Ho Etsahala’ng Likolong Kajeno?
SEHLOOHO sa morao-rao tjena se neng se hlahile leqepheng le ka pele koranteng ea litaba ea New York City se ne se re: “Likolo Tsa Rōna li Maqakabetsing: Tlisang Mapolesa Hona Joale.” Boto ea Thuto ea New York City e na le balebeli ba eona ba tšireletso—lebotho la batho ba 3200—ba lebelang likolo tsa motse tse fetang 1000. Hona joale batho ba bangata ba batla hore mapolesa a tloaelehileng a motse a tlisoe likolong ho tla thusa ka tšireletso. Na ka sebele aa hlokahala?
Sehlooho se hlahang ho The New York Times se itse: “Tlaleho e Bontša Hore 20% ea Liithuti New York City e Nka Libetsa.” Joseph Fernandez, eo e bileng hlooho ea likolo tsa New York City ho tloha ka 1990 ho ea ho 1992, o ile a lumela: “Le ka mohla ha ke e-s’o bone ntho e kang pefo eo re nang le eona hona joale likolong tsa rōna tsa metse e meholo. . . . Ka 1990 ha ke ne ke amohela bookameli New York ke ne ke sa nahane hore ho tla ba hobe hakana. Hase boemo ba tsoelo-pele, ke tšobotsi e mpe.”
E Mpe Hakae?
Fernandez o ile a tlaleha: “Nakong ea likhoeli tsa ka tse leshome ke le mookameli, ka karolelano ho ne ho e-ba le ngoana oa sekolo ea bolaoang letsatsi le leng le le leng la bobeli—a hlabiloe litseleng tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, a thunyelitsoe jareteng ea sekolo kapa lihukung tsa literata . . . Likolo tse ling tse phahameng li na le [balebeli ba tšireletso] ba leshome le metso e mehlano kapa e tšeletseng ba lebelang liphasejeng le mabaleng.” O ile a phaella: “Pefo e fetohile seoa likolong tsa rōna, ’me ho ile ha tlameha hore ho nkuoe mehato e fetang e tloaelehileng. Likolo tsa Chicago, Los Angeles, Detroit—litsi tsohle tsa metse e meholo—hona joale li batla li na le ponahalo ea bophelo bo mabifi bo tšosang.
“Ka ho totobetseng mahlabisa-lihlong a taba ena ke a tšosang. Lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng re amohetse se ke keng sa amoheloa: Hore likolo tsa Amerika ke libaka tsa ntoa. Ke matlo a tšabo le tšoso ho e-na le ho ba libaka tse sireletsehileng tsa tlhahiso-leseling.”
Ho na le liofisiri tsa tšireletso litsamaisong tse 245 tsa sekolo United States, ’me ho tse 102 tsa tsona, liofisiri tsa teng ke tse hlometseng. Empa hase tsona feela tse hlometseng. Ho ea ka phuputso ea Univesithi ea Michigan, ho hakanyetsoa hore United States letsatsi le leng le le leng liithuti li nka lithunya tse ka bang 270 000 ha li ea sekolong, ho sa baloe libetsa tse ling!
Ho e-na le hore boemo bo ntlafale, bo mpefetse le ho feta. Mechine e hlokomelisang ha ho e-na le libetsa e sebelisoang likolong tse ngata e hlōlehile ho thibela libetsa tse kenang ka bongata. Nakong ea hoetla ka 1994, ho ile ha tlalehoa hore liketsahalo tsa pefo likolong tsa New York City li eketsehile ka karolo ea 28 lekholong ha li bapisoa le tsa nakong eona eo selemong se ka pele! Mabapi le phuputso e ileng ea etsoa United States, Phi Delta Kappan ea hlalosa: “Bothata bo boholo ka ho fetisisa boo likolo tsa sebaka sena li talimaneng le bona ke ‘lintoa, pefo le lihlopha tsa litlokotsebe’ tseo ka lekhetlo la pele li oelang sehlopheng se le seng le ‘ho se khalemeloe.’”
Pefo likolong e baketse likolo maqakabetsi linaheng tse ngata. Canada, Globe and Mail ea Toronto e ne e e-na le sehlooho se reng: “Likolo li Ntse li Fetoha Libaka Tse Kotsi.” ’Me phuputso e ’ngoe Melbourne, Australia, e ile ea senola hore hoo e batlang e le karolo ea 60 lekholong ea barutoana ba sekolo sa praemari ba isoa sekolong le ho latoa ke batsoali ba bona ka lebaka la ho tšaba ho hlaseloa kapa ho koeteloa.
Leha ho le joalo, pefo e mpa e le karoloana ea bothata. Ho na le lintho tse ling tse etsahalang likolong tsa rōna tse bakang kameho e tebileng.
Taba ea Boitšoaro
Esita le hoja Bibele e bolela hore bohlola—ho ba le likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo—bo fosahetse, kajeno likolo ha li tšehetse thuto e utloahalang joalo ea boitšoaro. (Ba-Efese 5:5; 1 Ba-Thessalonika 4:3-5; Tšenolo 22:15) Ka sebele sena se tlatselitse boemong boo Fernandez a bo hlalositseng ha a ne a re: “Bacha ba rōna ba lilemong tse ka tlaase ho 20 bao bongata ba bona bo ka etsang karolo ea 80 lekholong ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali kamehla.” Sekolong se seng se phahameng Chicago, karolo ea boraro ea liithuti tsa ba batšehali e ile ea ima!
Likolo tse ling li na le libaka tsa tlhokomelo ea bana bakeng sa ho hlokomela masea a liithuti. Ho phaella moo, kamehla ho fanoa ka lik’hontomo boitekong ba lefeela ba ho emisa seoa sa AIDS le sa ho tsoalla matšehong ho ntseng ho eketseha. Haeba ka sebele ho abjoa ha lik’hontomo ho sa khothaletse liithuti ho etsa bohlola, li ba lumella ho etsa joalo. Liithuti li lokela ho nahana’ng ka boitšoaro?
Tichere ea nako e telele ea univesithi e boletse hore ho na le “palo e makatsang ea bacha ba nahanang hore ha ho ntho e lokileng kapa e fosahetseng le hore se khethoang boitšoarong se itšetlehile ka hore na u ikutloa joang.” Ke hobane’ng ha bacha ba nahana ka tsela ee? Tichere e ile ea hlokomela: “Mohlomong e bile phihlelo ea bona ea sekolong se phahameng e ba entseng hore e be ba sa tsotelleng letho ka boitšoaro.” Phello ea ho hloka botsitso joalo boitšoarong ke efe?
Haufinyane tjena mongoli oa koranta e ’ngoe o ile a tletleba: “Ka linako tse ling ho bonahala ho se motho ea ikemiselitseng ho jara molato bakeng sa ntho leha e le efe. Kamehla.” E, molaetsa ke hore ntho leha e le efe ea amoheleha! Nahana ka mohlala oa phello e tebileng eo sena se ka bang le eona ho liithuti. Tlelaseng ea univesithi moo ho neng ho buisanoa ka Ntoa ea II ea Lefatše le ho phahama ha Bonazi, moprofesa o ile a hlokomela hore boholo ba liithuti tsa hae bo ne bo sa lumele hore motho leha e le ofe o ne a tlameha ho jara molato bakeng sa Polao e Sehlōhō ea Bajode! Tichere e ile ea re: “Ka likelellong tsa liithuti, Polao e Sehlōhō ea Bajode e ne e tšoana le tlokotsi e khōlō ea tlhaho: E ne e ke ke ea qojoa ebile e ke ke ea phengoa.”
Ke molato oa mang ha liithuti li sitoa ho hlokomela se nepahetseng ho se fosahetseng?
Har’a Linako Tse Bohloko
Ha a sireletsa likolo, eo e kileng ea e-ba tichere o ile a re: “Bothata bo hlaha sechabeng, ’me likolo li mpa feela li bonahatsa mathata a seng a ntse a le teng moo.” Ka sebele, ho thata hore ho rutoe ka katleho seo baeta-pele ba sechaba ba hlōlehang ho se etsa.
Ho hlakisa sena, nakong ea ha boitšoaro bo bobe ba basebeletsi ba ’muso oa United States e ne e le sehlooho sa litaba, mongoli oa koranta ea tsebahalang haholo o ile a ngola: “Ha ke tsebe hore na mehleng ena eo ho sa tšepanoeng matichere a ka etsa boiteko ba ho ruta boitšoaro joang. . . . ‘Ak’u shebe Washington!’ esita le liithuti tse nyenyane li tla ipelaetsa. Lia tseba . . . hore ho qhekella ho litšila ka ho fetisisa historing ho ’nile ha tsoela pele ka har’a ntlo eo e khōlō ea mopresidente.”
Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1-5) Ka sebele tsena ke linako tse bohloko! Ka lebaka lena, ke’ng se etsoang ho sebetsana ka katleho le maqakabetsi a likolong kajeno le ho thusa liithuti hore li fumane thuto e ntle? Ke’ng seo lōna joaloka batsoali le liithuti le ka se etsang? Lihlooho tse latelang li tla tšohla sena.