Thabela Nako ea Phomolo Kantle le ho Ikoahlaea!
HA A botsoa hore na o ile a thabela ketelo ea hae joang ha a ne a etetse sebakeng se tummeng haholo, Moamerika eo hona joale a phelang Europe o ile a araba tjena: “E tlameha ebe se ne se le setle haholo pele batho ba e-tla ho sona.” Na u kile ua ba le maikutlo a tšoanang le a hae? Lihotele le libaka tsa disco tse entseng mokoloko, lebōpo la leoatle le silafetseng, le tletseng haholo le liea-le-moea tse buletsoeng haholo feela hase libaka tse thabisang tsa phomolo bakeng tsa motho e mong le e mong.
Ka masoabi, hase kamehla linako tsa phomolo li bang kamoo re neng re lebeletse. Ho e-na le ho re fa matla a macha, li re siea re feletsoe ke matla; ho e-na le ho re fa matla ao pele re neng re e-na le ’ona, ka linako tse ling li etsa hore re ikutloe re hloka phomolo e eketsehileng. Ka hona, potso ena e loketse, Re ka thabela nako ea ho ea phomolong joang kantle le ho ikoahlaea?
E-ba ea Leka-lekaneng
Joaloka linōko lijong tsa rōna, ho ea phomolong ho finyella liphello tse molemo ka ho fetisisa ha ho etsoa hanyenyane. Le hoja bophelo ba motho ea ruileng ea tloaetseng ho tsamaea khafetsa bo ka ’na ba bonahala bo hohela, ha bo na teka-tekano ’me ha bo felle ka thabo ea sebele.
Haholo-holo mabapi le nako ea phomolo, teka-tekano ke ea bohlokoa haholo tabeng ea ho sebelisa chelete. Lokisetsa ka hloko pele u tsamaea, ’me u leke ho khomarela moralo oa hao oa tšebeliso ea chelete. Qoba ho thetsoa ke menyetla e khethehileng e fanoang ke bahlophisi ba maeto ba u khothaletsang ho “ithabisa hona joale, ’me u lefe hamorao.”
Hape, u se ke ua tšoenyeha haholo ka likotsi tse ka ’nang tsa hlaha hoo ho sitisoang boikutlo ba tlhaho ba ho lokoloha le ba ho khatholoha e leng bona bo etsang hore nako ea phomolo e be e thabisang. Ho phaella moo, teka-tekano e loketseng e akarelletsa ho hlokomela kotsi e khōlō ka ho fetisisa e ka re bakelang ho hetla morao nakong ea rōna ea phomolo ka ho ikoahlaea. Ha e amane le likotsi tsa tšohanyetso, ho kula, kapa tlōlo ea molao, empa ho e-na le hoo, e amana le likamano tsa botho.
Ho Boloka Likamano li le Ntle
Ho ea phomolong le lelapa kapa metsoalle ho ka tiisa litlamo tsa lerato. Ka lehlakoreng le leng, ho ea phomolong ho ka senya likamano, hoo ho ka ’nang ha e-ba thata ho li lokisa hamorao. Moqolotsi oa litaba Lance Morrow o ile a re: “Kotsi ea sebele ea nako ea phomolo e itšetlehile haholo-holo ka ho totobala ha liphapang tsa litho tsa lelapa tse bonahalang joaloka tšoantšisong. . . . Bophelong ba bona bo tloaelehileng ba ho sebetsa batho ba na le mesebetsi, likabelo, metsoalle bakeng sa ho theola maikutlo le ho a mamella. Bophelong ba tšoantšiso tikolohong ea ha lelapa le le phomolong, ho ka etsahala hore litaba tsa lelapa tse neng li ipatile ka lilemo tse 20 li hlahelle ka potlako joaloka makhala a hlahang ka potlako.”
Kahoo pele u e-ea nakong ea phomolo, ka phalimeho ikemisetse ho e etsa hore e be phihlelo e thabisang. Hopola hore lithahasello ha li tšoane. Bana ba ka ’na ba batla ho ba le phihlelo e thabisang, mohlomong batsoali ba batla ho ikhatholla. Ikemisetse ho tela lintho tsa botho tseo u li ratang mabapi le se etsuoang le moo ho uoang teng. Haeba e le bohlale ebile ho utloahala, nako le nako lumella motho ka mong ho phehella seo a se thahasellang ka ho khethehileng. Ithute ho sebelisa litšoaneleho tsa moea oa Molimo letsatsi le letsatsi ho pholletsa le selemo, ’me ka ho loketseng ho ke ke ha e-ba thata hore u tsoele pele u etsa joalo nakong ea hao ea phomolo.—Bagalata 5:22, 23.
Le hoja ho le bohlokoa ho boloka kamano e ntle le litho tsa lelapa le metsoalle, empa kamano ea rōna le Molimo ke ea bohlokoa le ho feta. Linakong tsa phomolo hangata re kopana le batho ba se nang pono ea Bokreste e tšoanang le ea rōna ka Molimo le ka lintho tseo a li hlokang. Ho tloaelana le bona haufi-ufi—mohlomong esita le ho etela khafetsa libakeng tsa boithabiso bo belaetsang—ho ka lebisa liphellong tse soabisang. Hopola hore Bibele ea lemosa: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.”—1 Bakorinthe 15:33.
Ha u le phomolong, haeba u itemoha hore u na le takatso ea ho tlohela litekanyetso le mekhoa ea Bokreste, ka bohlale talimana le mefokolo e joalo ’me u kōpe thuso ea bomolimo ho loantša takatso eo!
Ke’ng se Buelloang?
Batho ba sa fetoleng bophelo ba bona hore bo lumellane le melao-motheo ea Bokreste ba ka ’na ba ikutloa hore ha ba le phomolong boitšoaro leha e le bofe boa amoheleha. Linaheng tse ling tsa Europe, ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali ke khoebo e atlehang, ’me le mekhatlo e meng ea maeto ea ho khothaletsa. The European e ngola hore ‘lintho tse mpe tseo banna ba Europe ba li etsang metseng e itseng ea ho phomola ea Asia esale li tsebahala ka nako e telele.’ Ha e bua ka naha e ’ngoe ea Asia, makasine ea Jeremane ea Der Spiegel e ile ea hakanyetsa hore karolo e fihlang ho 70 lekholong ea baeti bohle ba batona ke ea “ba hahlaulelang likamano tsa botona le botšehali.”
Hona joale bahahlauli ba basali ba latela mohlala oa metsoalle ea bona ea ba batona. Tumellano ea tsamaiso ea lifofane ea Jeremane eo ka ho khetheha e sebetsanang le maeto a Caribbean e hakanyetsa hore karolo ea 30 lekholong ea baeti ba eona ba batšehali ba ea phomolong moo ka morero o hlakileng oa ho ba le likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang. The European e ile ea qotsa moqolotsi oa litaba oa Jeremane a re: “Ba ho talima e le tsela e bonolo le e sa rarahanang ea ho ithabisa—papali e sa tloaelehang.”
Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba talime likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang e le tsela e amohelehang ea ho ithabisa. Li hlompholla melao-motheo ea Bokreste ebile li tletse likotsi. Le hoja ka kakaretso likotsi tsa hona li hlokomeleha, habonolo feela batho ba bangata ba leka ho qoba liphello ho e-na le ho hana mokhoa oo. Mohlala oa sena ke phatlalatso e bonoang koranteng ea Jeremane e bontšang sekhele le litulo tse peli tsa lebōpong la leoatle tse se nang batho. Mongolo oa teng o baleha tjena: “E-ba le leeto le sireletsehileng, ’me u khutle u se na AIDS.”
Phello e nyonyehang ea ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali ke ho hleka-hlekoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali. Ho hlokomelehang ke hore ka 1993 ’muso oa Jeremane o ile oa fetisa molao o etsang hore Majeremane a lokeloe ke kotlo haeba a fumanoa a le molato oa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ba banyenyane—esita le haeba a ile phomolong linaheng lisele. Leha ho le joalo, ho fihlela joale, ho bile le liphello tse fokolang tse ntle. Botekatse ba bana ke boemo ba sebele bo ’nileng ba e-ba teng—le bo ntseng bo le teng—bo eketsehang mokhatlong oa batho.
Etsa Hore ho ea Phomolong e be Nako e Putsang
Ho bala Bibele, ho ithuta eona le ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ke mesebetsi e thabisang le e putsang ho Bakreste ba ’nete. Empa ba bangata ba thatafalloa ke ho fumana nako e lekaneng ea ho etsa lintho tsena ho isa bohōleng boo ba ratang. Ha u le phomolong, u le hōle le lithibelo tse bohloko tsa kemiso e tloaelehileng, ke nako efe e molemo ho feta ee eo u ka e sebelisetsang ho bala?
Ke ’nete hore nako ea phomolo e maphatha-phathe, e khotsofatsang mohlomong e ke ke ea u lumella ho phehella lithahasello tsa Bokreste ho isa bohōleng boo u bo tloaetseng. Empa ke hobane’ng ha u sa leke ho behella nako e itseng ka thōko bakeng sa mesebetsi e hahang ea moea? Sena se tla ’ne se siee nako ea boikhathollo. Ka sebele, ba bang ba sebelisa monyetla oa nako e eketsehileng e fumanehang nakong ea phomolo hore ba atolose tšebeletso ea bona. Joalokaha Jesu a boletse, “ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.
Mohlomong haufinyane le uena u tla be u e-ea phomolong. Haeba ho joalo, etsa bonnete ba hore ua e thabela! U se ke ua tšoenyeha ka ho feteletseng ka likotsi tse ka ’nang tsa hlaha, empa nka mehato e loketseng ea ho itšireletsa. Hopola litlhahiso tse tšoanang le tse fumanoang lebokoseng le leqepheng lena. Ka mor’a moo, khutla u khatholohile, u phomotse, ’me u laba-labela ho tsoela pele ka mesebetsi ea bophelo eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa. Kapele-pele, nako ea ho phomola e felile, empa mehopolo e meng ea eona ea bohlokoa e ka ’na ea lula e le teng ka ho sa feleng. Nako ea phomolo e thabeloang kantle le ho ikoahlaea ke ea bohlokoa hakaakang!
[Lebokose le leqepheng la 16]
Litlhahiso Tse Seng Kae Ha U Ea Phomolong
Loantša Tlōlo ea Molao
1. Lokisetsa hore motho e mong a sale a hlokometse lintho lapeng.
2. Tloha libakeng tseo ka tloaelo li talingoang li le kotsi.
3. Hlokomela litsotsi, boloka chelete sebakeng se sireletsehileng ho uena, ’me u siee chelete e ngata sebakeng se sireletsehileng moo u fihletseng teng.
4. E-ba hlokolosi ka batho bao u sa ba tsebeng ba fanang ka thuso u sa ba kōpa.
Qoba Likotsi
1. Haeba u khanna, falimeha, ’me u phomole khafetsa.
2. Ha u robala lihoteleng kapa u tsamaea ka sefofane, hlokomela lintlha tse ngotsoeng bakeng sa ho pholoha kotsi ea tšohanyetso.
3. Pele u kenella mesebetsing e boima, lumella hore ho fete nako ea ho tloaetsa ’mele sebaka seo.
4. E-ba le liphahlo tse loketseng, lieta le thepa e ’ngoe bakeng sa mesebetsi ea hao.
Lula U Phetse Hantle
1. Kōpa keletso ho ngaka ea hao mabapi le tlhokahalo ea liente kapa meriana.
2. Nka mokotlana oa meriana le meriana e hlokahalang.
3. Fumana phomolo e lekaneng, ’me u hlokomele seo u se jang le seo u se noang.
4. Ka linako tsohle u lule u e-na le litokomane tse hlokahalang mabapi le litlhoko tsa hao tsa meriana kapa litakatso tsa hao.
Boloka Likamano li le Ntle
1. Bontša lerato le ho nahanela bao u nang le bona.
2. Boloka litekanyetso tsa setsoalle le batho li phahame.
3. U se ke ua lumella batho ba bang ba phomolong ho u lebisa liketsong tseo u li talimang li belaetsa.
4. Behella nako e itseng ka thōko bakeng sa ho khotsofatsa litlhoko tsa moea.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Khetha mesebetsi e hahang ha u le phomolong