Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 7/8 maq. 3-10
  • Na U Itokiselitse ho ea Phomolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Itokiselitse ho ea Phomolong?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ea Phomolong ho ka ba Molemo
  • Ho Tsamaea, ke Thuto ka Bohona
  • Tokisetso e Loketseng
  • Thabela Nako ea Phomolo Kantle le ho Ikoahlaea!
    Tsoha!—1996
  • Seo U Lokelang ho Itebela ho Sona
    Tsoha!—1996
  • Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Tsoha!—1996
g96 7/8 maq. 3-10

Na U Itokiselitse ho ea Phomolong?

LEHLABULA le atametse Karolong e ka Leboea ea Lefatše. Haufinyane ba limilione ba tla be ba ea phomolong. Empa ho hang nako ea phomolo ha ea lekanyetsoa lehlabula feela. Bohahlauli bo fetohile khoebo ea selemo ho pota ’me bo kenya liranta tse limilione tse likete selemo le selemo. Le hoja batho ba bangata ba eang phomolong ba nka maeto ka har’a linaha tsa habo bona, ho etela linaheng tse ling, hoo pele ho neng ho etsoa ke barui feela, hona joale ho tloaelehile.

Nako ea ho ea phomolong e fanoang ke bahiri e fapana ho ea ka linaha. Ka 1979, ke karolo ea 2 lekholong feela ea palo ea Majeremane a sebetsang e neng e fumana libeke tse tšeletseng tsa ho ea phomolong, empa hona joale ha ho bapisoa boholo ba batho bo etsa joalo. Nako e tloaelehileng ea ho ea phomolong bakeng sa basebetsi ba liindasteri Europe Bophirimela e feta libeke tse hlano.

Ho ea Phomolong ho ka ba Molemo

Qalong ho ea phomolong ho ne ho bolela ntho e fapaneng haholo le seo ho se bolelang kajeno. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Mokhoa oa kajeno oa ho ea phomolong . . . o tsoa almanakeng ea boholo-holo ea bolumeli ea Roma ka mokhoa o fapaneng le oa mehleng eo. Matsatsi a fetang 100 a selemo e ne e le matsatsi a ho keteka a nehetsoeng ho melimo le melimotsana e sa tšoaneng ea Roma. Matsatsing ao e neng e le a mekete e halalelang, ’me ka hona e le matsatsi a halalelang, batho ba ne ba phomola kemisong ea bona e tloaelehileng ea mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Matsatsi a neng a sa talingoe a halalela a ne a bitsoa dies vacantes, matsatsi a feela, ao batho ba neng ba sebetsa ka ’ona.” Ho e-na le ho ba matsatsi a mosebetsi, “matsatsi a feela” a mehleng ea kajeno ke matsatsi a phomolo.

Majeremane a rata ho bitsa nako ea phomolo “libeke tse molemo ka ho fetisisa tsa selemo.” Ka lehlakoreng le leng, makhoba a mosebetsi, a ka ’na a talima “matsatsi a feela” a hlile a le feela, a hloka mosebetsi o nang le morero. Empa ena e ne e tla ba pono e feteletseng. Pono e leka-lekaneng e amohela bohlale ba hore nako le nako motho a tlohele kemiso e tšoanang le e tloaelehileng ea ho etsa lintho, a etse ntho e ’ngoe e fapaneng le e khathollang.

Litšobotsi tse ntle tsa ho ea phomolong li ile tsa tiisoa phuputsong ea 1991 ho batsamaisi ba khoebo Europe, bao ho bona ba 78 ho ba bang le ba bang ba 100 ba ileng ba bolela hore ho ea phomolong ho “hlokahala ka ho feletseng bakeng sa ho thibela mokhathala o feteletseng oa batsamaisi.” Ba etsang karolo ea boraro ho ba bane ba ne ba ikutloa hore ho ea phomolong ho ntlafalitse tšebetso mosebetsing, ’me ba etsang karolo e fetang ba babeli ho ba bararo ba ile ba bolela hore ho ea phomolong ho ntlafalitse matla a ho qapa lintho. Ka ho hlakileng haholoanyane, karolo ea 64 lekholong ea basali le karolo ea 41 lekholong ea banna e ile ea lumellana le polelo e reng: “Nka lahleheloa ke botsitso haeba ke sa ee phomolong kamehla.”

Ho Tsamaea, ke Thuto ka Bohona

Ngaka eo hape e neng e le sengoli sa Lenyesemane sa lekholong la bo17 la lilemo Thomas Fuller o ile a ngola: “Motho ea tsamaeang haholo o tseba haholo.” Ho tsamaea ho re lumella ho tloaelana le batho ba libakeng tse ling, ho ithuta ka meetlo ea bona le tsela ea bona ea bophelo. Ho tsamaea linaheng tseo maemo a teng a bophelo a leng tlaase ho a linaha tsa habo rōna ho ka re ruta ho ba le teboho ka seo re nang le sona ’me ho ka re etsa hore re be le kutloelo-bohloko ka hare ho rōna ka batho ba sa atlehang joaloka rōna.

Haeba re ho lumella, ho tsamaea ho ka lokisa ho hloka kutloisiso ho itseng le ho fokotsa lehloeo. Ho fana ka monyetla oa hore bonyane motho a ithute puo e itseng e ncha hanyenyane ho tsoa mohloling ka ho toba, ho latsoa lijo tse fapaneng tse ka ’nang tsa lutlisa mathe ho rōna, kapa ho eketsa lifoto albamong ea lelapa, pokellong ea liselaete, kapa laebraring ea livideo e nang le mehlala ea lintho tse ntle tsa pōpo ea Molimo.

Ka ho hlakileng, hore re rue molemo ka ho feletseng, re tlameha ho etsa ho fetang ho tsamaea feela. Mohahlauli ea tsamaeang halofo ea lefatše lohle ea qetellang feela ka hore a lule hoteleng har’a bahahlauli-’moho le eena—bao boholo ba bona e leng batho ba naheng ea habo—a sesa letamong la hotele kapa lebōpong la leoatle, ’me a ja lijo tse tšoanang le tseo a li jang hae o tla ithuta ho fokolang. Ke bomalimabe bo bokaakang! Ho ea ka litlaleho, ka ho hlakileng batsamai ba bangata ba hlōleha ho ba le thahasello e tebileng linaheng tseo ba li etelang kapa bathong ba teng.

Tokisetso e Loketseng

Samuel Johnson, sengoli sa meqoqo le seroki sa Lenyesemane sa lekholong la bo18 la lilemo, o ile a bolela hore motho ea tsamaeang o “tlameha ho tsamaea a e-na le tsebo, hore a tle a khutlele hae a e-na le tsebo.” Kahoo haeba u e-ba le monyetla oa ho tsamaea, lokisetsa leeto la hao. Bala ka sebaka seo u eang ho sona pele u tloha. Rera hore na u batla ho bona eng, ’me u etse qeto ka seo u batlang ho se etsa. Ebe joale u itokisa ka ho loketseng. Ka mohlala, haeba u batla ho otlolla maoto lebōpong la leoatle kapa ho ikhatholla ka ho hloa lithaba, nka lieta le liaparo tse loketseng.

U se ke ua leka ho kenya lintho tse ngata haholo kemisong ea hao ’me ebe joale u ea phomolong ea hao le khatello ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Itšiele nako e ngata e sa rereloang letho ea ho etsa lintho tse ka hlahang ka tšohanyetso. O mong oa melemo ea sebele ea ho ba phomolong ke ho ba le nako ea ho nahana le ho thuisa kantle le khatello ea kemiso e thata, ho ikutloa u lokolohile khatellong le lithibelong tsa ho phela ka kemiso e tiileng.

Nako e putsang haholo ea phomolo e ka ba ea kopanyelletsa mosebetsi o thata. Ho etsa ntho e ’ngoe e fapaneng ka kakaretso ke senotlolo sa nako e molemo ea ho phomola. Ka mohlala, mokhatlo o sa etseng phaello United States o bitsoang Volunteer Vacations o lokisetsa hore baithaopi ba qete nako ea phomolo ba hlokomela lirapa tsa boikhathollo tsa sechaba kapa meru. Moithaopi e mong o re o ile a sebetsa ka thata, empa o ile a ho thabela haholo hoo a ileng a etsa qeto ea ho pheta phihlelo eo selemo hamorao.

Hangata Lipaki tsa Jehova li sebelisa nako ea phomolo bakeng sa ho ea likopanong tsa Bokreste kapa ho eketsa tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa. Tse ling li sebelisa nako ea tsona ea phomolo bakeng sa ho ea sebetsa mehahong ea ntlo-khōlō kapa ea lekala ea Lipaki tsa Jehova linaheng tsa habo tsona ’me li thabela phihlelo eo. Ka mor’a moo, tse ngata tsa tsona li ngola mangolo a kananelo bakeng sa tokelo eo.

E, nako ea phomolo e ka ba e thabisang haholo, esita le libeke tse molemo ka ho fetisisa tsa selemo. Hase feela bana ba e letelang ka cheseho e kana ho fihlela e fihla! Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo ho hlokahalang hore u itebele khahlanong le tsona. Sehlooho se latelang se tla hlalosa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela