Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Ke Lokela ho ho Talima Joang?
HO TOTOBETSE hore mathata a ka hlaha haeba batsoali ba nkileng ngoana ho mo hōlisa ba hlalana kapa haeba molekane e mong a e-shoa. Empa ke ngoana ea nkiloeng ho ea hōlisoa ke motho e mong ea ka ’nang a utloa khatello e khōloanyane. Hobane’ng?
Boholo ba rōna rea tseba hore na batsoali ba rōna ba re tsoetseng ke bo-mang. Esita le haeba re shoeletsoe ke bona re sa le banyenyane haholo, re na le seo re se hopolang, kapa mohlomong lifotonyana, bakeng sa ho phetha tlamahano eo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lesea le ileng la behoa hang feela ka mor’a ho hlaha hore le ka hōlisoa ke motho e mong? Mokhatlo o fanang ka bana hore ba hōlisoe o boloka boitsebiso ka ’mè, empa hangata boitsebiso boo ha bo fanoe ho fihlela ha ngoana a se a le lilemong. Maemong a mang, ’mè o ngolisa lebitso la hae lengolong la ngoana la tsoalo empa o tlohela la ntat’ae. Masea a mang aa tholoa—a fumanoa ka mor’a hore batsoali ba ’ona ba sa tsejoeng ba a lahle kherehloa. Bana ba maemong ana ’ohle ha ba na tlamahano le beng ka bona—ba ka ’na ba ikutloa ba khaotsoe semelong kapa mohloling oa bona.
Ba Tsitsitse Hakae?
Lifate li hloka tsamaiso e ntle ea methapo hore li eme li tiile. Lehlomela le lecha le hlomathiselelitsoeng kutung e hōlileng le ka ’na la atleha hantle, empa hape le ka ’na la omella la hlōleha ho beha litholoana. Ka ho tšoanang, le hoja batsoali ba bahōlisi ba ka ’na ba fana ka tlhokomelo eohle le kameho e lerato kamoo ho ka khonehang, bana ba bang ha ho mohla ba hlaphoheloang boikutlong bo tšosang ba ho khaohanngoa le metso ea bona ea ho qala.
Nahana ka taba ea Kate.a A tsoetsoe ke batsoali ba West Indies, Kate o ile a nkoa ke banyalani ba makhooa ba lerato, ba hlokomelang, e sa ntse e le lesea, empa o ile a hlōleha ho ithuta le ho amohela tikoloho ea hae e ncha. Ha a le lilemo li 16, o ile a baleha lapeng, a se ke a hlola a khutla. Ka nako eo khalefo e ne e fetohile lehloeo le se nang kelello. O ile a botsa: “Ke hobane’ng ha ’Mè a ile a mpha lōna?” Ka bomalimabe, lelapa lena le ne le sa khone ho koala lekhalo le neng le le teng.
Mervyn o ile a behoa tlhokomelong ea mokhatlo oa ’muso ho tloha ha a hlaha ’me ka mor’a moo a lula le batsoali ba bahōlisi. Ha a le lilemo li robong, o ile a nkoa hore a hōlisoe ke batho ba bang. Semelo sa hae sa ho qala se sa sireletsehang, hammoho le lehloeo le tukang la hore ebe ke oa morabe o tsoakaneng, li ile tsa fetoha boikutlo ba bofetoheli bo ileng ba mo tlisetsa khathatso e khōlō le ho sareloa ho tebileng ho batsoali ba hae ba bahōlisi, ba neng ba mo etselitse ho hongata haholo. ’Mè oa hae o ile a re: “Haeba motho leha e le ofe a ne a ka nkōpa keletso mabapi le ho inkela ngoana ho mo hōlisa, hona joale ke ne ke tla re, ‘U ke u nahane ka ho teba ka hona.’”
Ka ho fapaneng, nahana ka phihlelo ea Robert le Sylvia. Ba ne ba e-na le mora a le mong ’me ba ne ba sa khone ho ba le bana ba eketsehileng. Ba ile ba botsoa: “Na le kile la nahana ka ho nka ngoana oa morabe o mong hore le mo hōlise?” Kapele ba ile ba nka Mak-Chai, lesea la ngoananyana oa Hong Kong le likhoeli li robong. Mak-Chai o re: “Kamehla kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha ke ile ka lahloa kherehloa, le hore na ebe ke na le barab’eso kapa baralib’eso. Empa ke nahana hore ke haufi-ufi le ’mè le ntate ba ka ba bahōlisi ho feta kamoo bana ba bangata ba leng haufi kateng le batsoali ba bona ba ba tsoetseng. Haeba ke ne ke tseba hore na batsoali ba ka ba ntsoetseng ke bo-mang, ho ne ho ke ke ha etsa phapang e khōlō, ntle le hore mohlomong ke ne ke tla tseba libōpeho tsa ka tsa botho hamolemonyana.” Na batsoali ba hae ba hona joale ba buella ho inkela ngoana ho mo hōlisa? Ba re: “E, hobane e bile phihlelo e hlollang ho rōna!”
Mabaka a ho ba Hlokolosi
Graham le Ruth ba ile ba nka bana ba babeli esale masea, ngoanana le moshemane, hore ba tsoakane le mora le morali oa bona. Bana ba bane kaofela ba ile ba hōlisoa e le lelapa le le leng le kopaneng tikolohong e thabileng. Ruth o re: “Bana ba rōna kaofela ba ile ba tloha lapeng lilemo tse ngata tse fetileng ’me ba ea ikhoantlella. Re lula re ntse re kopana le bona kamehla ’me re ba rata kaofela.” Empa ka bomalimabe, bana ba neng ba ile ba nkoa hore ba hōlisoe, ka bobeli ba bile le mathata a tebileng. Hobane’ng?
Graham eo hona joale a ikutloang hore mekhoa e futsitsoeng ke karolo ea bohlokoa haholo o re: “Ngaka ea rōna e ile ea re bolella hore tikoloho ea ngoana ke ea bohlokoa haholo.” Oa eketsa: “Hape, ho thoe’ng ka bophelo ba ’mè ha e ne e le moimana oa lesea? Hona joale rea tseba hore lithethefatsi, joala le koae li ka ama ngoana ea e-song ho hlahe. Ke khothalletsa hore ho etsoe tlhahlobo e feletseng ho batsoali ka bobeli, esita le ho bo-nkhono kapa bo-ntate-moholo haeba ho khoneha, pele ho tsoeloa pele ka ho nka ngoana bakeng sa ho mo hōlisa.”
’Mè oa Peter o ile a nyaloa hape, ’me Peter o ile a hlokofatsoa ka ho hlekefetsoa ’meleng le kelellong ke ntate oa hae oa bobeli. Ha a le lilemo li tharo, o ile a isoa moo a ka nkoang ke motho e mong ho mo hōlisa. Peter o ile a re: “Ke ile ka hana batsoali ba ka ba bahōlisi hang ha ke tsoela kantle ho lekhotla.” O ile a phaella: “Ke ne ke senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e tšoara. Ha ke robetse, ke ne ke ba le litoro tse tšosang haholo. Ha ke hetla morao hona joale, ke khona ho bona kamoo ke neng ke ferekane haholo kateng. Ka mor’a hore batsoali ba ka ba bahōlisi le bona ba hlalane, lintho li ile tsa mpefala le ho feta ho ’na—lithethefatsi, bosholu, ho senya thepa ka boomo, mekete ea boitšoaro bo hlephileng ea letsatsi le letsatsi.
“Ha ke le lilemo li 27, ke ne ke sa bone lebaka la ho tsoela pele ke phela ’me ke ile ka nahana ka ho ipolaea. Eaba ka letsatsi le leng motho e mong eo ke sa mo tsebeng o mpha pampitšana e thehiloeng Bibeleng e ileng ea bolela hore haufinyane lefatše lena le tla fetoha paradeise. Molaetsa oo o ile oa ipiletsa ho ’na. O ne o utloahala e le ’nete. Ke ile ka qala ho bala le ho ithuta Bibele ’me ka qala ho etsa liphetoho bophelong ba ka le mokhoeng oa ka, empa nako le nako ke ile ka ’na ka khutlela litseleng tsa ka tsa khale. Ka mor’a khothatso e khōlō le botsoalle bo thusang ba Bokreste, hona joale ke ikutloa ke thabile haholoanyane ’me ke sireletsehile haholoanyane ho sebeletseng Molimo ho feta kamoo ke neng nka nahana kateng lilemong tse ’maloa tse fetileng. Hape ke bile ka khona le ho tsosolosa kamano e mofuthu le ’Mè, e leng ntho e thabisang.”
Ho Talimana le Boemo ba Sebele
Mabapi le taba ea ho nka ngoana ho mo hōlisa, ho na le maikutlo a phahameng haholo. Ho bonahatsoa lerato le fetisisang le teboho hammoho le khalefo le ho hloka teboho. Ka mohlala, Edgar Wallace, ha ho mohla a ileng a tšoarela ’mè oa hae ka hore ebe o ile a mo lahla, e leng kamoo a neng a talima liketso tsa ’mè oa hae kateng. Selemong sa ho qetela sa bophelo ba hae o ile a ea ho ea ’mona, a batla thuso ea lichelete ka ho tsila-tsila, empa Edgar, le hoja a ne a ruile nakong eo, ka mokhoa o mobe o ile a hana ho mo thusa. Kapele ka mor’a moo, o ile a ikoahlaea ka ho tebileng ka lebaka la ho hloka kutloelo-bohloko ha hae ha a tseba hore ’mè oa hae a ka be a patiloe mabitleng a mafutsana haeba e ne e se ka mosa oa metsoalle e ileng ea lefella lepato la hae.
Batho ba nahanang ka ho inkela ngoana ba mo hōlisa ba tlameha ho itokisetsa ho tobana ka tsela ea sebele le mathata le liphephetso tse ka ’nang tsa hlaha. Hase kamehla bana ba bang le teboho ka seo batsoali ba bona—ebang ke ba bahōlisi kapa ba ba tsoetsoeng—ba ba etsetsang sona, esita le maemong a matle ka ho fetisisa. Ha e le hantle, Bibele e bua ka batho ba mehleng ea rōna e le “ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho” le “ba se nang teboho” le “ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng.”—2 Timothea 3:1-5.
Ka lehlakoreng le leng, ho bula lehae la hao—le pelo ea hao—hore ngoana ea hlokang batsoali a kene e ka ba phihlelo e ntle, e putsang. Ka mohlala, Cathy o leboha batsoali ba hae ba bahōlisi ka ho tebileng ka ho mo lokisetsa lehae la Bokreste le ka ho hlokomela litlhoko tsa hae tsa nama le tsa moea.—Bona lebokose “Ho Ile ha Sebetsa ho Rōna,” leqepheng la 24.
Ha ba hlalosa kamoo ba ikutloang kateng ka bara le barali ba bona bao ba ileng ba ba nka ho ba hōlisa, batsoali ba bana ba joalo ba ka ’na ba hopola hantle mantsoe a mopesaleme: “Bana ke mpho e tsoang ho Morena; ke tlhohonolofatso ea sebele.”—Pesaleme ea 127:3, Today’s English Version.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe ho sireletsa hore batho ba se ke ba tsejoa.