Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
JOALOKAHA eka ntoa, polao le liketso tse sehlōhō ha lia lekana bakeng sa ho felisa bacha ba rōna, hona joale bacha ba iphelisa ka ho ipolaea. Tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi e senya likelello le ’mele ea bacha, e baka mafu a mangata har’a bacha. Lipolelo tsa ho ikhopotsa mofu tse ntseng li ata, ke tse reng mohlaseluoa o bolailoe ke ho sebelisa lithethefatsi ho tlōla—o bolailoe ke ho sebelisa lithethefatsi ho tlōla, ebang ke ka boomo kapa ke ka tšohanyetso.
Morbidity and Mortality Weekly Report ea la 28 April, 1995, e boletse hore “ho ipolaea ho itlhomme boemong ba boraro ba lisosa tse bakang lefu har’a bacha ba lilemo li pakeng tsa 15 le 19 United States.” Dr. J. J. Mann oa ngola ho The Decade of the Brain: “Maamerika a fetang 30000 [ka 1995 a ne a le 31 284] a ipolaea selemo le selemo. Ho utloisang bohloko ke hore hangata bacha ke bona ba ipolaeang . . . Batho ba bang ba fetang bao ba 30 000 ka makhetlo a leshome ba leka ho ipolaea, empa baa pholoha. . . . Ho khetholla batho ba kotsing ea ho ipolaea ke phephetso e khōlō ea bongaka kaha ha ho bonolo hore lingaka li khetholle bakuli ba tlas’a khatello e matla ea maikutlo ba tla leka ho ipolaea ho ba se nang ho leka ho ipolaea.”
Simon Sobo, eo e leng ngaka e khōlō ea mafu a kelello Sepetleleng sa New Milford, Connecticut, U.S.A., o ile a hlokomela: “Nakong ena ea selemo [ka 1995] ho bile le liteko tse ngata tsa ho ipolaea ho feta tseo nkileng ka li bona lilemong tse 13 tseo ke bileng mona ka tsona.” Bacha ba likete ba leka ho ipolaea selemo le selemo, United States. Boiteko bo bong le bo bong ke boipiletso bo kōpang thuso le tlhokomelo. Ke mang ea tla fana ka thuso pele e e-ba morao haholo?
Bothata ba Lefatše Lohle
Boemo ha boa fapana haholo likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše. Ho ea ka India Today, bacha ba ka bang 30 000 ba ile ba ipolaea selemong sa 1990, India. Canada, Finland, Fora, Iseraele, Netherlands, New Zealand, Spain, Switzerland le Thailand, manane a bacha ba ipolaeang a eketsehile. Tlaleho ea 1996 ea Letlole la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF) e bolela hore manane a phahameng ka ho fetisisa a bacha ba ipolaeang a Finland, Latvia, Lithuania, New Zealand, Russia le Slovenia.
Australia le eona ke e ’ngoe ea tse nang le lenane le phahameng ka ho fetisisa la bacha ba ipolaeang. Ho ea ka tlaleho ea koranta ea The Canberra Times, naheng ena ka 1995, karolo ea 25 lekholong ea mafu ’ohle a bashemane le karolo ea 17 lekholong ea mafu a banana e ne e le a ba ipolaileng. Lenane la bashemane “ba atlehang” ho ipolaea Australia le feta la banana ka makhetlo a ka bang mahlano. Linaheng tse ngata ho na le karolelano e tšoanang.
Na see se bolela hore bashemane ke bona ba ka ’nang ba leka ho ipolaea ho feta banana? Che, ha ho joalo. Boitsebiso bo fumanehang bo bontša hore ho na le phapang e fokolang feela pakeng tsa boiteko ba ho ipolaea bo etsoang ke ba batona le bo etsoang ke ba batšehali. Leha ho le joalo “bashemane ba bangata ho feta banana ka makhetlo a ka bang a mane baa ipolaea linaheng tse tsoetseng pele indastering ho ea ka lipalo tsa morao-rao tsa WHO [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo].”—The Progress of Nations, e hatisitsoeng ke UNICEF.
Empa esita le lipalo-palo tsena tse tšosang li ka ’na tsa se ke tsa hlalosa bothata ka ho feletseng. Manane a bacha ba ipolaeang, ha a hlalosoa ka tsela ea bongaka le ka ea lipalo-palo, a hlaloseha habonolo ka tsela e makatsang. Leha ho le joalo, ntho eo hangata e sa utloisisoeng kapa e sa lemohuoeng ka lipalo-palo tse se nang kutloelo-bohloko ke malapa a soahlamaneng le masisa-pelo, mesarelo, bohloko le ho felloa ke tšepo tse ho ba setseng ha ba ntse ba batla mabaka.
Kahoo, na litlokotsi tse kang tsa ho ipolaea ha bacha li ka thibeloa? Lisosa tse ling tsa motheo li bontšitsoe ’me li ka thusa hore ho qojoe boemo bona bo bohloko.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Mabaka a ho Ipolaea
Ho na le likhopolo-taba tse ngata mabapi le mabaka a ho ipolaea. “Ho ipolaea ke phello ea tsela eo motho a itšoarang ka eona bothateng bo mo imelang, bo kang ba ho ikarola ho ba bang, lefu la moratuoa (haholo-holo la molekane oa lenyalo), ho senyeha ha lelapa bongoaneng, ho kula ho tebileng ’meleng, ho tsofala, ho hloka mosebetsi, mathata a lichelete le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.”—The American Medical Association Encyclopedia of Medicine.
Ho ea ka setsebi sa kahisano Emile Durkheim, ho na le mefuta e mene ea motheo ea ho ipolaea:
1. Ho ipolaea ka lebaka la ho itšehla thajana—Hona “ho nahanoa hore ho bakoa ke ho hlōleha ha motho ho itsoakanya le batho ba bang sechabeng. Hangata batho ba ipolaeang ka lebaka la ho itšehla thajana ba lula ba le bang, ba sa kopane le batho ba bang sechabeng, leha e le ho itšetleha ka bona.” Ba na le tloaelo ea ho ba bang.
2. Ho ipolaea molemong oa ba bang—“Motho e ba ea amehileng haholo ka sehlopha hoo a ikutloang hore a ka ba a itella sona.” Mehlala e fanoeng ke ea batsamaisi ba lifofane tsa lebotho la tlhaselo la Japane Ntoeng ea II ea Lefatše le oa ba chesehelang bolumeli ka ho fetisisa ba ileng ba ipolaea nakong eo ba neng ba bolaea bao ho neng ho lumeloa hore ke lira tsa bona. Mehlala e meng e ne e tla ba ea ba ileng ba shoa ka boitelo e le hore ba lebise tlhokomelo bothateng bo itseng.
3. Ho ipolaea ka lebaka la mathata—“Motho ea ipolaeang ka lebaka la mathata ha a khone ho sebetsana le bothata ka tsela e nang le kahlolo e molemo ’me o khetha ho ipolaea e le eona tharollo ea bothata. [Sena] se etsahala ha kamano eo ka tloaelo motho a nang le eona le batho sechabeng e fetoha ka tšohanyetso le ka tsela e tšosang.”
4. Ho ipolaea ho bakoang ke ho ba tlas’a khatello—Hona “ho nahanoa hore ho bakoa ke melao e mengata ea tsamaiso sechabeng eo ha e le hantle e amohang motho bolokolohi ba hae.” Batho ba joalo “ba ikutloa ba se na bokamoso bo molemo.”—Adolescent Suicide: Assessment and Intervention, ea Alan L. Berman le David A. Jobes.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mekhoa e meng e kotsi e ka susumetsang mocha hore a ipolaee