Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 22-24
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketsahalo Tse Susumetsang Batho Hore ba Ipolaee
  • Lisosa Tse sa Bonahaleng
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
  • Re Filoe Takatso ea ho Phela
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 22-24

Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo

“Mabaka a etsang hore batho ba ipolaee a fapane: ke lekunutu le tebileng, ha a tsejoe a bile a utloisa bohloko.”—Kay Redfield Jamison, ngaka ea mafu a kelello.

“BOPHELO ke ntoa.” Sena ke se ileng sa ngoloa ke Ryunosuke Akutagawa, sengoli se neng se tumme lekholong la bo20 la lilemo Japane, nakoana pele a ipolaea. Leha ho le joalo, o ile a kenyelletsa mantsoe ana ka ho re: “Hase hore ke batla ho shoa, empa . . . ”

Joaloka Akutagawa, ba bangata ba batho ba ipolaeang ha ba hlile ha ba batle ho shoa empa joalokaha moprofesa oa thuto ea kelello ea motho a boletse, “ba batla ho felisa boemo boo ba leng ho bona.” Mantsoe ao hangata a fumanoang lengolong le siiloeng ke motho ea ipolaileng a fana ka maikutlo ana. Lipolelo tse kang ‘Ke ne ke se ke sitoa ho mamella ho feta mona’ kapa a reng ‘Ho phela ho ntsoela molemo ofe?’ a bontša takatso e tebileng ea ho pholoha maemo a thata a bophelo. Empa joalokaha setsebi se seng se hlalosa, ho ipolaea ho tšoana le ho “phekola sefuba ka bomo ea nyutlelie.”

Le hoja mabaka a etsang hore batho ba ipolaee a fapana, hangata liketsahalo tse itseng bophelong ke tsona tse susumetsang batho hore ba ipolaee.

Liketsahalo Tse Susumetsang Batho Hore ba Ipolaee

Ho tloaelehile hore bacha ba inehele ho nyahameng ’me ba qetelle ba ipolaile ba etsa joalo le ka mabaka a bonahalang a fokola ho ba bang. Ha ba utloile bohloko ’me ho se seo ba ka se etsang ka hona, bacha ba ka ’na ba nka ho ipolaea e le mokhoa oa ho iphetetsa bathong ba ba utloisitseng bohloko. Hiroshi Inamura eo e leng setsebi ho sebelisaneng le batho ba batlang ho ipolaea Japane, o ngotse: “Ka ho ipolaea ha bona, bacha ba thabela ho hlaba lipelo tsa batho ba ba hlokofalitseng.”

Phuputso e sa tsoa etsoa Brithani e bontšitse hore ha bana ba hlekefetsoa habohloko, ba ba monyetleng oa ho batla ho ipolaea ka makhetlo a supileng ho feta ba sa khahlapetsoeng. Bohloko ba maikutlo boo bana bana ba bo utloang ke ba sebele. Moshanyana ea lilemo li 13 ea ileng a iphanyeha o ile a siea lengolo leo ho lona a boletseng mabitso a batho ba bahlano ba neng ba mo hlekefetsa le ho mo nkela chelete. O ne a ngotse: “Ka kōpo sireletsang bana ba bang.”

Ba bang ba ka leka ho ipolaea haeba ba kena mathateng sekolong kapa molaong, haeba litaba tsa bona tsa lerato li senyeha, haeba ba fumana tlaleho e mpe ea mosebetsi oa sekolo, haeba ba tepeletsoa ke ho itokisetsa litlhahlobo kapa ba nyahamisoa ke ho tšoenyeha ka bokamoso. Ho bacha ba atlehang sekolong bao e ka ’nang eaba ba lebeletse phetheho nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang, ho etsa phoso kapa ho hlōleha nthong e itseng—ebang ke ea sebele kapa e inahaneloang—ho ka etsa hore ba leke ho ipolaea.

Ho batho ba baholo, mathata a lichelete kapa a amanang le mosebetsi ka tloaelo ke tsona liketsahalo tse susumetsang motho hore a batle ho ipolaea. Ka mor’a lilemo tsa ho putlama ha moruo Japane, batho ba ipolaeang ba sa tsoa feta ba 30 000 ka selemo. Ho latela Mainichi Daily News, hoo e ka bang palo ea banna ba bararo ho ba bane ba lilemong tse bohareng, ba ipolaileng, ba entse joalo “ka lebaka la mathata a phaellanang ka lebaka la likoloto, ho hlōleha ha khoebo, bofutsana le ho hloka mosebetsi.” Mathata a lelapa le ’ona a ka susumetsa motho hore a ipolaee. Koranta ea Sefinnishe e tlalehile: “Haufinyane tjena, banna ba lilemong tse mahareng, ba hlalileng” ba oela sehlopheng sa banna ba ipolaeang ka ho fetisisa. Phuputso e entsoeng Hungary e fumane hore boholo ba banana ba nahanang ho ipolaea ba ne ba hōletse malapeng a qhalaneng.

Ho tlohela mosebetsi le bokuli le tsona ke lisosa tse ka sehloohong tse susumeletsang batho ho ipolaea, haholo-holo bathong ba hōlileng. Hangata ho ipolaea ho nkoa e le mokhoa oa ho tsoa bothateng, eseng hakaalo-kaalo hobane bokuli bo lebisa lefung, empa hobane mokuli a utloa a sitoa ho mamella bohloko.

Leha ho le joalo, hase motho e mong le e mong ea batlang ho ipolaea ha a hlaheloa ke liketsahalo tsena. Ho fapana le hoo, ba bangata ha ba ipolaee ha ba talimane le maemo a sithabetsang. Joale, ke hobane’ng ha ba bang ba nka ho ipolaea e le tharollo, ha ka lehlakoreng le leng ba bangata ba sa ho nke e le eona?

Lisosa Tse sa Bonahaleng

Kay Redfield Jamison, moprofesa oa thuto ea ho phekola mafu a kelello Univesithing ea Sekolo sa Bongaka ea Johns Hopkins, o re: “Boholo ba liqeto tsa ho ipolaea bo itšetlehile ka tsela eo motho a nkang liketsahalo tse itseng ka eona.” Oa phaella: “Batho ba bangata nakong eo ba hlaphohetsoeng kelellong ha ba nke hore ketsahalo leha e le efe e ka ba utloisa bohloko hoo motho a ka batlang ho ipolaea.” Eve K. Mościcki oa U.S. National Institute of Mental Health, o hlokomela hore lisosa tse ngata—tseo tse ling tsa tsona li sa bonahaleng—ke tsona tse khannelang motho hore a batle ho ipolaea. Lisosa tse joalo li akarelletsa boloetse ba kelello le bo bakoang ke ho lemalla ntho e itseng, kaheho ea liphatsa tsa lefutso le metsoako ea boko. A re hlahlobeng tse ling tsa tsona.

Se hlahelletseng har’a lisosa tsena ke boloetse ba kelello le bo bakoang ke ho lemalla ho itseng bo kang ho tepella maikutlong, ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello, lefu la kelello le tšebeliso e mpe ea joala le lithethefatsi. Phuputso e entsoeng Europe le United States e bontša hore karolo ea ba fetang 90 lekholong ea batho ba ipolaileng e amana le maloetse a joalo. Ha e le hantle, mofuputsi oa Sweden o ile a fumana hore har’a banna ba neng ba se na le leng la mafu ana, ho ne ho ipolaea banna ba 8,3 ho ba bang le ba bang ba 100 000, empa har’a ba tepelletseng maikutlong palo eo e ile ea phahamela ho ba 650 bathong ba bang le ba bang ba 100 000! ’Me litsebi li re lisosa tse susumetsang batho hore ba ipolaee lia tšoana le linaheng tsa Bochabela. Leha ho le joalo, ho tepella maikutlong hammoho le liketsahalo tse susumeletsang batho hore ba ipolaee ha li etse hore hoo e be ho ke keng ha qojoa.

Moprofesa Jamison, eo ka nako e ’ngoe a kileng a leka ho ipolaea o re: “Ho bonahala batho ba khona ho jara kapa ho mamella ho tepella maikutlong hafeela ba e-na le tumelo ea hore lintho li tla ntlafala.” Leha ho le joalo, o fumane hore ha ho felloa ke tšepo ho eketseha hoo ho bang thata ho mamelleha, matla a kelello a ho thibela boikutlo ba ho ipolaea a fokotseha butle-butle. O bapisa boemo bona le tsela eo mariki a koloi a felang ka eona ha a ntse a hatoa hangata.

Ke habohlokoa ho elelloa tšekamelo e joalo hobane ho tepella maikutlong ho ka phekoloa. Maikutlo a ho hloka thuso a ka fetoloa. Ha ho sebetsanoa le lisosa tse sa bonahaleng, batho ba ka ’na ba arabela ka tsela e fapaneng masisa-pelong le khatellong eo hangata e susumeletsang motho hore a ipolaee.

Ba bang ba nahana hore moetso oa liphatsa tsa motho tsa lefutso e ka ’na ea e-ba sesosa se sa bonahaleng ho ipolaeeng ha ba bangata. Ke ’nete hore liphatsa tsa lefutso li phetha karolo e itseng tseleng eo motho a ikutloang ka eona, ’me liphuputso li sibolotse hore malapa a mang a bile le liketsahalo tse fetang tsa malapa a mang tsa ho ipolaea ha litho tsa ’ona. Leha ho le joalo, Jamison o re: “Maikutlo a hore liphatsa tsa lefutso li tlatseletsa ho ipolaeeng ho hang ha a bolele hore ho ipolaea ke ntho e ke keng ea qojoa.”

Metsoako ea boko le eona e ka ba sesosa se sa bonahaleng. Bokong, lisele tsa kutlo tse limilione tse likete li buisana ka metsoako ea lik’hemik’hale. Ntlheng ea methapo ea kutlo ho na le likheo tse bitsoang synapses, tseo ho tsona molaetsa bokong o fetang le teng ka lik’hemik’hale. Tekanyo e itseng ea k’hemik’hale e ’ngoe, e leng serotonin, e ka ’na ea ameha ho susumelletseng motho ho ba le takatso ea ho ipolaea. Buka ea Inside the Brain ea hlalosa: “Tekanyo e tlaase ea serotonin . . . e ka felisa thabo bophelong, ea qeta thahasello ea motho ea ho phela le ho eketsa monyetla oa hore motho a tepelle maikutlong le ho batla ho ipolaea.”

Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha ho motho ea reretsoeng ho ipolaea. Batho ba limilione ba thulana ka katleho le masisa-pelo le likhatello tse ling. Se etsang hore ba bang ba ipolaee ke tsela eo kelello le pelo li arabelang ka eona likhatellong tse joalo. Ha hoa lokela ho sebetsanoa feela le mabaka a etsang hore batho ba nahane ho ipolaea, empa ho boetse ho lokela ho sebetsanoe le lisosa tse sa bonahaleng.

Kahoo, ho ka etsoa eng ho haha boikutlo bo nepahetseng bo tla nchafatsa ho chesehela bophelo?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho Ipolaea le Bolutu

Bolutu ke le leng la mabaka a etsang hore batho ba tepelle maikutlong ’me ba ipolaee. Jouko Lönnqvist, ea neng a etella pele phuputso ea ho ipolaea Finland, o itse: “Ho ba bangata [ba batho ba ipolaileng], bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi bo ne bo le bolutu. Ba ne ba e-na le nako e ngata eo ba sa etseng letho ka eona empa ba se na metsoalle e mengata.” Kenshiro Ohara, ngaka ea mafu a kelello Univesithing ea Hamamatsu ea Sekolo sa Bongaka Japane, o ile a re “bolutu” e ne e le bona bo bakileng keketseho ea ho ipolaea ha banna ba lilemong tse mahareng naheng eo.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Ho Ipolaea, Ebang ke Monna Kapa Mosali

Ho latela phuputso e entsoeng United States, le hoja basali ba ka leka ho ipolaea ka makhetlo a mabeli ho ea ho a mararo ha ho bapisoa le banna, banna bona ba ka atleha ka makhetlo a mane ho feta basali. Bonyane basali ba ka hlokofatsoa ke ho tepella maikutlong ka makhetlo a imenneng habeli ha ho bapisoa le banna, e leng sona se etsang hore ba bangata ba bona ba leke ho ipolaea. Leha ho le joalo, bokuli ba bona ba ho tepella maikutlo bo ka ’na ba se tebe ka ho fetisisa, ’me ka tsela eo, ba sebelisa mekhoa e sa tebang hakaalo ea ho ipolaea. Ka lehlakoreng le leng, banna bona ba ka sebelisa mekhoa e matla le e tiileng haholoanyane ho etsa bonnete ba hore baa atleha ha ba ipolaea.

Leha ho le joalo, Chaena teng basali ba atleha ho feta banna. Ha e le hantle, phuputso e senola hore karolo ea 56 lekholong ea ho ipolaea ha basali lefatšeng ho etsahala Chaena, haholo-holo mahaeng. Ho boleloa hore ho fumaneha habonolo ha chefo e bolaeang likokoanyana ke le leng la mabaka a susumetsang basali hore ba ipolaee.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ho batho ba baholo, mathata a amanang le lichelete kapa mosebetsi ke tsona liketsahalo tse tloaelehileng tse ba susumelletsang ho ipolaea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela