Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 5/8 maq. 17-18
  • Ho Fumana Leseli ka Kelello ea Raleqhoa le Batho ba Hahabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Leseli ka Kelello ea Raleqhoa le Batho ba Hahabo
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba Bolumeli
  • Histori ea Boholo-holo ea Batho le Bibele
  • Ho Batla Tšimoloho
  • Makolopetso a Isang Tharollong ea Sephiri sa Raleqhoa
    Tsoha!—1995
  • Setopo se Bolokehileng Hantle se Tsoang Serameng
    Tsoha!—1995
  • Bolumeli Bo Qalile Joang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Masiba Boqapi bo Hlollang
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 5/8 maq. 17-18

Ho Fumana Leseli ka Kelello ea Raleqhoa le Batho ba Hahabo

HA RE khutleleng ho Ötzi. Na e ne e le motho oa boholo-holo, ea hlokang kelello le ea haelloang ke boikutlo ba botle? Lijana tsa hae, libetsa tsa hae le liaparo tsa hae li senola eng?

Libetsa tsa Ötzi li senola hore o ne a na le tsebo e babatsehang ea ho tsoibila. Metsu e ’meli e qetiloeng e ne e na le masiba a khethehileng kutung. Masiba ana a ne a khomarelitsoe ka tsela e itseng ho etsa hore motsu o likolohe nakong eo o phosoang ka eona, o lumelloa tekanyo e itseng ea ho nepa ho isa bohōleng ba limithara tse ka bang 30. Liaparo tsa hae tsa letlalo (matlalo a liphoofolo tse fapa-fapaneng) li re bolella ho hong ka khetho ea liaparo ea nakong ea hae. Kajeno seaparo ha se hloke feela ho koahela ’mele empa hape se lokela ho finyella litlhoko tse itseng tsa botle. Ho thoe’ng ka tsa mehleng ea Ötzi? Ha makasine oa Time o hlalosa se sibolotsoeng o re: “Seaparo se selelele sa ka holimo se ne se rokiloe ka bohlale ka khareng kapa litšoele, ’me se ne se bonahala se tšoana le paterone ea masela a matle a rokiloeng hammoho.” Likhechana tsena le mokhoa oo li rokeletsoeng ka oona ka boomo li tlatselitse ho etsa “paterone e kang ea malase-lapi,” kamoo ho bolelang buka Der Mann im Eis (Monna oa Leqhoeng). Ka holim’a seaparo sena, Raleqhoa o ne a apara “seaparo sa moseme, se mo sireletsang mohatseleng, seo hape nakong ea khefu se neng se ka sebelisoa joaloka ‘moalo’ ho thibela ’mele oa hae ho thetsa fatše.”—Focus.

Time e hlalosa ka ho re: “Tsebo ka tekanyo e sa lebelloang” e boetse ea bonoa lisebelisoeng tsa hae. Ka mohlala, thipa e ne e kentsoe ka “selateng se setle, se entsoeng ka limela tse lohiloeng.” Kahoo ho hlakile hore Raleqhoa o ne a phela nakong eo ka sebele e neng e le “ea bohlokoa le ea tlhaboloho e matla,” kamoo ho hlalosang Giovanni Maria Pace bukeng ea hae Gli italiani dell’Età della pietra (Mehla ea ha Mataliana a sa Sebelisa Lejoe).

Ho ka boleloa hape ka likhoaeane tse fumanoeng haufi le Ötzi. Mohlomong li ne li sebelisoa ho hotetsa mollo, empa litsebi li bolela hore ho ka etsahala hore ebe Raleqhoa o ne a tsamaea a li nkile ka lebaka la molemo oa tsona oa ho thibela likokoana-hloko le phekolo, e leng karolo ea lebokosana la “thuso ea pele.”

Tsebo ea ho khabisa, bohlale, tsebo ea meriana, tsebo ea ho sebetsa ka tšepe, temo le tsebo ea bonono—lintho tsena li fana ka maikutlo a fapaneng, a hore lithaka tsa Raleqhoa li ne li na le tsebo e ngata litšobotsing tse fapaneng. Setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale sa Brithani Dr. Lawrence Barfield se itse: “Ke ba ’maloa haholo ho rōna kajeno ba ka bang le tsebo leha e le efe eo batho ba bangata ba neng ba na le eona lilemong tse fetileng tse likete tse ’nè [B.C.E.].” Ka mohlala, tsebo ea bona e bonahala litšoantšong le mesebetsing ea matsoho ea tšepe le letsopa e fumanoeng mabitleng.

Boemo ba Bolumeli

The New Encyclopædia Britannica e re: “Kamoo litsebi li fumaneng kateng, ha ho mohla ho kileng ha e-ba le batho leha e le bafe, kae kapa kae, ka nako efe kapa efe, bao ka kutloisiso e itseng e neng e se balumeli.” Dizionario delle religioni (Buka e Hlalosang Mantsoe ea Malumeli) ha e bua ka karolo ea bohlokoa e phethahalitsoeng ke bolumeli mehleng ea boholo-holo e bolela hore “ha bo bapisoa le tse neng li sebelisoa bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho na le lintho tse ngata le matla tse neng li sebelisoa mererong ea bolumeli.”

Maikutlo a bolumeli a mehleng ea Ötzi a ne a hlakile. Libakeng tse ngata, ho fumanoe litša tsa mabitla tse nang le bopaki ba mekhoa e fapa-fapaneng le e majaba-jaba ea meetlo ea mapato. Ho boetse ho fumanoe liemahale tse ngata tse nyenyane tsa letsopa tse tšoantšetsang melingoana ea boholo-holo.

Histori ea Boholo-holo ea Batho le Bibele

Litsoelo-pele tse hlahisoang ke phuputso tse ileng tsa etsoa ka nako eo mabapi le mehla ea boholo-holo, li ne li rarahane haholo. Motho ha a be le maikutlo a hore e ne e le tsoelo-pele ea boholo-holo, e qoetseng har’a mathata a mangata, e loanelang ho etsa khatelo-pele e hlokomelehang hore ho theoe sechaba se tsoetseng pele ka ho feletseng. Ho latela bo-rahistori, lichaba e ne e le tsa boholo bo fapaneng empa li ne li tsoetse pele ka ho feletseng.

Sena se molemo ho leha e le mang ea ithutang Bibele. Buka ea Genese e bontša hore pele historing ea moloko oa batho—haholo-holo ha batho ‘ba qhalanyetsoa hohle lefatšeng’—tsoelo-pele e rarahaneng le e hatetseng pele ka botlalo e ile ea hlahella, batho ba neng ba etsa tsoelo-pele ena ba ne ba na le matla a kelello le a moea.—Genese 11:8, 9.

Bibele e tiisa hore esita le mehleng ea pele batho ba ne ba na le tsebo ea theknoloji le bonono ha e bua ka “mesebetsi eohle ea koporo le ea tšepe.” (Genese 4:20-22) Ho latela tlaleho ea Bibele, ka linako tsohle batho ba ’nile ba e-ba le takatso ea ho rapela molimo o itseng. (Genese 4:3 4; 5:21-24; 6:8, 9; 8:20; Ba-Heberu 11:27) The New Encyclopædia Britannica e bolela hore le hoja boikutlo ba hae bo matla ka bolumeli bo ile ba theohela boemong bo tlaase, motho o ntse a lutse “a sa fetoha tšekamelong ea hae ea bolumeli.”

Ho Batla Tšimoloho

Le hoja phuputso ea thuto ea ho epolla lintho tsa khale e sa khone ho arabela lipotso tsohle tse botsitsoeng mabapi le ho sibolloa ha Ötzi, e re thusitse ho fumana leseli ka mofuta oa batho ba hahabo—batho ba rarahaneng, ba fapaneng haholo le maikutlo a mehla ea pele ho histori. Ba ne ba tsoetse pele haholo ho feta kamoo ba bangata ba lumelang kateng.

Qetellong, ntle ho linnete tse fumanoeng sebōpehong sa Raleqhoa le thepa ea hae, joalokaha National Geographic e boletse, “hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena ke karolo ea sephiri, ho nahanela.” Ho sa le joalo, Ötzi o robalitsoe ka kamoreng e batang Innsbruck, Austria, ha litsebi tse fetang 140 makaleng a fapaneng a thuto li ikitlaetsa ka matla ho rarolla liphiri tse eketsehileng tsa Raleqhoa ea tsoang serameng.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Litsebi li hlahloba setopo sa Raleqhoa Innsbruck

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto: Archiv Österreichischer Alpenverein/Innsbruck, S.N.S. Pressebild GmbH

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela