Ho Qhekella ka Lebitso la Bolumeli
HAEBA u makalitsoe le ho utloisoa bohloko ke ho qhekella hona ho boletsoeng ho tla fihlela mona, ha u mong. Empa ho na le mofuta o mong oa ho qhekella o bileng o leng mobe ho feta—o etsoang ka lebitso la bolumeli. O mong o tloaelehileng haholo ke o amanang le tumelo ea hore moea oa phela ka mor’a lefu le ea hore ba phelang ba ka thusa ba shoeleng. Batho ba limilione ba tšepahalang lefatšeng ho pota ba ’nile ba khanneloa ho lumeleng hore ka ho lefa lichelete tse ngata, ba ka thusa kapa ba thabisa baratuoa ba bona ba shoeleng.
Linaheng tse ling kajeno ho na le tsela e ncha ea ho sebelisa leraba lena la boholo-holo. Ka mohlala, haufinyane tjena, Japane, baprista ba Mabuddha ba banna le ba basali ba ipolelang hore ba na le lineo tsa moea ba ile ba tšoaroa ka pelaelo ea ho qhekella litho tsa pharishe ka li-yen tse limilione tse makholo. Bao ba ileng ba tšoaroa ba ne ba phatlalalitse litšebeletso tsa pholiso le tsa ho fana ka boeletsi. Ba neng ba ameha moo ba ne ba akarelletsa bo-’m’a malapa ba bane ba ileng ba bolelloa hore ba tšoenngoa ke meea ea bana ba bona ba shoeleng. Mainichi Daily News e tlalehile: “Basali bao ba ile ba bolelloa hore ba lefe li-yen tse limilione tse 10 [R354 400] ka kakaretso bakeng sa mokete oa phelehetso.” Mosali e mong ea lilemo li 64 o ile a ntša li-yen tse fetang limilione tse 6,65 (hoo e ka bang R234 800). Mosali eo o ne a batlile keletso ho baprista bao mabapi le bokuli ba ngoan’a hae. The Daily Yomiuri e itse: “Ho tlalehoa hore ba ile ba tiisetsa mosali eo hore o tla ’ne a be le bomalimabe ntle leha a ka etsa mokete oa phelehetso ’me a qoba ho halefisa balimo.”
Tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka be e sirelelitse batho bana ba neng ba se na pelaelo ea letho hore ba se ke ba qhekelloa. E bontša ka ho hlaka hore moea oa shoa. (Ezekiele 18:4) Moeklesia 9:5 e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Kahoo bafu ba ke ke ba ntša ba phelang kotsi. Leha e le hore ba phelang ba ka thusa bafu.
Libōpeho Tse Ngata Tseo Bolumeli bo Qhekellang ka Tsona
Ba bang ba oela lerabeng la baqhekelli ba bolumeli ka lebaka la meharo ea bona. Banyalani ba bang ba Australia ba ipolelang hore ba na le neo ea matla a phahametseng tlhaho a ba fang matla a ho hlohonolofatsa chelete le ho e atisa ba ile ba fuoa $100 000 (R345 000) ke monna e mong ea neng a batla hore chelete ea hae e ikatise. O ile a bolelloa hore a kenye chelete ka lebokoseng ’me a ba fe lona e le hore ba le “hlohonolofatse.” Banyalani bao ba ile ba nka lebokose ba kena le lona ka kamoreng e ’ngoe ho le hlohonolofatsa ha eena a ntse a letile. Ha ba khutlela ka ho eena, ba ile ba mo fa lebokose, ba mo lemosa hore ha aa lokela ho bula lebokose leo tlas’a maemo leha e le afe ho fihlela selemong sa 2000. ’Me haeba a le bula ho tla etsahala joang? O ile a bolelloa hore “boselamose bo tla senyeha, ’me o tla foufala, moriri oa hae o hlothehe, o tla tšoaroa ke kankere, ’me a bolaoe ke lefu la stroke.” Leha ho le joalo, ka mor’a libeke tse peli monna eo o ile a qala ho ba le khoao ’me a bula lebokose leo. Mohlolo oa mehlolo! Le ne le tletse lipampiri tse tabotsoeng. Koranta e tlalehileng ketsahalo eo e boletse hore monna eo o ipeha molato ’me ntho e makatsang ke hore, “o qalile ho phumuha lefatla.”
Ho qhekella ha bolumeli Italy ho nkile mano a macha: Baprista ba bang ba ’nile ba qhekelloa ke baqhekelli ba iketsang eka ke Mak’hatholike a inehetseng. Baqhekelli bana ba sebelisa tloaelo ea Mak’hatholike ea ho lefella ’Misa ea bafu bakeng sa batho ba shoeleng. Ba ho etsa joang? Makasine ea K’hatholike ea Famiglia Cristiana e hlalosa hore baqhekelli bana ba ithaopela ho lefella ’Misa e ’maloa ea bafu esale pele ka cheke ea bolotsana e ngotsoeng chelete e ngata ho feta e kōpiloeng. Ba thetsa moprista ea qhekellehang habonolo hore a ba fe chelete eo e setseng e le k’heshe. Baqhekelli bana ba fumana chelete, ’me moprista o fumana cheke e hanoang ke banka!
Hangata ba hōlileng ba pota-potoa ka mahlakoreng ’ohle ke maquloana a bolumeli a batlang batšehetsi ba bacha bakeng sa ho tlatsa mabokose a ’ona a menehelo, United States. Makasine ea Modern Maturity e ile ea ngola: “Hohle ka har’a naha, maquloana ana a bolumeli a mamela taelo ea motheo ea ho tšoarisa motho phupe: E-ea ho ba nang le chelete. Bakeng sa eona, ba ba tšepisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, bophelo bo botle ’meleng, liphetoho tsa lipolotiki haesita le ’muso oa leholimo.” Motho e mong ea neng a retolla likelello tsa bao e kileng ea e-ba litho tsa lequloana la bolumeli o qotsitsoe a re: “Ba hōlileng ke lijo tsa lequloana la bolumeli.”
Ho ka ameha chelete e ngata haholo. ’Muelli e mong oa molao oa New York ea ileng a sebetsa linyeoe tse ’maloa tseo ho tsona ho amehang maquloana a bolumeli o itse: “Ke tseba liketsahalo tse ’maloa tseo ho tsona batho ba ipaketseng bofutsana ka bobona. Ke tseba liketsahalo tse joalo tse ngata tse sa tšoaneng, ho tloha ho batho ba ileng ba phehelloa ho ntša bonyane menehelo ea ho tloha ho [liranta tse] 100 000 ho ea holimo ho isa ho batho ba se nang letho haese hore ba nehelane ka Lithuso tsa bona tsa Chelete tse Fanoang ke ’Muso.” O ile a phaella: “Ke ho sithabetsang—ho batho bao ka bomong le ho malapa a bona.”
Kahoo, hlokomela! Baqhekelli ba theohetse. Maraba a ho lokisa matlo, bomenemene ba khoebo e sebelisang thelefono, le ho qhekella ha bolumeli ke mehlala e seng mekae feela ea kamoo ba sebetsang kateng. Ho ke ke ha khoneha ho qaqisa litsela tsohle tsa bona, kaha ba lula ba cheha maraba a macha. Empa se hlahisitsoeng mona ntle ho pelaelo se tla u hlokomelisa bohlokoa ba ho ba seli, ’me mohlomong seo e ka ba boitšireletso ba hao bo molemo ka ho fetisisa. (Bona lebokose le reng “Kamoo U ka Qobang ho Qhekelloa Kateng,” leqepheng la 22.) Temoso ea maele a boholo-holo a Bibele ke e loketseng ka ho fetisisa: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Batho ba limilione ba lumela hore ka ho lefa chelete e itseng ba ka thusa kapa ba thabisa baratuoa ba bona ba shoeleng