Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 5/8 leq. 19
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Na ho U Loketse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Na ho U Loketse?
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Hobane’ng Hona Joang?
    Tsoha!—1996
  • Tsoalo e Ncha—E Finyella Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Ke Lokela ho ho Talima Joang?
    Tsoha!—1996
  • Ke Hobane’ng ha ke Ile ka Tlameha ho Fuoa Batsoali ba Bang?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 5/8 leq. 19

Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Na ho U Loketse?

KA MONGOLLI OA TSOHA! BRITHANI

MOSEBELETSI e mong oa sechaba oa Brithani o bolela hore: “Ho inkela ngoana ho mo hōlisa ke tokisetso e molemong oa bana, e seng tokisetso ea ho fa ba se nang bana lesea.” Leha ho le joalo, ka tloaelo ngoana o ba le matla afe a ho etsa qeto ha a nkuoa ho ea hōlisoa ke motho e mong?

Na u ntse u nahana ka ho inkela ngoana ho mo hōlisa? Joale u talimane le qeto e sa ameng maikutlo feela empa hape le e ke keng ea etsolloa. Ngoana eo o tla atleha hakae ho tsoakana le lelapa la hao?

Haeba u ngoana ea nkiloeng ho tla hōlisoa ke motho e mong, na ua tseba hore na batsoali ba hao ba u tsoalang ke bo-mang? Haeba ha ho joalo, u nahana hore ke phapang efe e neng e tla ba teng haeba u ne u ba tseba?

Na u ’mè ea ntseng a nahana ka hore na u ka fana ka lesea la hao bakeng sa hore le hōlisoe ke motho e mong? Na ka sebele ho fana ka ngoana eo ke eona tharollo feela le ntho e molemo ka ho fetisisa ho ngoana oa hao?

Ka 1995, bana ba fetang 50 000 ba ile ba nkoa hore ba hōlisoe ke batho ba bang United States, ’me ba ka bang 8000 ba bona ba ne ba hlahetse linaheng tse ling. Ka ho eketsehileng, batho ba ntse ba inkela bana ba tsoang linaheng tse ling hore ba ba hōlise. Ho ea ka makasine ea Time, lilemong tse 25 tse fetileng malapa a United States a ile a inkela bana ba fetang 140 000 ba hlahetseng linaheng tse ling hore ba ikhōlisetse bona. Lipalo tsa Europe tsa ketsahalo e tšoanang ke 32 000 Sweden, 18 000 Holland, 15 000 Jeremane le 11 000 Denmark.

Na u ameha ka tsela e itseng tabeng ee? Ho kenella tabeng ea ho inkela ngoana ho mo hōlisa ho bolela hore bophelo ba hao—e seng bophelo ba ngoana feela—bo ke ke ba hlola bo tšoana le pele hape. Batsoali ba inkelang ngoana ho mo hōlisa ka ho loketseng ba ka lebella thabo e khōlō, empa hape ba tlameha hore ba itokisetse mathata a mangata le masoabi. Ka ho tšoanang, bohloko boo ’mè a bo utloang ha a fana ka ngoana oa hae hore a nkoe ke motho e mong bo ka ’na ba se ke ba hlola bo fola ka ho feletseng.

Boemo bo bong le bo bong bo hlahisa phephetso ea ho haha le ho tsosolosa bophelo bo bonyenyane ka lerato. Lihlooho tse latelang li tla hlalosa thabo—le liphephetso—tsa ho inkela ngoana ho mo hōlisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela