Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 7/8 maq. 11-13
  • Seo U Lokelang ho Itebela ho Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U Lokelang ho Itebela ho Sona
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa
  • Qoba Likotsi
  • Lula U Phetse Hantle
  • Thabela Nako ea Phomolo Kantle le ho Ikoahlaea!
    Tsoha!—1996
  • Na U Itokiselitse ho ea Phomolong?
    Tsoha!—1996
  • Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Tsoha!—1996
g96 7/8 maq. 11-13

Seo U Lokelang ho Itebela ho Sona

MOQOLOTSI oa litaba Lance Morrow o ile a ngola: “Morero o totobetseng ka ho fetisisa oa nako ea phomolo ke ho se tšoane, khefutso, ho fetola kemiso e tloaelehileng ea ho etsa lintho.” Leha ho le joalo o ile a hlokomela hore ba bang ba tla hae ba tsoa nakong ea bona ea phomolo ba khathetse ka ho fetisisa hoo ba bolelang ka tieo hore “ha ba sa tla hlola ba pheta.”

Empa, ho e-na le ho tela nako ea phomolo, e tla ba bohlale ho hlahloba esale pele mathata a ka ’nang a hlaha le ho nka mehato ea ho a qoba.

Sireletsa Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa

Ba bangata ha ba khutlela hae ba fumane matlo a bona a thuhiloe ke linokoane ha ba ne ba le sieo. Kahoo pele u tsamaea ho ea phomolong, kōpa metsoalle kapa baahisani ho hloela ntlo ea hao nako le nako. Mohlomong ba ka khona ho qeta nako e itseng ba le moo ho etsa hore ho se ke ha bonahala haholoanyane hore ha u eo. Ba kōpe hore ba nke likoranta tsa hao ’me ba ntše mangolo lebokoseng la poso letsatsi le letsatsi, hobane ha ho ntho e bolelang hore u tsamaile ho feta qubu ea likoranta kapa lebokose la poso le tletseng mangolo a sa nkuoeng.

Hape ho hlokahala hore u sireletse lintho tsa hao tsa bohlokoa sebakeng sa phomolo seo u leng ho sona. Linaheng tse ling ho nahanoa hore melata e ruile, ’me mohahlauli e mong le mong e ka ’na ea e-ba lehlatsipa la tlatlapo. Ka hona, mokhoa o motle, ke ho siea chelete e ngata le lipampiri tsa bohlokoa li bolokehile hoteleng kapa sebakeng se seng se sireletsehileng. E-ba hlokolosi ka batho bao u sa ba tsebeng, empa u ntse u le mosa.

Selemo le selemo Miami, Florida, U.S.A., e amohela batho ba tlileng phomolong ba limilione ba tsoang linaheng tse ling le ba hona sebakeng seo. Linokoane li mafolo-folo haholo-holo libakeng tse joalo tsa bohahlauli. Makasine ea Time e ile ea tlaleha hore ka 1992, “Florida feela, baeti ba 36 766, ba tsoang kantle le ka hare ho naha eo, ba ile ba bolaoa, ba betoa, ba tlatlaptjoa kapa ba hlekefetsoa ka tsela e itseng.”

Ha u le phomolong, haholo-holo u hlokomele litsotsi. Banna ba lokela ho boloka lipache tsa bona sebakeng se patehileng le se sireletsehileng, se kang lipokotho tse ka hare tsa baki kapa lipokothong tse ka pele tsa marikhoe a bona. Batsamai ba nang le phihlelo hangata ba pata chelete ka litsela tse bohlale ho bona. Ka mohlala, ba bang ba tšela chelete ea bona, liphasepoto le mangolo a tumello ea ho eta ka har’a selatana se sephara ba se fanyehe molaleng ebe ba se kenya tlas’a liphahlo tsa bona. Basali ba lokela ho ba hlokolosi esere mohlomong bapalami ba libaesekele kapa lithuthuthu ba hlotha mekotlana ea bona e sa tšoaroang ka thata.

Linokoane li lula li fumana litsela tse ncha tsa ho hlasela bahahlauli. Litereneng tsa express tsa maeto a malelele, baeti ba robetseng ba ’nile ba utsoetsoa bosiu linaheng tsa Europe. Ntho e robatsang e ka ’na ea tšeloa ka har’a makareche ho etsa bonnete ba hore batho ba ka hare ha ba tsohe ha lithoto tsa bona li ntse li utsuoa. Ho ea ka The European, ketsahalong e ’ngoe, “ho nahanoa hore masholu a ile a tsoa a khutsitse tereneng ’me a nkile chelete e fetang $845 000 [R3067 000] le lintho tse utsoitsoeng.”

Qoba Likotsi

Seqabolane Robert Benchley, o itse: “Tharollo ea ka feela bakeng sa likotsi tse tloaelehileng, ke ho itulela betheng letšehare lohle.” Empa joale o ile a eketsa: “Leha ho le joalo, kamehla ho ntse ho e-na le monyetla oa hore u tla oela.” Taba ke hore likotsi li etsahala hohle! Kahoo ha ho hlokahale hore u lule hae u tšaba hore u tla hlaheloa ke kotsi ha u le phomolong. Empa ho na le lebaka le khethehileng la ho ba hlokolosi ha u le phomolong.

Maemo a sephethe-phethe a ka ba kotsi linakong tsa phomolo. Majeremane a tloaetse ho ba le tšubuhlellano ea sephethe-phethe sa likoloi se bolelele ba lik’hilomithara tse 80. Makasine ea Time ea la 14 August, 1989, e ile ea bolela: “Bekeng e fetileng, ho pholletsa le Europe eohle, malapa a limilione a ile a qala matsatsi a ’ona a phomolo a tloaelo a bang ka August—’me bohle ba bile le nako e tepeletsang le e khathatsang haholo. . . . Hoo e batlang e le mebila eohle e meholo e tsoang Paris e ne e tletse sephethe-phethe hoo likoloi li neng li eme tsi! . . . Pakeng tsa la 28 July le la 1 Aug., batho ba 102 ba ile ba shoa ho thulaneng ha likoloi mebileng e meholo.” Ka hona, ka bohlale khefutsa hanyenyane ho thapolla methapo ea kelello e khathalitsoeng ke sephethe-phethe se ntseng se emisa se nt’o tsamaea.

The European e ile ea tlaleha keletso ea hore bakhanni ba likoloi “ba liehisa maeto a bona ho fihlela Sontaha—kapa ba tsamaea bosiu.” Leha ho le joalo e ile ea lumela hore batho ba bangata ba eang phomolong “ba ntse ba phehella ho tsamaea ka nako e tšoanang.” Liphello e ba life? Europe e ba le sephethe-phethe se tšabehang sa likoloi. Le hoja e le bohlale ho tsamaea ha likoloi li batla li fokola mebileng, u se ke ua hlokomoloha ’nete ea hore ho tsamaea bosiu ho ka ba kotsi. Motho ha a bone hantle bosiu, ’me ka hona monyetla oa hore likotsi li hlahe o ka ’na oa eketseha. Hoseng ka matjeke e ka ’na ea e-ba nako e molemo bakeng sa ho tsamaea.

U se ke ua hlokomoloha mehloli e meng ea likotsi e ka hlahang ka mor’a hore u fihle sebakeng sa phomolo seo u eang ho sona. Haeba mesifa ea hao e ’nile ea roba monakeli ka nako e ngata selemong, e tla hana ho sebetsa ha e qobelloa tšebetso kantle le hore e behoe boemong bo loketseng. Kahoo fokotsa lipapali matsatsing a pele a seng makae, nakong eo ’mele oa hao o sa ntseng o ka tsoa kotsi habonolo.

Lula U Phetse Hantle

Ho ea ka buka ea 2,000 Everyday Health Tips for Better Health and Happiness, “mathata a bophelo a tloaelehileng haholo ao batsamai ba thulanang le ’ona maetong a ho ea mose ho maoatle a likoloha lijong, metsing le mafung a tšoaetsanoang a seng makae.” Bahlophisi ba maeto ba ka ’na ba fana ka keletso mabapi le kamoo ho ka qojoang mathata a joalo, ’me hoa putsa ho latela litlhahiso tsa bona.

Libakeng tse ngata ke habohlokoa ho qoba ho noa metsi a tsoang pompong. ’Me hopola hore, e ka ’na eaba majoana a leqhoa a entsoe ka metsi a joalo. Hape e ka ’na ea e-ba bohlale ho qoba ho ja meroho e mahaba, mayoneise, lijo tse entsoeng ka lebejana, nama e tala kapa e sa tloaelehang, shellfish le tholoana e qetang ho khuoa, ntle le haeba u ka ikebolela eona. Linaheng tse Chesang tse Mongobo, lebese le qetang ho hangoa le lokela ho belisoa pele u le noa.

Mohloli o moholo oa kotsi ho batho ba eang phomolong ba aparang liaparo tse bobebe, ke letsatsi, ’me lilemong tsa morao tjena kotsi eo e eketsehile haholo ka lebaka la ho fokotseha ha ozone sebakeng. Palo ea liketsahalo tse ncha tsa hlahala e ntšo e kotsi, mofuta oa kankere ea letlalo e bolaeang haholo, li eketsehile ka makhetlo a mabeli United States lipakeng tsa 1980 le 1993. Australia, ho na le likipa tse ngotsoeng lepetjo le reng “SLIP! SLOP! SLAP!” (Apara sekipa, itlotse ka sesireletsa-letsatsi ’me u roale katiba.) Empa u se ke ua isoa le khongoana holimo ke boikutlo ba bohata ba tšireletseho. Lintho tseo tse sireletsang letsatsi hase makhona-tsohle.

Leeto ka sefofane la ho haola libaka tse ngata le ka fella ka mokhathala le ho teneha ho bakoang ke leeto la sefofane. Le hoja e se boloetse ka bohona, mokhathala le ho teneha ho joalo ho ka ferekanya boiketlo ba ’mele ba motho, haholo-holo haeba motho a sa phele hantle ’meleng. Phuputso e entsoeng ke batho ba tsamaeang ka lifofane lipakeng tsa London le San Francisco, tseo nako ea tsona e fapanang ka lihora tse robeli, e ile ea senola hore “’mele oa motho . . . o hloka bonyane matsatsi a seng ka tlaase ho a supileng ho isa ho a leshome hore o ikamahanye le sebaka se seng.” Buka ea The Body Machine le eona e ile ea tlaleha hore batsamai ba bang ba ileng ba feta ka sefofane ka potlako libakeng tse sa tšoaneng ba ile ba ba le “tšekamelo ea ho bua ka mokhoa o sa hlakang, ea ho qea-qea le ea ho etsa liphoso ka makhetlo a batlang a imenne habeli. Ho tsepamisa mohopolo le ho hopola lintho le hona ho ile ha ameha hampe.”a

Ho phaella moo, maeto a lifofane a nolofaletsa maloetse hore a namele k’honthinenteng e ’ngoe ho tloha ho e ’ngoe ka nako ea lihora feela. Koranta ea Jeremane, Nassauische Neue Presse e hlokometse: “Lingaka li khathatsehile ka ho khethehileng ka maloetse a ‘linaheng tse ling’ a kang malaria kapa lefu la sebete ao batho ba eang phomolong ba khutlang le ’ona ho tsoa Afrika, Asia, kapa Amerika Boroa. Selemo se seng le se seng Majeremane a ka bang 2000 a khutlela hae a e-na le malaria.” Ka mor’a hore lefu le fetisoang ke matsetse a litoeba le bolaee batho India ka 1994, ho ile ha nkuoa mehato e matla ea tšireletso ho le thibela ho namela linaheng tse ling.

Batho ba nang le mathata a bophelo bo botle a sa feleng, hammoho le basali ba baimana, ba lokela ho ba hlokolosi haholoanyane ha ba tsamaea. Le hoja maemong a mangata ho se na lebaka le tlamang la hore batho ba joalo ba se ke ba tsamaea, ba lokela ho batla keletso ho ngaka ea bona esale pele. Ke bohlale ho e mong le e mong ea tsamaeang hore a nke lebitso, aterese le linomoro tsa thelefono tsa motsoalle kapa mong ka eena ea ka fihleloang haeba ho hlaha boemo ba tšohanyetso.

Motho ea hlokang hore kamehla a entoe ka insulin bakeng sa ho boloka tsoekere e maling a hae e le boemong bo loketseng o tlameha ho hopola hore ho feta libaka tse ngata ka sefofane ho tla ferekanya kemiso e hlokolosi ea lijo le ho entoa. O tla tlameha ho lokisetsa lintho ka ho loketseng. Kapa motsamai ea nang le mochine o tsitsisang ho otla ha pelo o lokela ho tiisa hore o na le nomoro ea thelefono ea ngaka ea hae ea tšebetso ea pelo le mafu a eona.

Ho feta moo, motho leha e le ofe ea itšetlehileng ka moriana o itseng o tla batla ho o boloka thotong eo a e nkileng hobane ho seng joalo ho lahleha ha thoto kapa hore e lebisoe hosele ho ka baka tlokotsi. Ho lula u se na liaparo tse hloekileng ka matsatsi a mangata ho ka ’na ha khopisa; empa ho lula u se na moriana o hlokahalang ka matsatsi a seng makae feela ho ka beha bophelo kotsing.

Likotsi tsa leeto la ho ea phomolong ha lia lokela ho khelloa fatše. Leha ho le joalo, ke ka seoelo ho nang le lebaka le utloahalang la hore u li lumelle ho u tšosa hore u lule hae. Ke feela hore u be hlokolosi. Hopola: Tokisetso e loketseng e thusa ho loantša likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Latela keletso e bohlale: “Motho ea masene o bona khathatso e e-tla ’me oa ipata; sethoto se tsamaela ho eona ’me se lefella ka kotlo.”—Liproverbia 22:3, The New English Bible.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa likeletso ka seo u ka se etsang mabapi le mokhathala le ho teneha ka lebaka la leeto la sefofane, bona Awake!, June 8, 1986, maqepheng a 19-21.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ha u le phomolong, hlokomela seo u se jang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela