Lekhotla la Lefatše la Likereke—Le Lumellana Hore le be le ho se Tšoane
KA LA 3 ho isa ho la 14 August, 1993, motse oa Santiago, Spain, o ile oa amohela sehlopha se sa tloaelehang sa baeti. Motseng oo ho ne ho tšoaretsoe Seboka sa Lefatše sa Tumelo le Taolo, se neng se tšehelitsoe ka lichelete ke Lekhotla la Lefatše la Likereke. Pakane ea baeti bao e ne e le e makatsang—ho matlafatsa boiteko bo ileng ba emisa ba ho kopanya likereke tsa Bokreste-’mōtoana.
Desmond Tutu, moarekabishopo oa Chache ea tsoang Afrika Boroa o ile a hlalosa boemo ka ho tobileng e le “ho khinoa ha ntšetso-pele ea bonngoe ba Bokreste lefatšeng ka bophara.” A tletleba: “Re kenya menoana ea maoto a rōna ka metsing, empa ha re na sebete sa ho ikakhela ka ho feletseng.”
Ho ikakhela ka ho feletseng bakeng sa ntšetso-pele ea bonngoe ba Bokreste lefatšeng ka bophara ho ke ke ha e-ba bonolo. Likhaohano har’a baeti li ile tsa hlahella esita le nakong ea tšebeletso e bulang kerekeng ea K’hatholike ea Santiago. “Hymn to St. James [Sefela sa Mohalaleli Jakobo],” se ileng sa binoa nakong ea tšebeletso, se ile sa nyatsuoa ka hore se tlotlisa khatello ea Mak’hatholike a Spain ea lilemo tse makholo khahlanong le Bajode, Mamosleme, le Maprostanta, esita le hoja moarekabishopo oa K’hatholike Rouco a ne a khothalelitse ba nkileng karolo hore ba ‘be moeeng oa baeti ’me ba batle poelano har’a Bakreste.’
Na ho na le moralo leha e le ofe o ka sebeletsang ho boelanya Mak’hatholike, Maorthodox, le Maprostanta? Sehlopha se seng sa phuputso se ile sa hlahisa maikutlo a hore likereke tse fapaneng li talime Thuto ea Motheo ea Bolumeli ea Nicaea “e le pontšo ea sehlooho ea tumelo ea baapostola.” Ba ne ba tšepa hore thuto ena ea motheo ea bolumeli e ne e ka sebeletsa “e le mokhoa oa ho finyella bonngoe ba tumelo,” esita le hoja ho ka ’na ha e-ba le “litlhaloso tse fapaneng.”
“Litlhaloso tse fapaneng” li ile tsa hlahella ka makhetlo-khetlo nakong ea seboka seo. Baeti ba Maorthodox le Mak’hatholike ba ile ba bolela ho nyatsa ha bona qeto ea haufinyane tjena ea kereke ea Chache ka ho lumella ho khethoa ha basali bakeng sa bosebeletsi. Taba e ’ngoe e bakang khohlano ke tlhōlisano pakeng tsa likereke tsa Maorthodox le Mak’hatholike linaheng tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi. Moarekabishopo Iakovos oa Kereke ea Orthodox ea Greece o ile a bolela hore ho fosahetse ho bua ka “ho bolela evangeli hape ho lichaba tseo e bileng Bakreste ka makholo a lilemo” empa ba ileng ba tlameha hore ka bomalimabe ba phele ka lilemo tse mashome tlas’a Bokomonisi bo latolang boteng ba Molimo. Ha e le hantle, tlaleho ea seboka seo e ile ea nyatsa “ho sokolla” e le tšitiso bakeng sa bonngoe, le hoja e ile ea lumela hore ho hlokahala ‘kutloisiso e hlakileng ea sebōpeho sa boromuoa sa kereke.’
Mobishopo oa Bombay, Samuel B. Joshua, ka ho nyahama o ile a hlalosa bonngoe ba kereke e le “khopolo ea ntho e ke keng ea etsahala.” Ka mor’a hore eena ka boeena a thulane le mathata a amehang ho kopanyeng lihlopha tsa bolumeli tse tšeletseng India, o itse “melemo e ne e se ea sebele” ha moroalo oona o ne “o fetohile o boimahali.” O lumela hore bonngoe ba Bokreste ha boa lokela ho batloa “tabeng ea lithuto tsa bolumeli tsa kereke le taolo.”
Empa na bonngoe bo hlokomolohang lithuto tsa bolumeli e ka ba bonngoe ba ’nete? Na e ka ba kannete malumeli a ntseng a sa ‘utloisise sebōpeho sa boromuoa sa kereke’ a latela Kreste? Pauluse o itse balateli ba ’nete ba Kreste ba lokela ho tsoela pele ba “nahana ka tumellano.” (2 Ba-Korinthe 13:11, NW) Ho lumellana feela ka hore ho be le ho se tšoane ho hōle haholo le tekanyetso eo.