Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 11
  • Nka Khaotsa Joang ho Lieha ho Etsa Lintho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Khaotsa Joang ho Lieha ho Etsa Lintho?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi o bonahala o le boima.
  • U ikutloa u tepeletse.
  • U se u ntse u le maphathaphathe.
  • Tieho—Lesholu la Nako
    Tsoha!—1995
  • Se ka re Thusang ho Qoba ho Lieha ho Etsa Lintho
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Nka Etsa Joang Hore ke se ke ka Imeloa Kelellong?
    Tsoha!—2012
  • Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 11

BACHA BAA BOTSA

Nka Khaotsa Joang ho Lieha ho Etsa Lintho?

Na u tenoa ke hore e be kamehla u qeta mesebetsi ea hao ea lapeng le ea sekolo ka morao ho nako? U lokela ho khaotsa ho lieha ho etsa lintho! Sehlooho sena se tla u thusa ho khaotsa ho lieha ho etsa lintho, le haeba

  • mosebetsi o bonahala o le boima.

  • u ikutloa u tepeletse.

  • u se u ntse u le maphathaphathe.

Ka mor’a ho bala sehlooho sena ak’u arabe tlhahlobo e mabapi le ho lieha ho etsa lintho.

Bibele e hlalosa liphello tse bosula tsa ho lieha ho etsa lintho. E re: “Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.”​—Moeklesia 11:4.

Ak’u hlahlobe tse ling tsa lintho tseo e ka bang bothata le seo u ka se etsang ho khaotsa ho lieha ho etsa lintho.

Mosebetsi o bonahala o le boima.

Ho bua ’nete, mesebetsi e meng e nyahamisa hoo ho leng bonolo hore re e chechisetse morao. Litlhahiso tse ’maloa ke tsena.

  • Etsa mosebetsi hanyane ka hanyane. Ngoanana e mong ea bitsoang Melissa o re: “Le hoja ke tseba hore ke saletse morao, ke leka ho etsa ntho e le ’ngoe ka nako.”

  • Qala hang-hang. “Hang ha u fuoa mosebetsi, o etse, le haeba hoo ho bolela hore u o ngole lethathamong la lintho tseo u lokelang ho li etsa, kapa hona ho ngola lintlha tse itseng ka oona pele u li lebala.”​—Vera.

  • Kōpa thuso. E ka ’na eaba batsoali kapa matichere a hao, ba kile ba ba le bothata bo tšoanang. Ke hobane’ng ha u sa anye bohlaleng ba bona? Ba ka ’na ba u thusa hore u hlophise lintlha tsa hao hantle le ho etsa moralo.

Keletso “Etsa kemiso. ’Nete ke hore seo se hloka hore u hlophise lintho tsa hao hantle le hore u ikemisetse ho e khomarela, u ka atleha​—u tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako ea teng.”​—Abbey.

U ikutloa u tepeletse.

Hangata, mesebetsi eo u lokelang ho e etsa e ka akarelletsa lintho tseo u sa li rateng. Kahoo, u ka etsa’ng haeba u lokela ho etsa mosebetsi oo u sa o rateng? Ak’u leke lintho tse latelang.

  • Fumana lebaka la ho o etsa kapele. Ka mohlala, nahana feela hore na u tla thaba joang ha u se u o qetile. Ngoanana e mong ea bitsoang Amy o re: “Kea thaba ha ke qetile ho etsa mosebetsi oa ka ka nako, kapa pele ho nako, hobane joale nka khona ho phomola.”

  • Nahana ka liphello. Haeba u lieha, u ipeha tlas’a khatello ’me u itšoara matsoho. Bibele e re: “Seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.”​—Bagalata 6:7, Bibele Phetolelo e Ncha.

  • Nka eka nako ea ho qeta mosebetsi e haufinyane. Ngoanana e mong ea bitsoang Alicia o re: “Hoa nthusa haeba ke etsa eka nako eo ke lokelang ho phetha mosebetsi ka eona ke letsatsi kapa a mabeli pele ho nako ea teng. Seo se mpha nako ea hore ke hlahlobe hore na ke o entse hantle, hape se mpha letsatsi kapa a mabeli bakeng sa haeba ho ka hlaha ntho e ’ngoe.”

Keletso “Taba ke hore na u nahana joang. Ipolelle hore u tla etsa seo u lokelang ho se etsa le hore ha ho letho le tla u thibela. Haeba ke ipolella seo, ke phetha mosebetsi oa ka.”​—Alexis.

U se u ntse u le maphathaphathe.

Nathan o re: “Hangata batho ba re ke lieha ho etsa lintho, empa hase ’nete taba eo! Ha ba bone hore na ke phathahane hakae!” Haeba u ikutloa joaloka Nathan, leka ho sebelisa likeletso tsena.

  • Qala ka mesebetsi e bonolo. Ngoanana ea bitsoang Amber o re: “Motho e mong o ile a nthuta hore haeba mosebetsi o nka metsotso e ’maloa feela, u etse hang-hang. Mesebetsi eo e akarelletsa ho hloekisa, ho paka liphahlo, ho hlatsoa lijana kapa ho letsetsa motho e mong.”

  • Qala ka lintho tsa bohlokoa. Bibele e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) U ka sebelisa keletso ee joang bophelong? Ngoanana ea bitsoang Anna o re: “Ke boloka tlaleho ea lintho tsohle tseo ke lokelang ho li etsa, le hore na li lokela ho phethoa neng. Empa ntho ea bohlokoa eo ke e etsang ke ho ngola hore na ke rera ho etsa mosebetsi o mong le o mong neng, le hore na ke tla o qeta neng.”

Na seo se bonahala se le thata? Nahana hantle. ’Nete ke hore ha u etsa kemiso, u laola nako ea hao, ho e-na le ho lumella hore nako e u laole. Seo se tla u imolla. Ngoanana ea bitsoang Kelly o re: “Ho ba le kemiso ho etsa hore ke khobe matšoafo le ho etsa hore lintho li lule malulong.”

  • Tlosa litšitiso. Jennifer o re: “Ke etsa hore e mong le e mong ka lapeng, a tsebe ha ke qala mosebetsi oa ka. Haeba ho na le ntho e itseng eo ba batlang hore ke e etse, ke ba kōpa hore ba mpolelle pele ke qala mosebetsi oa ka. Hape ke tima molumo o ntlhokomelisang ha melaetsa e kena founong.”

Keletso “Mosebetsi leha e le ofe oo u lokelang ho o etsa, o ke ke oa fela ntle le hore u o etse. O etse ho e-na le ho lula u tšoenyehile ka oona. Ha u etsa joalo u tla khona ho phomola ka mor’a moo.”​—Jordan.

Ak’u arabe tlhahlobo e mabapi le ho lieha ho etsa lintho.

’Nete Kapa Bohata

  1. Ha ua lokela ho lieha ho etsa lintho.

  2. Batho ba tloaetseng ho lieha ho etsa lintho ba ka fetoha.

  3. U ka etsa lintho hantle le ho feta ha u le tlas’a khatello.

  4. U futsa tloaelo ea ho lieha ho etsa lintho ho batsoali ba hao.

Likarabo

  1. Bohata. U ka ’na ua ba le lebaka le utloahalang la ho lieha ho etsa lintho. Ka mohlala, ha u ema hanyenyane, seo se ka u fa nako e lekaneng ea ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ho etsa moralo le ho etsa khetho e nepahetseng.​—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 21:5.

  2. ’Nete. U ka tlohela mekhoa e mebe. Ntho ea bohlokoa ke hore u nahane ka melemo eo u tla e fumana ha u fetola mekhoa ea hao.​—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 4:22, 23.

  3. Bohata. Boholo ba nako u ke ke ua khona. ’Nete ke hore mosebetsi o tsoileng matsoho o hlaha ha motho a iphile nako e lekaneng esita le ho nahana lintho ka hloko esale pele.​—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 15:28.

  4. Bohata. Le haeba e mong oa batsoali ba hao a tloaetse ho lieha ho etsa lintho, litsebi ha li e-s’o fumane bopaki ba hore motho a ka futsa mokhoa oo.​—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela