Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 82
  • Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa nako ka bohlale?
  • Seo u ka se etsang
  • Tieho—Lesholu la Nako
    Tsoha!—1995
  • Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng
    Tsoha!—2010
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 82
Mocha o koatetse taba ea hore ha a khona ho etsa lintho ka nako eo a neng a ipehetse eona, o bapetse bolo le ho shebella TV pele a etsa mosebetsi oa sekolo

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebelisa Nako ea ka ka Bohlale Joang?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa nako ka bohlale?

  • Seo u ka se etsang

  • Seo Bacha ba bang ba se buang

Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa nako ka bohlale?

  • Nako e tšoana le Chelete. Ha u e sebelisa hampe, e tla be e le sieo nakong eo u e hlokang. Ka lehlakoreng le leng, haeba u tseba ho sebelisa nako hantle, u tla khona ho ba le ea ho etsa le lintho tseo u li ratang.

    Molao-motheo: “Ea botsoa o iponahatsa a lakatsa, empa moea oa hae ha o na letho. Leha ho le joalo, moea oa ba khothetseng o tla nona.”​—Liproverbia 13:4.

    Seo e leng ’nete: Ha u tseba ho sebelisa nako ea hao hantle, u tla ba le e ngata ea ho etsa lintho tse ling.

  • Ho tseba ho sebelisa nako hantle ke ntho ea bohlokoa e ka u thusang ha u se u le moholo. E ka u thusa le hore u se ke oa tebeloa mosebetsing. Hape haeba u e-na le khoebo, na u ka thabela ho sebetsa le batho ba sa bolokeng nako?

    Molao-motheo: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo.”​—Luka 16:10.

    Ntlha ea bohlokoa: Ha u khona ho sebelisa nako hantle, u bontša hore na u motho ea joang.

Ho bua ’nete feela, ha se ntho e bonolo hore u khone ho sebelisa nako ka bohlale. Nahana ka mathata ana.

Bothata #1: Metsoalle

“Hangata ha metsoalle ea ka e re re intše, kea lumela, le hoja ka linako tse ling ke se na nako. Ebe ke re: Ke na le leqheka! Ke tla bona lintho tseo ke lokelang ho li etsa ha ke khutla. Hangata ha ho ke ho etsahale joalo, kahoo lintho li mpefala le ho feta.”​—Cynthia.

Bothata #2: Tšitiso

“TV e etsa hore u batle ho lula u e shebella. E ka u jella nako le matla hobane ho le thata ho khaotsa ho shebella mananeo le lifilimi.”​—Ivy.

“Ka linako tse ling ke qeta lihora tse ngata ke ntse ke sebelisa tablete ea ka. Ke ee utloe ke soabile ha ke tlohela ho e sebelisa hobane feela beteri e felile.”​—Marie.

Bothata #3: Ho Chechisa Nako

“Ha ke lokela ho etsa mosebetsi oa sekolo kapa ntho e ’ngoe feela eo ke tlamehang ho e etsa, ke lula ke chechisa nako. Ke senya nako linthong tse se nang thuso ho fihlela ha ke se ke tlameha ho etsa mosebetsi oa sekolo. Ona ha se mokhoa o motle oa ho sebelisa nako.”​—Beth.

Mocha o thabetse hore ebe o khonne ho etsa lintho ka nako eo a neng a ipehetse eona, o ne a lokela ho bala, a etse mosebetsi oa sekolo, o ile a ba a fumana nako ea ho bapala bolo

Ho sebelisa nako ka bohlale ho tla u thusa hore u be le nako e ngata e seng e fokolang

Seo u ka se etsang

  1. Etsa lethathamo la mesebetsi eo u lokelang ho e phetha. Mohlala, e ka ba mesebetsi e etsoang lapeng le mosebetsi oa sekolo. Ngola hore na bekeng u hloka nako e kae ho qeta mosebetsi o mong le o mong.

    Molao-motheo: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

  2. Etsa lethathamo la lintho tseo u batlang ho li etsa ha u se na mosebetsi. Lintho tsena li ka akarelletsa ho kena mecheng ea puisano le ho shebella Thelevishene. Hape ngola hore na ke lihora tse kae tseo u li qetang u etsa lintho tsena bekeng.

    Molao-motheo: “Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale . . . , le ithekele nako e loketseng.”​—Bakolose 4:5.

  3. Iketsetse moralo. Sheba mathathamo a mabeli ao u a entseng. Na u file mesebetsi ea bohlokoa nako e lekaneng? Na u bona eka ho bohlokoa hore u fokotse nako eo u e qetang linthong tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo?

    Keletso: Etsa lethathamo la lintho tseo u lokelang ho li etsa letsatsi le leng le le leng, ebe u tšoaea e ’ngoe le e ’ngoe ha u qeta ho e etsa.

    Molao-motheo: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”​—Liproverbia 21:5.

  4. Phelela seo u se rerileng. Ke ’nete hore u ka ’na ua tlameha hore ka linako tse ling u se ke ua lumela ha metsoalle e u mema e le hore u phethe mesebetsi ea bohlokoa. Leha ho le joalo, u tla bona hore u na le nako e ngata ea ho ithabisa, ’me u tla e thabela le ho feta.

    Molao-motheo: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lona.”​—Baroma 12:11.

  5. Ipatale empa e seng kapelenyana. “Ka nako e ’ngoe ke khona ho etsa lintho tse peli tse lethathamong leo ke le entseng, ebe ke re, ‘Ke tla shebella TV metsotso e 15 feela ebe ke khutlela mosebetsing.’ Le pele nka nahana, metsotso e 15 e fetoha e 30, e 30 eona e fetoha hora kaofela, ke iphumana ke qetile lihora tse peli ke shebeletse TV!”​—Tara.

    Tharollo. U nke boithabiso e le patala eo u iphang eona hobane u qetile mesebetsi eohle eo u neng u lokela ho e etsa.

    Molao-motheo: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore . . . [a] bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”​—Moeklesia 2:24.

Seo Bacha ba bang ba se buang:

Cheyenne

“Ke ba le lintho tseo ke li ngotseng fatše e le hore ke bone hore na ke lokela ho etsa’ng. Ke boetse ke ipha nako ea ho phomola e le hore ke khe matla. Ho tseba hore na ke batla ho etsa’ng ho nthusa ho bona hore na ke lokela ho tiisa kae le hore ke khoehlise kae.”​—Cheyenne.

Samuel

“Ke ithutile ho hana ho etsa lintho tseo ke sa tlamehang ho li etsa. Ha ho bonolo ho hana empa ha ke e-s’o bone motho ea nkoatelang ha ke mo joetsa hore ke hana hobane ha ke tl’o khona ho tsepamisa kelello ea ka nthong eo.”​—Samuel.

Brooklyn

“Ha ke sa khone ho etsa lintho tseo ke rerileng ho li etsa, ke tloaetse ho itima boroko ebe kea ikoetlisa. Empa ka linako tse ling, nako eo ea ho robala kapa ea ho ikoetlisa e etsa hore ke tsohe ke le mahlahahlaha ebile ke thabile letsatsi le hlahlamang. Ho bohlokoa ho ela hloko hore u lula u phetse hantle ’meleng.”​—Brooklyn.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela