“Lula U Tsitsitse ’me U Mamele!”
Ho Phela le Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo bo Feteletseng
“Nakong ena kaofela, Jim o ’nile a re Cal o mpa a sentsoe feela le hore haeba re ne re—a bolela ’na—ka tiisa letsoho ho eena, o ne a tla loka. Joale ngaka ke ena e re bolella hore hase ’na, hase rōna, hase matichere a Cal: ka sebele, ho na le ho hong ho phoso ka moshanyana oa rōna.”
CAL o na le Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo bo Feteletseng (ADHD [Attention Deficit Hyperactivity Disorder]), boemo bo tšoauoang ke ho lelera ha kelello, boitšoaro ba ho ba lepotlapotla le ho hloka botsitso ka ho feteletseng. Ho hakanngoa hore bothata bona bo ama karolo ea 3 ho isa ho ea 5 lekholong ea bana bohle ba lilemong tsa sekolo. Setsebi sa ho ithuta, Priscilla L. Vail, se re: “Likelello tsa bona li tšoana le TV e nang le phoso likonopong tsa tsamaiso. Khopolo e ’ngoe e lebisa ho e ’ngoe, ho se na tlhophiso leha e le boitšoaro.”
A re ke re hlahlobeng hakhutšoanyane matšoao a mararo a maholo a ADHD.
Ho lelera ha kelello: Ngoana ea nang le ADHD o sitoa ho hlokomoloha boitsebiso boo e seng ba bohlokoa le ho tsitsisa mohopolo tabeng e le ’ngoe. Kahoo, lintho tseo e seng tsa bohlokoa tseo a li bonang, tseo a li utloang le ho li fofonela li mo khelosa habonolo. O mametse, empa tikolohong ea hae ha ho ntho le e ’ngoe eo a behang tlhokomelo ho eona. O sitoa ho hlokomela hore na o lokela ho tsepamisa mohopolo oa hae ho efe.
Boitšoaro ba ho ba lepotlapotla: Ngoana ea nang le ADHD o etsa ntho pele a nahana, a sa nahane ka liphello. O bontša ho haelloa ke tokisetso le kahlolo e molemo, ’me ka linako tse ling liketso tsa hae li kotsi. Dr. Paul Wender oa ngola: “O mathela seterateng, lintšing tsa lilomo, o hloa sefate. Ka lebaka leo o ba le mengoapo e mengata ea ho sehoa, maqeba, ho phumoha le maeto a ho ea ngakeng ho feta lilemo tsa hae.”
Ho hloka botsitso ka ho feteletseng: Bana ba hlokang botsitso ka ho feteletseng ba lula ba ea koana le koana. Ba sitoa ho lula ba tsitsitse. Dr. Gordon Serfontein oa ngola bukeng ea hae, The Hidden Handicap: “Esita leha ba se ba hōlile, ho ba hlahlobisisa ho tla senola mofuta o itseng oa motsamao o tsoelang pele o amang meomo, maoto, liphaka, matsoho, melomo kapa leleme.”
Leha ho le joalo, bana ba bang ba kelello li lelerang le ba lepotlapotla hase ba hlokang botsitso ka ho feteletseng. Ka linako tse ling bothata ba bona bo bitsoa feela Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo (Attention Deficit Disorder) kapa ADD. Dr. Ronald Goldberg o hlalosa hore ADD “e ka ba teng kantle le ho hloka botsitso ka ho feteletseng. Kapa e ka ba teng ka tekanyo e itseng ea ho hloka botsitso ka ho feteletseng—ho tloha ho ho hlokomelehang hanyenyane, ho isa ho ho batlang ho tena, ho ea ho ho sitisang haholo.”
Ke’ng se Bakang ADHD?
Ka lilemo tse ngata, ho ’nile ha behoa molato oa mathata a ho lelera ha kelello ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho khōliso e mpe ho isa ho mabone a khantšang a fluorescence. Hona joale ho nahanoa hore ADHD e amana le likhathatso tse itseng tsa tšebetso ea boko. Ka 1990, National Institute of Mental Health e ile ea hlahloba batho ba baholo ba 25 ba nang le matšoao a ADHD ’me ea fumana hore ba sila tsoekere butle le ho feta likarolong tsona tseo tsa boko tse laolang motsamao le phalimeho. Ho hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea ba nang le ADHD, ho bonahala liphatsa tsa lefutso tsa motho ka mong li tlatsetsa. Ho ea ka The Hyperactive Child Book, lisosa tse ling tse ka ’nang tsa amahanngoa le ADHD ke ho sebelisoa ha tahi kapa lithethefatsi ke ’mè nakong ea boimana, ho kulisoa ke chefo ea loto, ’me maemong a ikhethang, mofuta o itseng oa lijo.
Mocha le Motho e Moholo ba Nang le ADHD
Lilemong tsa morao tjena lingaka li fumane hore ADHD hase feela boemo ba bongoana. Dr. Larry Silver o re: “Ke ho tloaelehileng hore ha batsoali ba tlisa ngoana phekolong ba re, ‘Ke ne ke le joalo le ’na ha ke sa le ngoana.’ Joale ebe ba lumela hore ba ntse ba e-na le mathata a ho ema moleng, ho lula ba tsitsitse nakong ea liboka, ho qeta mosebetsi oo ba o etsang.” Hona joale ho lumeloa hore hoo e ka bang halofo ea bana bohle ba nang le ADHD ba fetela le bonyane matšoao a itseng a eona bocheng le lilemong tsa ha ba se ba hōlile.
Lilemong tsa bocha, ba nang le ADHD ba ka ’na ba tlohela boitšoaro bo kotsi ba ea botlokotsebeng. ’Mè oa mocha e mong ea nang le ADHD o re: “Ke ne ke lula ke tšoenyehile ka hore ha a na ho finyella kolecheng. Hona joale ke se ke mpa ke rapela hore a se ke a kena teronkong.” Hore tšabo e joalo e ka ’na ea e-ba e loketseng ho bontšoa ke phuputso e bapisang bacha ba 103 ba hlokang botsitso ka ho feteletseng le sehlopha sa bana ba 100 bao ba neng ba bapisoa le bona ba se nang bothata boo. Newsweek ea tlaleha: “Nakong eo ba fihlang lilemong tse qalang tsa bo-20, bana ba tsoang sehlopheng sa ba hlokang botsitso ka ho feteletseng ba ne ba kopotse habeli menyetla ea ho ba le litlaleho tsa ho tšoaroa, ba kopotse hahlano menyetla ea ho ahloleloa tlōlo ea molao e tebileng ’me ba kopotse harobong menyetla ea ho qeta nako teronkong.”
Ho motho e moholo, ADHD e fana ka mathata a ikhethang. Dr. Edna Copeland o re: “Moshemane ea hlokang botsitso ka ho feteletseng e ka ’na ea e-ba motho ea chenchang mesebetsi khafetsa, ea lelekoang hangata mesebetsing, ea qetang letsatsi lohle a ntse a tšoara mona a tšoara mane ’me a solasola.” Ha sesosa se sa utloisisoe hantle, matšoao ana a ka ’na a senya lenyalo. Mosali oa monna e mong ea nang le ADHD o re: “Leha re qoqa feela, ha a khone ho utloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e buileng. Kamehla ekare o sebakeng se seng sesele.”
Ka sebele, litšobotsi tsena li tloaelehile bathong ba bangata—bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Dr. George Dorry o re: “U tlameha ho botsa hore na esale matšoao ao a le teng na.” Ka mohlala, o hlokomela hore haeba monna o qalile ho ba ea lebalang feela ka mor’a ho lahleheloa ke mosebetsi kapa ho tloha ha mosali a e-ba le ngoana, hoo hase bothata.
Ho feta moo, haeba ka sebele motho a e-na le ADHD, matšoao ana a ba likarolong tsohle—ke hore, a ama hoo e ka bang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho. Boo e ne e le boemo ka Gary ea lilemo li 38, monna ea bohlale, ea mahlahahlaha eo ho neng ho bonahala a sitoa ho phetha mosebetsi leha o le mong a sa sitiseha. O se a sebelitse mesebetsi e fetang 120. O ile a re: “Ke ne ke se ke bile ke amohetse taba ea hore nke ke ka atleha ho hang.” Empa Gary le ba bang ba bangata—bana, bacha le batho ba baholo—ba se ba thusitsoe ho sebetsana ka katleho le ADHD. Joang?