Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 5/8 maq. 20-24
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Hobane’ng Hona Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Hobane’ng Hona Joang?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa Kapa ho se mo Nke?
  • Haeba U Etsa Qeto ea ho Inkela Ngoana . . .
  • Ea Tsoang Morabeng o Mong?
  • Ba Tsoang Linaheng Tse Ling?
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Na ho U Loketse?
    Tsoha!—1996
  • Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Ke Lokela ho ho Talima Joang?
    Tsoha!—1996
  • Tsoalo e Ncha—E Finyella Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Hobane’ng ha ke Ile ka Tlameha ho Fuoa Batsoali ba Bang?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 5/8 maq. 20-24

Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa—Hobane’ng Hona Joang?

KE HOBANE’NG ha palo ea bana ba nkoang ke batho ba bang ho ba hōlisa e theohile haholo Brithani lilemong tse 20 tse fetileng? Ho ’nile ha boleloa mabaka a mabeli—ho fumaneha ha ho ntšoa ha limpa ka molao le kamohelo e ntseng e hōla ea hore ’mè a ka hōlisa ngoana oa hae a se na monna. Hona joale lelapa la motsoali a le mong le talingoa e le phephetso eo ho ka sebetsanoang le eona ka katleho sechabeng sa kajeno.

Leha ho le joalo, lilemong tse fetileng tse batlang li feta 100, lintho li ne li fapane. Ha Polly, ’mè oa Edgar Wallace, e leng sengoli sa Lenyesemane sa lipale tsa tlōlo ea molao, a ne a imisoa ke mora oa mohiri oa hae, o ile a baleha ’me a ea beleha ka lekunutu. Edgar o ne a e-na le matsatsi a robong ha ’melehisi a ne a lokisetsa hore a hlokomeloe ke mosali oa George Freeman, ea neng a nka lithōtō ’marakeng oa litlhapi oa Billingsgate ea London. Ba ha Freeman ba ne ba se ntse ba e-na le bana ba bona ba leshome, ’me Edgar o ile a hōla a tsejoa e le Dick Freeman. Kamehla Polly o ne a ntša chelete bakeng sa ho hlokomela ngoana oa hae, ’me le ka mohla ntate oa ngoana ha aa ka a tseba ka ho phela ha mor’a hae.

Kajeno ha masea a se a sa ratoe, hangata ba boholong ’musong ba jara boikarabelo bakeng sa ’ona. Bana ba bangata ba isoa tlhokomelong ea ’muso hobane ba hloka ho sireletsoa tšoarong e mpe kapa hobane ba na le kholofalo ’meleng kapa kelellong. Ba entsoeng likhutsana ke lintoa tse tšabehang le masea a hlahileng ka lebaka la ho betoa, kamehla ba eketsa lipalo tsa bana ba hlokang kameho le tšireletso ea batsoali ka matla—ka bokhutšoanyane, hore ba hōlisoe ke batho ba bang.

Ho Inkela Ngoana ho mo Hōlisa Kapa ho se mo Nke?

Ho inkela ngoana ho mo hōlisa ha ho mohla ho leng bonolo, ’me le ka mohla hase bohlale ho etsa qeto ka lepotla-potla ha u ntse u nahana ka hona. Haeba u hlokahalletsoe ke lesea, ho ka ’na ha e-ba molemo ho emela hore u ke u hlaphoheloe boemong boo bo sithabetsang kapa mesarelong pele u etsa qeto ea ho qetela ka ho inkela ngoana ho mo hōlisa. Boemo e ka ’na ea e-ba bo tšoanang ka banyalani ba bolelloang hore ba ke ke ba e-ba le bana.

Ngoana e mong le e mong o ba le litšobotsi tse ikhethang tsa liphatsa tsa lefutso. Hangata batsoali ba makatsoa ke litšekamelo tsa tlhaho tsa bana ba bona, empa ho thata ho hlahloba matla a kelello le a maikutlo a lesea haeba ho sa tsejoe batsoali ba lona.

Na u talima katleho lithutong tsa sekolo e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa? Haeba ho joalo, u tla ikutloa joang haeba ngoana oa hao eo u mo nkileng ho mo hōlisa a sa finyelle litebello tsa hao? Na u tla nka ngoana ea holofetseng kelellong kapa ea holofetseng ’meleng e le phephetso eo u ka sebetsanang le eona ka katleho?

Basebetsi ba koetlisitsoeng ba mekhatlo e fanang ka bana hore ba hōlisoe kapa basebeletsi ba sechaba ba ’muso ba tla u fetisa lipotsong tsa mofuta ona pele u itlama. Kameho e ka sehloohong e tlameha ho ba molemong oa tšireletseho le thabo ea ngoana.

Haeba U Etsa Qeto ea ho Inkela Ngoana . . .

Naha ka ’ngoe e na le melao le litaelo tsa eona tsa ho inkela ngoana ho mo hōlisa tseo ho hlokahalang hore ho ithutoe tsona. Brithani ho na le mekhatlo e makholo ea ho inkela ngoana ho mo hōlisa, ’me ka tloaelo e sebetsa hammoho le ba boholong ’musong sebakeng ka seng. Mekhatlo eo eohle e na le melao ea eona.

Haholo-holo Brithani meketjana ea ho inkela ngoana e tloaelehile, moo batho ba bangata bao e tlang ho ba batsoali, ba ka kopanang le bana ba fumanehang bakeng sa ho nkuoa, kantle le tsitsipano ea maikutlo e ka bang teng haeba ho ne ho kopanoa le ngoana a le mong. Boemo boo ba ho phutholoha bo nolofaletsa bao e tlang ho ba batsoali ho etsa qeto ea ho se nke ngoana ’me ho fokotsa menyetla ea hore bana ba tle ba soabe, kaha ha ho na ngoana ea behelletsoeng ka thōko eo ho lebisitsoeng tlhokomelo ho eena a le mong.

Hangata ho behoa tekanyetso ea lilemo ho batho ba nkang bana, mohlomong e be ba ka bang lilemo li 35 kapa 40—le hoja hangata sena se sebetsa ha ho nkuoa masea, e seng hakaalo ho bana ba baholoanyane. Mekhatlo ea ho nka ngoana ho mo hōlisa e bolela hore litekanyetso tsa lilemo li nahanela nako ea ho phela ea bao e tlang ho ba batsoali. Leha ho le joalo, ea hlokomela hore phihlelo ea bohlokoa e tlisoa ke lilemo.

Lilemong tse fetileng, ho nka ngoana ho mo hōlisa ho ne ho lumelloa feela ho batho ba nyalaneng. Kajeno, batho ba seng lenyalong ba ka etsa kōpo ea ho nka le ho hōlisa bana ba itseng ’me ba atleha. Hape, ho hloka mosebetsi le kholofalo hase hakaalo hore ke mabaka a etsang hore batho bao e tlang ho ba batsoali ba haneloe ka bana. Potso ea mantlha ke hore, Tokisetso ee e ka fa ngoana eng?

Esita leha taba ea ho nka ngoana ho mo hōlisa e se e fihlile qetellong, batsoali ba ka ’na ba behoa leihlo ka ho tsoelang pele ho tiisa hore litaba li tsamaea hantle.

Ea Tsoang Morabeng o Mong?

Lilemong tse 30 tse fetileng ho ne ho le thata hore bana ba batšo ba nkoe ke malapa a batho ba batšo Brithani, ’me ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba nkoa ke batsoali ba makhooa hore ba ba hōlise. Ho tloha ka 1989 e bile leano la sechaba Brithani hore bana ba nkoe ke batsoali ba ba hōlisang bao semelo sa bona sa morabe se tšoanang le sa bana. Ka tsela ena boikutlo ke hore ngoana o tla khona ho itsebahatsa le ba morabe kapa setso sa habo ka boithatelo. Leha ho joalo, sena se lebisitse maemong a mang a ikhanyetsang.

Haufinyane tjena The Sunday Times e tlalehile hore batsoali ba bang ba makhooa ba “ile ba khetholloa e le ba ‘batšo’” ho ba nolofaletsa hore ba nke ngoana e motšo ho ea mo hōlisa. Ho tloaelehile hore batsoali ba makhooa ba fane ka tlhokomelo ea botsoali ho ngoana e motšo, ho bolelang hore ba mo hlokomela ka nakoana e itseng feela. Empa haeba hamorao ba haneloa hore ba hle ba nkele ngoana eo ruri, phello e ba ho sithabela maikutlo ho ngoana hammoho le ho batsoali.

Banyalani ba bang ba Scotland, ba ’nileng ba hlokomela bana ba babeli ba Maindia ka lilemo tse tšeletseng, haufinyane tjena ba ile ba tobana le bothata ba sebele ba ho nka bana ba ba tsoakanya le morabe o mong. Lekhotla la molao le ile la lumella ho nkoa ha bana bao ka kutloisiso ea hore batsoali “ba etse boiteko bo matla ka ho fetisisa ba ho sireletsa hore bana bao ba tla hlokomelisoa [morabe] oa habo bona o ba khethollang ’me ba hōlisoe ka kutloisiso ea tšimoloho le meetlo ea morabe oa habo bona,” The Times e tlaleha joalo. Tabeng ena batsoali ba bahōlisi ba ne ba se ntse ba etsa joalo. Bana ba ne ba rutoa puo ea Punjabi ’me ka linako tse ling ba ne ba apesoa liaparo tsa bona tsa setso.

Ba bangata ba tla lumellana le se hlokometsoeng ke ’muelli oa mosali oa litšebeletso tsa sechaba Brithani ea ileng a bolela hore ho nka bana ba tsoakanngoa le morabe o mong ho lokela ho lumelloa ka bolokolohi haholoanyane. O ile a re: “Re phela sechabeng se nang le litso tse ngata, ’me ho fana ka tlhokomelo ea botsoali le ho inkela ngoana ho mo hōlisa li lokela ho bonahatsa seo.”

Ba Tsoang Linaheng Tse Ling?

Ho ea ka koranta ea The Independent, ho nka bana ba tsoang linaheng lisele ke ‘khoebo e hōlang ka potlako.’ Le hoja litlaleho li bontša hore litšebelisano tse ling e ka ’na eaba hase tsa molao, Europe Bochabela ke mohloli o moholo oa phepelo ho Brithani.

Ka mohlala, masea a ileng a hlaha ka lebaka la peto nakong ea ho tsekoloha ha seo pele e neng e le Yugoslavia a lahliloe kherehloa. Ho boleloa hore a mang a ka be a ile a bolaoa pele a hlaha haeba e ne e se ka ho kenella ha “morekisi oa masea,” ea tšepisitseng hore ngoana o tla nkuoa haeba a ne a hlaha ka nako e loketseng ea tsoalo. Leha ho le joalo, mebuso ea linaha tsa Bophirimela e amehile ka litefello tse etsoang molemong oa ho fumana ba bang ba bana ba nkoang hore ba hōlisoe.

Lebaka la ho ameha haholoanyane le amana le litokomane tsa bohata tseo ho thoeng li entsoe ke lingaka nakong ea tlhaho. Koranta ea The European e ile ea tlaleha lipolelo tseo ho thoeng bo-’mè ba bang ba Ukraine ba ile ba bolelloa hore masea a bona a hlahile a se a ntse a shoele. Hape ho ile ha boleloa hore ho latelang e ne e e-ba hore masea ana a rekisoe. Mohlomong bo-’mè ba bang ba ne ba ile ba tsebisoa hore bana ba bona ba holofetse kelellong. Tlas’a khatello e joalo, bo-’mè ba tsielehileng ba susumetsoa habonolo haholoanyane ho saenela hore bana ba bona ba nkoe ke motho e mong ho ba hōlisa. Empa e ka ’na eaba ha ho mohla bana ba bang ba ileng ba fihla mahaeng a likhutsana ao ba neng ba rometsoe ho ’ona empa e ka ’na eaba ba qetelletse ba isitsoe linaheng lisele.

Boikutlo ba ho khopeha boa totobala linaheng tse tsoelang pele moruong. Li bolela hore linaha tse ruileng tsa Bophirimela li lokela ho etsa ho eketsehileng ho thusa malapa a matsoalloa a linaha tseo hore a hlokomele bana ba ’ona ba le tikolohong ea lelapa labo bona ho e-na le hore ba nkoe ho ea hōlisetsoa mokhoeng osele oa bophelo.

Hape linaha tsa Bophirimela li tlameha ho utloisisa neano ea khale-khale ea malapa a atolohileng, e leng mokokotlo oa sechaba mekhoeng e mengata ea bophelo. Ka tloaelo ngoana a ke ke a hlokisoa tlhokomelo ha a phela le lihlopha tsa morabe oa habo, esita le haeba batsoali ba e-shoa. Ka ntle ho litho tse haufi-ufi tsa lelapa, tse kang bo-nkhono le bo-ntate-moholo, lelapa le atolohileng la bo-rakhali le bo-malome le tla talima ngoana eo e le oa bona, ’me kōpo leha e le efe ea ho hōlisa ngoana e etsoang ke batho ba kantle e ka utloisisoa le ho talingoa e le ho itšunya-tšunya ho sa amoheleheng.a

Ho lokisetsa hore ngoana a nkoe ke motho e mong ho mo hōlisa ha ho bonolo, ’me esita leha ho se ho etselitsoe qeto, ho hlokahala mosebetsi o matla oa ho etsa hore ho atlehe. Empa joalokaha re tla bona, ho boetse ho na le thabo e khōlō.

[Lebokose le leqepheng la 21]

Na Mora Oa Ka O Tla Mpatla?

BATSOALI ba ka ba ile ba hlalana ha ke ne ke le lilemo li 11. Ke ne ke hloka lerato ka matla. Ha ke ne ke le kolecheng, ke ile ka nkeha ke ho ratana; e ne e le tsela ea ka ea ho fumana kameho e lerato. Eaba ka masoabi ke iphumana ke imme. E ne e le sesomo se seholo. ’Na le seithuti-’moho re ne re se na phihlelo. Le ka mohla ke ne ke e-s’o sebelise lithethefatsi, joala kapa koae, empa mohlankana oa ka o ne a lemetse habohloko ho tloha mehleng ea ha a ne a sebelisa LSD.

Ke ile ka eletsoa hore ke ntše mpa, empa Ntate ha aa ka a nkhothalletsa seo. Ke ne ke sa batle ho ima, empa hape ke ne ke sa batle ho felisa bophelo. Ha mora oa ka a ne a hlaha ka 1978, ke ile ka etsa qeto ea ho se ngole lebitso la ntat’ae lengolong la hae la tsoalo ho tiisa hore ntat’ae a tle a se ke a ba le matla ho ngoana eo. Ha e le hantle, ke ile ka lumela hore ngoana eo a ka nkoa ke motho e mong ho mo hōlisa ho tloha tsoalong; kahoo o ile a tlosoa ho ’na hang-hang ’me a behoa tlhokomelong ea nakoana. Ha kea ka ka ’mona le ho ’mona. Empa joale ke ile ka fetola maikutlo a ka. Ke ile ka ntša lesea la ka tlhokomelong eo ’me ka leka ka matla ho le hōlisa ka bonna. Empa ke ne ke sa khone, ’me ke ile ka batla ke lahleheloa ke kelello ka ho feletseng.

Mora oa ka o ne a le likhoeli tse ka bang tšelela ha taelo ea hore a fuoe motho e mong ho ea mo hōlisa e ne e amoheloa ’me ke ile ka tlameha ho nehelana ka eena. Ke hopola ke ikutloa joalokaha eka motho o qeta ho ntlhaba ka thipa. Ke ile ka shoa maikutlo. E bile feela ka mor’a ho fumana keletso ea litsebi lilemong tse peli tse fetileng ke ileng ka khona ho haha likamano tse nang le morero. Ke ne ke sa lokela ho sareloa—mora oa ka o ne a sa shoa. Empa hape ke ne ke sa nahane ka eena—ke ne ke sa itumelle ho etsa joalo. E ne e le ntho e tšabehang.

Se utloisang bohloko le ho feta ke ho utloa batho ba re: “Haeba u tela ngoana oa hao ka ho nehelana ka eena hore a hōlisoe ke motho e mong, ha u rate ngoana oa hao.” Empa seo e ne e se ’nete ka lehlakoreng la ka! E ne e le hobane ke ne ke rata mora oa ka hoo ke ileng ka nehelana ka eena! Ho fihlela motsotsong oa ho qetela, ke ile ka ’na ka ipotsa: ‘Ekaba ke tla etsa joang? Nka etsa’ng?’ Ho ne ho se tsela e ’ngoe. Ke ne ke tseba hore nke ke ka sebetsana ka katleho le mathata, hape lesea la ka le ne le tla ba mahlomoleng haeba ke ne nka leka ho le boloka.

Engelane, hona joale sechaba sa teng se amohela malapa a motsoali a le mong—empa ho ne ho se joalo nakong eo ke neng ke e-ba le ngoana. Ke lakatsa eka nka be ke ile ka hlokomela mora oa ka ka tsela e loketseng. Ke nahana hore keletso eo ke e fumaneng haufinyane tjena e ka be e ile ea nthusa, empa hona joale e se e le morao haholo. Na mora oa ka o ntse a phela? Ebe ke moshemane oa mofuta ofe ha a se a hōlile? Ha ba le lilemo li 18, bana ba nkiloeng ke motho e mong bakeng sa khōliso ka molao ba na le tokelo ea hore ba batle batsoali ba bona. Kamehla kea ipotsa hore na ebe mora oa ka o tla mpatla.—E nehelanoe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho Ile Ha Sebetsa Ho Rōna

RE NE re le lelapa la Manyesemane le khotsofetseng, le kopaneng, re e-na le bashemane ba rōna ba babeli ba lilemong tsa bocha. Khopolo ea ho ba le morali—ebile e le oa morabe osele—e ne e le ntho eo ho seng mohla re kileng ra e nahana. Joale Cathy e ile ea e-ba karolo ea bophelo ba rōna. Cathy o ne a hlahele London, Engelane. O ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike oa Roma, empa ha a sa ntse a le monyenyane, o ne a ile a ea le ’mè oa hae libokeng tse seng kae Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha a le lilemo li 10, o ile a isoa lehaeng la tlhokomelo ea bana.

Le hoja lintho li ne li le boima haholoanyane ho eena moo, o ne a ntse a khona ho tla libokeng Holong ea ’Muso ka boeena, e leng moo re ileng ra kopana le eena teng. Cathy e ne e le ngoanana ea nahanang. Ha ’na le mosali oa ka re ne re mo etela lehaeng la hae la bana, re ile ra hlokomela hore lebota le pel’a bethe ea hae le ne le tletse litšoantšo tsa liphoofolo le litšoantšo tsa libaka tsa mahaeng, ho fapana le litšoantšo tsa likhalala tsa ’mino oa pop tseo banana ba bang ba neng ba li manamisitse leboteng.

Nako e itseng hamorao Cathy o ile a tlameha ho ea hlaha ka pel’a ba komiti e hlahlobang maemo, ba ileng ba ’motsa hore na o ne a ka rata ho tloha lehaeng moo ho ea phela le lelapa le leng. O ile a arabela ka hore: “Le lelapa la Lipaki tsa Jehova feela!” Ha Cathy a ne a re bolella ka sena le seo a ileng a se bua, hoo ho ile ha etsa hore re nahanisise. Re ne re e-na le kamore e sa sebetseng. Na re ne re ka nka boikarabelo ba mofuta oo? Re le lelapa, re ile ra buisana le ho rapela ka sena. E bile hamorao feela re ileng ra sibolla hore katamelo ena—ea ho botsa ngoana maikutlo a hae—e ne e le boiteko bo bocha ka lehlakoreng la ba litšebeletso tsa sechaba, teko eo e neng e le hona e sebelisoang.

Ba litšebeletso tsa sechaba ba ile ba botsa ka semelo sa rōna ba e-na le mapolesa le ngaka ea rōna ’me ba fumana litšoaneleho tsa rōna tsa botho. Kapele-pele ho ile ha etsoa tumellano. Re ile ra bolelloa hore re ka lula le Cathy motheong oa ho leka feela le hore re ne re ka mo khutlisa haeba re sa mo rate! Sena se ile sa re nyarosa, ’me re ile ra tiisa ka hohle hore le ka mohla re ne re ke ke ra etsa seo. Cathy o ne a le lilemo li 13 ha re ne re mo nkela lelapeng la rōna ka molao.

Tlamo e ikhethang ea lerato har’a rōna kaofela e ntse e tsoela pele ho ba matla haholo. Hona joale Cathy o sebeletsa e le pula-maliboho (moevangeli oa nako e tletseng) phuthehong ea Sefora ea Lipaki tsa Jehova ka leboea ho London. Selemo seo ka sona a ileng a tloha lapeng ho ea bula maliboho, o ile a re ngolla molaetsa o amang maikutlo: “Ho na le polelo e reng ‘u ke ke ua ikhethela lelapa.’ Leha ho le joalo, ke rata ho le leboha ho tsoa pelong ka hore le nkhethe.”

Re thabile haholo hore ebe Cathy o ile a tla lelapeng la rōna! Ho mo etsa karolo ea lelapa la rōna ho ile ha entša bophelo ba rōna. Ho ile ha sebetsa ho rōna!—E nehelanoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e feletseng mabapi le mokhoa oa ho alimana ka bana ho litho tse ling tsa lelapa, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1988, maqepheng a 28-30, o hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Setšoantšo]

Cathy le batsoali ba hae ba ileng ba mo nka ho mo hōlisa le barab’abo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bana ba bangata ba hloka kameho le tšireletso ea batsoali ka matla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela