Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 maq. 3-4
  • Ba Nang le Tumelo ba Kae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Nang le Tumelo ba Kae?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala’ng ka ho ea Kerekeng?
  • Monyaka le Boikhethelo li Phahametse Borapeli
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
  • Kereke ea K’hatholike Spain— Ke Hobane’ng ha ho na le Bothata?
    Tsoha!—1990
  • Melao ea Boitšoaro ea Bolumeli—Ho Tla Etsahala’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na Bolumeli bo Haufi le ho Fela?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 maq. 3-4

Ba Nang le Tumelo ba Kae?

KA MONGOLLI OA TSOHA! SPAIN

“Ha ho ntho e senyang bolumeli joaloka boiphapanyo.”

EDMUND BURKE, SETSEBI SA LITABA TSA ’MUSO SA BRITHANI SA LEKHOLONG LA BO18 LA LILEMO.

LESABA-SABENG le otliloeng ke meea libakeng tse ka leboea tsa Spain ho na le toropo e nyenyane ea Caleruega. Toropo ena ea boholo-holo e laoloa ke ntlo ea baitlami e khahlehang ea Romanesque. E ne e hahuoe lilemong tse 700 tse fetileng ho tlotlisa Domingo de Guzmán, e leng mothehi oa mokhatlo oa Dominican, ea ileng a tsoalloa mona. Ka lilemo tse makholo a supileng ntlo ena e ’nile ea e-ba lehae la baitlami ba khethang ho phela ka khutso le ho lullela thōko le batho.

Marulelo a ntlo ena ea baitlami aa nela, ’me marako a khale a qala ho khephoha. Empa ’mè eo e leng mookameli mona o amehile ka tšenyeho e jeleng setsi le ho feta—ho khephoha ha bolumeli ka bobona. Oa hlalosa: “Ha ke ne ke fihla ntlong ena ea baitlami lilemong tse ka bang 30 tse fetileng, ho ne ho e-na le baitlami ba 40 mona. Hona joale re 16 feela. Ha ho na ba bacha. Ho bonahala eka pitso ea bolumeli ke ntho ea nakong e fetileng.”

Se etsahalang Caleruega se etsahala le likarolong tse ngata tsa Europe. Ha ho e-s’o ka ho e-ba le boikutlo bo matla khahlanong le bolumeli, empa ke ho bo lahla ka khutso, ka mokhoa o sa fetoheng. Likereke tse khōlō tsa Europe li sebeletsa bahahlauli ho e-na le ho hohela batho “ba nang le tumelo” ba sebakeng seo. Kereke eo pele e neng e ke ke ea hlōloa—ebang ke ea Prostanta kapa K’hatholike—e hlōloa ke ho se thahaselloe. Bophelo ba batho bo laoloa ke lintho tsa lefatše ho fapana le lintho tsa bolumeli—e leng mokhoa oo babuelli ba kereke ba o bitsang bolefatše. Bolumeli bo bonahala e se ese ba bohlokoa ho hang. Na boemo ba bolumeli bo leng Europe e ka ’na eaba ke temoso e tlang esale pele ka ho felloa ke matla ha bolumeli ho tšoanang ho tlohang ho hlasela le likarolo tse ling tsa lefatše?

Ho Etsahala’ng ka ho ea Kerekeng?

Ketsahalo ena ha e ncha ka leboea ho Europe. Ke karolo ea 5 lekholong feela ea Malutere a Scandinavia a eang kerekeng kamehla. Brithani ke karolo ea 3 lekholong feela ea ba ipolelang hore ke Machache e eang litšebeletsong tsa Sontaha. Empa hona joale, Mak’hatholike a karolong e ka boroa ho Europe a bonahala a latela mohlala oa baahisani ba bona ba karolong e ka leboea.

Fora, naheng eo boholo ba batho e leng Mak’hatholike, ke moahi a le mong feela ho ba bang le ba bang ba leshome ba eang kerekeng hang ka beke. Lilemong tse 25 tse fetileng, karolo ea batho ba Spain ba italimang e le “Mak’hatholike a chesehang” e theohile ho tloha karolong ea 83 lekholong ho ea karolong ea 31 lekholong. Ka 1992, moarekabishopo oa Spain, Ramon Torrella o ile a bolella ba phatlalatso ea litaba sebokeng hore “Spain hase naha ea Bok’hatholike; batho ba ea litšebeletsong tsa Beke e Halalelang le ’Miseng ka Keresemese—empa e seng [’Miseng] beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Nakong ea ketelo ea mopapa Madrid ka 1993, John Paul II o ile a lemosa hore “ho hlokahala hore Spain e khutlele metsong ea eona ea Bokreste.”

Mokhoa oa ho se rate bolumeli o tšoaelitse baruti hammoho le batho feela ba kenang kereke. Palo ea baprista ba sa tsoa hlomamisoa Fora e theohetse ho ba 140 ka 1988 (e leng palo e ka tlaase ho halofo ea palo ea 1970), ha Spain ho na le ba ka bang 8000 ba tlohetseng boprista e le hore ba ka nyala. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ba tsoelang pele ho sebeletsa mehlape ea bona ba na le pelaelo ka molaetsa oa bona. Ke karolo ea 24 lekholong feela ea baruti ba Malutere Sweden ba ikutloang hore ba ka ruta ka leholimo le lihele “ka letsoalo le hloekileng,” ha karolo e etsang kotara ea baprista ba Fora e bile e ikutloa e sa kholisehe mabapi le tsoho ea Jesu.

Monyaka le Boikhethelo li Phahametse Borapeli

Ke’ng e nkelang bolumeli sebaka? Malapeng a mangata boikhathollo bo nketse borapeli sebaka. Ka Lisontaha malapa a leba mabōpong a leoatle kapa lithabeng ho e-na le ho ea kerekeng. Juan, mocha eo e leng Mosepanishe oa sebele, o ile a bontša ho se thahaselle ka ho re: “Ho ea ’Miseng ho jesa bolutu.” Litšebeletso tsa kereke li ke ke tsa hlōlisana le litlhōlisano tsa bolo ea maoto kapa likonsarete tse ratoang haholo, e leng liketsahalo tse hohelang matšoele le ho tlatsa mabala a lipapali.

Ho theoha ha lenane la ba bang teng kerekeng hase hona feela hoo e leng bopaki ba ho felloa ke matla ha bolumeli. Batho ba bangata ba Europe ba thabela ho inkela le ho ikhethela likhopolo tsa bona tsa bolumeli. Mehleng ena thuto ea molao ea kereke e ka ’na ea tšoana hanyenyane le litumelo tsa botho tsa batho ba ipolelang hore ke ba bolumeli boo. Boholo ba batho ba Europe—ebang ke Mak’hatholike kapa Maprostanta—ha ba sa lumela tabeng ea bophelo ka mor’a lefu, ha karolo e fetang 50 lekholong ea Mak’hatholike a Fora, Italy le Spain le eona e sa lumele mehlolo.

Sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli se bonahala se se na matla a ho thibela khōlo ena e potlakileng ea ho se lumellane le kereke. Ha ho moo sena se ileng sa hlokomeleha ho feta letšolong la mopapa khahlanong le ho thibela kemolo. Ka 1990, Mopapa John Paul II o ile a phehella bo-ralik’hemiste ba Mak’hatholike hore ba se ke ba rekisa lithibela-kemolo. O ile a bolela hore lihlahisoa tsena “li hanana le melao ea tlhaho ka ho senya seriti sa motho.” Ka ho tšoanang, Catechism of the Catholic Church e phehella hore, “ka hona lenyalong la monna le mosali lerato le ema tlas’a tlamo e habeli ea ho tšepahala le ea ho beleha.”

Ho sa tsotellehe litaelo tsena tse thata-thata, banyalani ba tloaelehileng ba Mak’hatholike ka ho se mamele ba ikela ka tsela ea bona. Hona joale malapa a nang le bana ba fetang ba babeli ke mokhelo linaheng tsa Bok’hatholike tsa karolong e ka boroa ho Europe. Spain, lik’hondomo—tseo e neng e batla e le lihlahisoa tse khahlanong le molao lilemong tse 20 tse fetileng—li phatlalatsoa kamehla thelevisheneng, ’me ke karolo ea 3 lekholong feela ea basali ba Fora bao e leng Mak’hatholike e bolelang hore e khomarela molao oa kereke e K’hatholike o mabapi le ho thibela kemolo.

Ka ho hlakileng, batho ba Europe ba hlokomoloha likereke le lithuto tsa tsona. Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury, George Carey ka ho hlakileng o ile a hlalosa boemo bo ka har’a kereke ea hae: “Re ’nile ra lahleheloa ke litho ka ho tsoelang pele,” o boletse joalo “’me eo ke taba e potlakileng haholo eo re tlamehang ho tobana le eona.”

Ho tloha merusung ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike, tsamaiso ea bolumeli Europe ha e e-s’o ka e bonahala e thekesela hakana. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba Europe ba sa thahaselle bolumeli? Bokamoso ba bolumeli ke bofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela