho ithuta. Ho e-na le hoo, ba lokela ho hlahlobisisa bopaki ka hloko, ka thuso ea setsebi se koetlisitsoeng. Haeba ho hlokomeleha hore ngoana o na le bothata ba ho ithuta kapa ADHD, batsoali ba lokela ho ipha nako ea ho tseba bothata boo hantle e le hore ba ka etsa se molemo ka ho fetisisa bakeng sa bana ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ngoana ea nang le ADHD o hloka ho fuoa taeo e mosa le e tsoelang pele
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Pabatso ea batsoali e phetha karolo e khōlō