Tsa Mona le Mane
◼ Ho hakanngoa hore batho ba ka bang limilione tse 200, e leng liphesente tse 5 tsa baahi ba lefatše ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 64, ba ile ba sebelisa lithethefatsi tse seng molaong selemong se fetileng.—2005 WORLD DRUG REPORT EA UNITED NATIONS OFFICE ON DRUGS AND CRIME
◼ Liphuputso li bontša hore mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ea bonang pefo eo ho sebelisoang lithunya ho eona, a ka ba le menyetla e mengata ea ho iphumana a entse pefo e tšoanang nakong ea lilemo tse peli feela.—MAKASINE EA SCIENCE, U.S.A.
◼ São Paulo, Brazil, basali ba etsang liphesente tse 16,8 bao ka selemo sepetlele se fumaneng ba e-na le kankere ea matsoele, e ne e le basali ba ka tlase ho lilemo tse 35. Haeba e fumanoa kapele, ho na le menyetla e etsang liphesente tse 90 ea hore ba ka fola.—FOLHA ONLINE EA BRAZIL
Ho Loantša Bolutu
The Vancouver Sun e tlaleha hore bafuputsi ba etsang lipatlisiso ka bolutu ba bo bitsa “le leng la mafu a ka sehloohong a mehla ena ea rōna.” Phuputso e ’ngoe e fumane hore “batho ba ka bang bararo ho ba bane ba Amerika Leboea ba re ba lakatsa eka ho ka ba le ntho e itseng e ncha e thahasellisang bophelong ba bona.” Har’a tse ling tsa litlhahiso tse fanoeng ke koranta eo bakeng sa ho loantša bolutu ke tse latelang: “Etsa liphetoho tse itseng tseleng eo u tloaetseng ho etsa lintho ka eona,” “ithute ntho e itseng e ncha,” etsa “mosebetsi o itseng oa bohlokoa oa boithaopo,” “etsa boikoetliso bo itseng, bo kang . . . ho tsamaea ka potlako” hammoho le “ho itloaetsa ho ba ea nang le teboho.”
Bokhoba ba Kajeno
Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Mosebetsi Lefatšeng Lohle (United Nations International Labor Organization [ILO]) oa tlaleha: “Bonyane batho ba ka etsang limilione tse 12,3 lefatšeng ka bophara ba etsa mosebetsi o itseng oo ba o qobelloang.” Ho hakanngoa hore har’a batho bana, ba fetang limilione tse 2,4 ke ba rekisoang ka mokunyata. Mehlala ea mesebetsi e qobelloang—e leng mosebetsi oo motho a sa ithaopelang ho o etsa kapa litšebeletso tseo a tlamehang ho li etsa hobane a tšosoa—ke e kang botekatse, bosole, ho sebetsa tlas’a setlamo, moo maemong a mangata motho a lefuoang chelete e nyenyane kapa ho hang a sa lefuoeng, kaha moputso oa hae o nkoa o lefa sekoloto. Ho ea ka Mookameli ea ka Holimo-limo oa ILO, Juan Somavia, mosebetsi o joalo “o amoha batho litokelo tsa bona tsa botho ebile o ba ntša seriti.”
Bibele ea Pele e Feletseng ka Sekriole
The Sydney Morning Herald ea tlaleha: “Mosebetsi oa ho fetolela Bibele ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo ka puo ea matsoalloa a Australia o phethiloe.” Phetolelo e ncha ka Sekriole, e tlang ho lokolloa ka 2007, e tla tsoela Maaborijene a ka bang 30 000 molemo, a lulang libakeng tse ka thōko Australia Leboea. Koranta ena e re: “Mosebetsi ona oa ho fetolela o nkile lilemo tse 27.” Ho latela Mekhatlo e Kopaneng ea Bibele, “ho ngolisitsoe liphetolelo tse ncha tse 22 tsa Testamente e Ncha ka 2004.” Hona joale Bibele e ka baloa e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse khōlō le tse nyenyane tse ka bang 2 377.
Thempereichara ka Koloing e Pakileng
Makasine ea Pediatrics e bolela hore ka 2004, bana ba 35 ba ile ba bolaoa ke mocheso United States ka mor’a ho siuoa ka likoloing tse pakileng. Liphuputso li bontša hore ha thempereichara e ka ntle e feta likhato tse 30 tsa Celsius, ka har’a koloi e ka nyoloha ka potlako ho ba likhato tse 57 ho ea ho tse 68 tsa Celsius. Esita le haeba ka ntle thempereichara e le likhato tse 22 tsa Celsius, ka hare e ka nyoloha ka tse ling tse 22, ’me sena se ka etsahala nakong ea metsotso e 15 ho ea ho e 30 koloi e pakile. Ho siea lifensetere li butsoe ka lisenthimithara tse ’nè ha ho etse phapang ea letho, joalokaha ho se na thuso ho bulela moea o batang pele motho a tima koloi. Bangoli ba sehlooho sena ba lumela hore ho lemosa sechaba ka kotsi ena ho ka pholosa bophelo ba batho.