Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 4/8 maq. 18-20
  • Tieho—Lesholu la Nako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tieho—Lesholu la Nako
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Tieho?
  • Ho Tšoara Lesholu
  • Nahana ka Liphello
  • Ke Eng Seo Nka se Etsang?
  • Nka Khaotsa Joang ho Lieha ho Etsa Lintho?
    Bacha Baa Botsa
  • Se ka re Thusang ho Qoba ho Lieha ho Etsa Lintho
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • U ke ke Ua e Boloka, Kahoo, e Sebelise Hamolemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 4/8 maq. 18-20

Tieho—Lesholu la Nako

“Tieho ke lesholu la nako.”—Edward Young, c. 1742.

BUTLE! U se ke ua beha sehlooho sena fatše! U tseba se ka ’nang sa etsahala. U ka ’na ua se beha fatše ’me ua re: “Ke sehlooho se thahasellisang, empa ha ke na nako ea ho se bala hona joale. Ke tla se bona hamorao.” Empa hamorao ha ho mohla e tlang.

U se ke ua lieha ho bala sehlooho sena se buang ka tieho! Sheba hore na u nka nako e kae ho se bala. Mohlomong u tla khona ho bala sehlooho sena ka metsotso e ka bang mehlano. Joale u tla be u qetile hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea makasine ona oohle! Sheba nako ea hao joale ’me u qale ho bona hore na u nka nako e kae. (U se u balile karolo ea 5 lekholong ea sehlooho sena!)

Na ke Tieho?

Haeba u behella ka thōko seo u ka se etsang—kapa u liehisa seo u lokelang ho se etsa hona joale—u lieha ho etsa lintho. Ka mantsoe a mang, u behella ka thōko seo u ka se etsang hona joale, kajeno, hore u tla se etsa hosane. Motho ea liehang ho etsa lintho o lieha ho nka khato ha ho hlokahala ho nka khato.

Mookameli o kōpa tlaleho ho mohiruoa; batsoali ba kōpa hore ngoana oa bona a hloekise kamore ea hae; mosali o kōpa hore monna oa hae a lokise pompo. “Ke ile ka tšoareha haholo” kapa, “Ke lebetse,” kapa, “Ha kea ba le nako” ke boikemelo bo fanoang bakeng sa ho se etse se lebeletsoeng. Bonneteng, ke ba seng bakae ho rōna ba ratang ho etsa litlaleho kapa ho hloekisa likamore kapa ho lokisa lipompo tsa metsi ha ho e-na le lintho tse ling tse thabisang tse ka etsoang. Kahoo re li behella ka thōko, re lieha ho li etsa.

Leha ho le joalo, na u ne u tseba hore ka linako tse ling hase ho lieha ho etsa lintho ha re behella ntho e itseng ka thōko? Mosali e mong ea nang le khoebo ha a fumana kōpo empa a sa tsebe hore na o tla etsa joang o e kenya ka har’a lebokose le ngotsoeng “e tla bonoa” deskeng ea hae. Ka mor’a libeke tse seng kae, o ikhopotsa lintho tsena ebe o fumana hore halofo ea tsona ha e hloke hore a etse letho. Li itšebelitse kapa ha li sa hlokahala. Haeba u sa kholiseha hore na u liehe kapa u nke khato, leka ho fumana hantle hore na ho tla etsahala eng haeba ho se mohla u tla etsa seo u se behellang ka thōko. Na ho ka etsahala hore phello e be e molemo haeba u se etsa kapa e tla ba mpe?

Haeba re ka khona ’me re lokela ho nka khato hona joale ’me ho tsila-tsila ho nka khato e hlokahalang ho ka baka mathata a eketsehileng hamorao, ho tsila-tsila hoo ke ho lieha ho etsa lintho. Ka mohlala, ho hlatsoa lijana ka mor’a hore li khoakhoathele ho etsa hore ho be thata ho li khoakhoatholla. Ho lieha ho lokisa koloi ho ka fella ka litokiso tse theko e boima hamorao. Ho lieha ho lefa molato ho ka fella ka litefello tse boima haholoanyane kapa ua lahleheloa ke litšebeletso. Mosali e mong o ile a fumana hore litekete tsa hae tse siuoeng ke nako tsa ho khanna ka lebelo le phahameng, litheipi tsa video, le libuka tsa laebrari li entse kakaretso ea litefiso tsa ho lieha ho lefa ka nako tse etsang lidolara tse 46 (liranta tse 167)! E bile ka khoeli e le ’ngoe feela!

Ho Tšoara Lesholu

Utloisisa lebaka leo u liehang ka lona ho etsa lintho. Hlokomela mabaka ana a latelang, ’me u bone hore na u ka bona le ka tšoanelang mosebetsi o mong oo u e-song ho o qale kapa ho o phetha:

Tloaelo:

Haeba ke ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela, ke tla ba le tšusumetso e eketsehileng ea ho o phetha.

Ke thabisoa ke ho ba moeeng hoo ke ho fumanang ka ho o etsa motsotsong oa ho qetela-qetela.

Ke tla emela hore mong’a ka a be a nkhopotse ka makhetlo a ’maloa, joale ke tla tseba hore ke ntho eo a hlileng a batlang hore e etsoe.

Ke na le lintho tse ngata haholo tseo ke tlamehang ho li etsa hoo ke hlokomelang feela lintho tsa bohlokoa.

Boikutlo:

Ha ke na takatso kapa tšusumetso ea ho etsa kabelo ena.

Ke etsa lintho feela ha ke utloa ke batla ho li etsa.

Ke batla ho etsa ntho e ’ngoe esele.

Ke sitoa ho itaea.

Tšabo:

Ha ke na bonnete ba hore nka ho etsa.

Ha ke na nako e lekaneng ea ho ho etsa.

Ke mosebetsi o mongata haholo. Ke hloka thuso.

Ho thoe’ng haeba ke sa atlehe kapa ke sa o phethe?

Ke tlameha ho fumana thepa ea ho phetha mosebetsi ona.

Ke tšaba hore ke tla nyatsuoa kapa ke hlabisoe lihlong.

Batho ba fapaneng ba lieha ho etsa lintho mabakeng a sa tšoaneng. Ba bang ba lieha ho etsa lintho pele ba qala hobane ba nka hore mosebetsi oo o mongata haholo. Ba bang baa qala, empa ha ba le bohareng, mafolo-folo aa fela, ’me ba behella ka thōko taba ea ho o phetha. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ba haufi le ho o phetha empa ebe ba qala mosebetsi o mong, ba siea oa pele o sa phethoa. (U etsa hantle haholo. U se u le halofong ea sehlooho sena.)

Mabaka a hao a ho se qale mosebetsi kapa ho o phetha a ka oela likarolong tsena tse tharo kaofela. Bukeng ea The Now Habit, Neil Fiore o ile a ngola: “Mabaka a sehlooho a susumetsang mathata a mangata a ho lieha ho etsa lintho: ho ikutloa eka u mohlaseluoa, ho seleballoa, le ho tšaba ho hlōleha.” Ho sa tsotellehe hore na mabaka ke afe, haeba u ka khona ho lemoha lisosa, u tla ba haufi le tharollo.

Haeba u sa kholiseha hore na ke hobane’ng ha u lieha ho etsa lintho, etsa tlaleho ea mesebetsi ea hao ea beke ’me u be le nako ea metsotso e mashome a mararo lipakeng. Fumana hantle hore na u sebelisa nako joang. Ho ka u bula mahlo ho bona nako eo u e qetang linthong tseo eseng tsa bohlokoa ka nako ea ha u etsa tseo e leng tsa bohlokoa. Ebe u etsa joang?

Nahana ka Liphello

Ho lebella hore ntho e ka etsahala u sa etsa boiteko ho ka hlahisa boikutlo bo kulisang. Ha u atamela nako eo mosebetsi o itseng o lokelang ebe o finyeletsoe, u qala ho ba tlas’a khatello le ho tšoenyeha. Ha maikutlo ana a ntse a eketseha, matla a hao a ho qapa a ka sitisoa. Ha u sa ikemiselitse ho lekanya kapa ho seka-seka litsela tse fapa-fapaneng tsa ho finyella pakane empa haholo-holo u ikemiselitse ho o phetha.

Ka mohlala: U abetsoe ho fana ka puo. Bosiung ba pele ho eona, u ngola mantsoe a seng makae pampiring. Ha ua ba le nako e lekaneng ea ho etsa patlisiso puong ena, kahoo u se u etsa hla-hla-fe-the. Mohlomong ka ho etsa boiteko bo eketsehileng bo seng bokae, u ka be u akarelelitse le liphihlelo, boitsebiso bo tšehetsang, kapa lichate bakeng sa ho thusa bamameli ba hao hore ba iketsetse setšoantšo ka seo ho buuoang ka sona.

Phello e ’ngoe e bakoang ke ha re lieha ho etsa mosebetsi ke ho hlōleha ho phomola ha re e-na le nako eo re sa etseng letho ka eona. Ke hobane re khebetloa ke matsoalo (kapa motho ea sa re feng tšoeea ea re hopotsang) hore re siile mosebetsi o sa fela.

Ke Eng Seo Nka se Etsang?

Etsa lethathamo. Etsa sena bosiung bo ka pele. Ngola fatše lintho tseo u batlang ho li phetha letsatsing le hlahlamang. Ka tsela ena u ke ke ua lebala ntho e ’ngoe, ’me u tla bona khatelo-pele eo u e etsang ha u ntse u tšoaea lintho tseo u li phethileng. Ka lehlakoreng le letona la ntho ka ’ngoe, ngola hore na u nahana hore ho tla nka nako e kae ho phetha kabelo eo. Haeba u etsa lethathamo la ‘Tse Tla Etsoa’ bakeng sa letsatsi, sebelisa metsotso. Haeba u etsa lethathamo la mosebetsi, sebelisa lihora. Etsa lethathamo lena bosiung bo ka pele. Iphe metsotso e seng mekae ho hlophisa lethathamo la hao bakeng sa letsatsi le hlahlamang. E-ba le almanaka ea khoeli eo haufi. Ha u amohela likabelo le litaetsano, li ngole teng.

Ha u hlahloba mesebetsi ea letsatsi le hlahlamang, hlahlamisa lintho tse tlang pele almanakeng ea hao, u ngole A, B, C, joalo-joalo pel’a mosebetsi o tlamehang ho phethoa. Batho ba bang ba sebetsa hantle hoseng, ba bang thapama kapa mantsiboea. Lokisetsa ho etsa mesebetsi ea hao e boima nakong ea ha u sa na le matla. Beha mesebetsi e sa thabiseng haholoanyane pele ho e thabisang haholoanyane.

Laela nako. Haeba u siuoa ke nako kamehla, u hlaphasela hobane u siiloe ke nako, ithute ho laela nako. Ke hore u lekanye hore na u tla hloka nako e kae ho etsa mosebetsi. Eketsa metsotso e seng mekae bakeng sa mosebetsi bakeng sa “tlokotsi” e ka ’nang ea hlaha. U se ke ua lebala ho lumella nako pakeng tsa litaetsano. Ho hlokahala hore u eketse nako ea ho tsamaea. U ke ke ua phetha seboka ka 10:00 hoseng ebe u ba ho se seng ka 10:00 hoseng esita le haeba se le ka tlung e pel’a eo, ha re sa re letho ka haeba se tšoareloa ka lehlakoreng le leng la toropo. Fana ka nako e lekaneng lipakeng.

Aba mesebetsi. Hangata re leka ho etsa lintho tsohle re le bang leha ho sa hlokahale. Motho e mong a ka ’na a re isetsa sephutheloana haeba re tseba hore o ea posong.

O arole. Ka linako tse ling ha re qale mosebetsi o mocha ka lebaka la boholo ba oona. Ke hobane’ng ha u sa arole mesebetsi e meholo ho e etsa e menyenyane? Ha re phetha mesebetsi e menyenyane, re tla bona khatelo-pele ea rōna ’me re khothatsoe ho phetha o hlahlamang.

Etsa sebaka bakeng sa litšitiso. Kamehla ho na le litšitiso letsatsing la rōna la mosebetsi—ho letsetsoa thelefono, baeti, mathata, mangolo. Re batla ho sebetsa ka katleho, e leng ho kopanyelletsang ho sebetsa le batho ba bang bao le bona ba behetsoeng nako eo mosebetsi o lokelang ho phethoa ka eona. Haeba re amehile feela ka ho sebetsa ka katleho, re tla halefisoa ke ha ba bang ba re sitisa mesebetsing ea rōna. Ka hona, lokisetsa litšitiso. Lumella nako bakeng sa liketsahalo tse sa lebelloang. Ha tsena li hlaha, u ka sebetsana le tsona, u tseba hore u lumelletse nako e ’ngoe bakeng sa tsona.

Moputso. Ha u etsa kemiso ea hao, u lokela ho lokisetsa ho etsa mosebetsi o matla le oo ho tsepamisitsoeng mohopolo ho oona ka metsotso e ka bang 90. U se ke ua lebala ho etsa kemiso ea nako ea ho lokisetsa mosebetsi. Ka mor’a hore u hle u qale mosebetsi ’me u se u ile ua o etsa ka hora le halofo, u ka ’na ua ba le khefu e nyenyane. Haeba u sebetsa ofising, etsa khefu, ikotlolle, ’me u nahane ka seo u se entseng. Haeba u sebetsa kantle, e-ja lijonyana tse hlapholang. Iphe moputso bakeng sa mosebetsi oa hao.—Moeklesia 3:13.

Ak’u nahane, u qetile taba ena ka metsotso e ka bang mehlano ka mor’a ho bala sehlooho. Mohlomong u tseleng e isang phekong ea bothata ba hao!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela