Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 1/8 maq. 21-22
  • Ho Batla Thuto E Ntle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Thuto E Ntle
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla Tharollo
  • Liphetho Tse Fapaneng
  • Thuto e Ntle ke ea Bohlokoa
  • Ho Etsahala’ng Likolong Kajeno?
    Tsoha!—1996
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Likolo Li Tlokotsing
    Tsoha!—1994
  • Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 1/8 maq. 21-22

Ho Batla Thuto E Ntle

THUTO e ntle e lokisetsa bana hore ba sebetsane ka katleho le bophelo sechabeng sa kajeno. E ba hlomella ka mahlale a amanang le tsebo, ho akareletsa ho tseba ho bala le ho ngola hantle le ho sebetsa lipalo. Ho feta moo, e ama tšebelisano ea bona le ba bang ’me e matlafatsa litekanyetso tse hlomphehang tsa boitšoaro.

Leha ho le joalo, kaha tsena ke linako tse bohloko, ho thata haholo ho fana ka thuto e joalo. Tichere e ’ngoe e nang le phihlelo ea Australia e ile ea tletleba: “Litlelase li entsoe ka bana ba sekametseng pefong, ba sebelisang puo e litšila, ba mahlapa; bana ba khathetseng haholo ka lebaka la ho se robale ba shebeletse TV; bana ba haelloang ke phepo e nepahetseng kapa ba lapileng; le bana ba hōlisoang ba sa khalemeloe.” ’Me matichere a tla u bolella hore: “Bana ba sa laoleheng ho thata ho ba ruta.”

Albert Shanker, mopresidente oa Mokhatlo oa Matichere oa Amerika, o ile a hlalosa qaka ea matichere tjena: “A tlameha ho ruta ka lithethefatsi le tahi, litaba tsa botona le botšehali, . . . mekhoa ea hore liithuti li ntlafatse boitlhompho ba tsona, ho hlokomela litho tsa kenke, . . . le lintho tse ling tse ngata. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe kantle ho thuto ea sebele. . . . Seo ka sebele a kōptjoang hore a se etse ke ho ba basebeletsi ba sechaba, bo-’mè, bo-ntate, lingaka, mapolesa, bo-’maphepo, basebeletsi ba sechaba ba bophelo bo botle, litsebi tsa meriana.”

Ke hobane’ng ha ho batluoa see ho matichere? Kakaretso ea kamoo phaposi ka ’ngoe ea borutelo e entsoeng kateng motseng o mong o moholo ka boroa-bochabela ho United States e bontša lebaka. The New York Times e ile ea tlaleha lipolelo tse entsoeng ke setsebi se seng mabapi le tlelase eo ka karolelano e nang le liithuti tse 23. Se ile sa bolela hore “mohlomong tse 8 ho ea ho tse 15 li ne li phela bofutsaneng; tse 3 mohlomong li ile tsa tsoaloa ke bo-’mè ba tahiloeng ke lithethefatsi; tse 15 e le tse lulang le batsoali ba se nang balekane.”

Ka ho hlakileng, lelapa le ntse le senyeha ka ho tsoelang pele. United States, hoo e ka bang ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ke ngoan’a matšeo, ’me lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mabeli le qetella ka tlhalo. Leha ho le joalo karolo ea bana ba matšeo Denmark, Fora, Great Britain le Sweden e phahame le ho feta. Ke boiteko bofe bo ntseng bo etsoa ba ho sebetsana ka katleho le maqakabetsi a hlahisoang ke boemo boo likolong?

Ho Batla Tharollo

Ho ile ha hlongoa likolo tse sa tšoaneng tsa ho etsa liteko kapa tsa mofuta o mong. Likolo tsena li nyenyane ka tloaelo—li etsa hore ho khonehe ho ba le tlhokomelo e haufi-ufi—’me tse ling li iketsetsa lenaneo la tsona la thuto e le ha li leka ho finyella litlhoko tsa bana ba tsona. New York City, likolo tse joalo tse nyenyane tse 48 li ile tsa buloa ho tloha ka 1993, ’me ho ntse ho reroa tse ling tse 50 tse eketsehileng. The New York Times e hlokometse: “Ke pefo e teng [likolong] e qalileng teko ena.” Ka 1992 ho ne ho se ho qaliloe likolo tsa mofuta ona tse 500 Russia, tse nang le liithuti tse fetang 333000.

Ka lehlakoreng le leng, The Toronto Star e ile ea tlaleha: “Ba likete ba isa bana ba bona likolong tse khethehileng tsa praefete.” Profinseng e le ’ngoe feela ea Canada ea Ontario, hoo e ka bang bana ba 75 000 ba ea likolong tsa praefete. Hona joale li boetse lia fumaneha ho pholletsa le Russia, ’me makasine ea China Today e bolela hore Chaena li hlahile ka bongata “joaloka letlōbō la joang ba leqala ka mor’a pula ea selemo.” The Handbook of Private Schools e fana ka lethathama le sa lefelloeng la likolo tse joalo tse ka bang 1700 United States, moo tefello ea selemo le selemo ea thuto e ka bang $20 000 (R72 500) kapa ho feta.

Ho ntse ho le joalo batsoali ba bang ba khethile ho rutela bana ba bona lapeng. United States feela, ho hakanyetsoa hore manane a likolo tsa lapeng a eketsehile ho tloha ho tse ka bang 15 000 ka 1970 ho ea ho tse ka bang milione ka 1995.

Liphetho Tse Fapaneng

Hase litsamaiso tsohle tsa sekolo ho pholletsa le lefatše tse hlokomelang liphello tse ka bapisoang. Ka July 1993, Shanker o ile a bolella sehlopha sa barupeli ba United States: “Linaha tse ling li tsamaisa likolo ’me li fumana liphetho tse molemo haholo ho feta tsa rōna.” E le ho etsa mohlala, o ile a bolela ka ha a ne a kopana le banyalani ba tsoang Russia ba neng ba falletse United States. O ile a pheta: “Ba ile ba bolela hore esita le hoja ngoana oa bona a ne a kena sekolong sa praefete se setle haholo, ngoana eo oa bona ea sehlopheng sa borobeli o ne a ithuta seo a neng a se a ithutile sona sehlopheng sa boraro koana hae.”

Soviet Union ea mehleng e ne e qapile tsamaiso ea sekolo e neng e ruta hoo e ka bang batho bohle ba eona ho bala le ho ngola. Ka lehlakoreng le leng, ho ea ka khakanyetso ea Lefapha la Thuto la United States, Maamerika a limilione tse 27 a sitoa ho hlalosa se boleloang ke letšoao la seterata kapa nomoro e beseng. Canberra Times ea Australia e tlalehile hore “karolo e fihlang ho 25 lekholong ea bana ba sekolo sa praemari e ne e fetela sekolong se phahameng e ntse e sa khone ho bala le ho ngola.”

Maqakabetsi a teng likolong hona joale, ho isa boholeng bo itseng, ke kobo-anela. Buka ea 1994 ea Education and Society in the New Russia e bolela hore “karolo ea 72,6 lekholong ea matichere a Soviet ao ho ileng ha buisanoa le ’ona ka lipotso a ile a lumela hore tsamaiso ea sekolo e ne e le maqakabetsing a tšabehang ka ho tebileng.” Ho ea ka Tanya, tichere e nang le phihlelo ea Moscow, lebaka le ka sehloohong la maqakabetsi ana ke hore “batsoali le liithuti ka botsona ha ba sa nka thuto e le ea bohlokoa.” Ka mohlala, o ile a hlokomela hore “tichere e amohela halofo ea se fumanoang ke mokhanni oa bese ea tloaelehileng—kapa esita le se fokolang ho feta moo.”

Thuto e Ntle ke ea Bohlokoa

Ha mokhatlo oa batho o ntse o rarahana haholoanyane, thuto e ntle e ntse e e-ba ea bohlokoa haholoanyane. Libakeng tse ngata chelete ea ho kena sekolo e hlokahalang ho nolofaletsa mocha ea hōlileng hore a fumane mosebetsi o tlang ho mo tšehetsa hammoho le lelapa la nako e tlang e phahame haholoanyane. Ka hona, ba ipabotseng ka lithuto tsa motheo tsa sekolo ba tla ba le menyetla e molemo ka ho fetisisa ea mesebetsi. Bahiri ba amehile haholo-holo ka taba ea bohlokoa—na motho ea etsang kōpo ea mosebetsi a ka khona ho etsa mosebetsi hantle hakae.

Mookameli oa ofisi ea mesebetsi o hlokometse sena mabapi le liithuti tse ngata tse qetileng sekolong se phahameng: “Ha baa rutoa ho sebetsa.” O ile a phaella: “Ha ba sebetsana le bacha seo bahiri ba bangata ba mpolellang sona kamehla ke hore ha ba khone ho bala le ho ngola hantle. Ba sitoa ho tlatsa foromo ea kōpo ea mosebetsi.”

Ka sebele batsoali ba tla batla thuto e ntle bakeng sa bana ba bona, ’me ka bohlale bacha ba tla ipatlela thuto e ntle. Empa ke habohlokoa hore ba sebelise linotlolo tse hlokahalang. Linotlolo tsee ke’ng, hona li ka sebelisoa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Russia, “tichere e amohela halofo ea se fumanoang ke mokhanni oa bese ea tloaelehileng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela