Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 20-21
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litso Tse Fapaneng
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 20-21

Bothata ba Lefatše ka Bophara

“Ho ipolaea ke bothata bo tebileng sechabeng.”—David Satcher, matoetoe oa sepetlele United States, ka 1999.

POLELO eo ea matoetoe oa sepetlele United States ea ho bua ka ho ipolaea e le bothata bo tjametseng sechaba, e bile ea pele historing. Batho ba ipolaeang naheng eo ba bangata ho feta ba bolaoang ke ba bang. Ha ho makatse hore ebe Senate sa United States se ile sa phatlalatsa hore sechaba se lokela ho lebisa tlhokomelo e khōlō thibelong ea ho ipolaea.

Leha ho le joalo, palo ea batho ba ipolaeang United States, eo ka 1997 e neng e le batho ba 11,4 ho ba bang le ba bang ba 100 000, e ka tlaase ho palo e phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo ka 2000—e leng batho ba 16 ho ba bang le ba bang ba 100 000. Palo ea batho ba ipolaeang lefatšeng ka bophara e nyolohetse karolong ea 60 lekholong lilemong tse 45 tse fetileng. Hona joale, ka selemo se le seng, batho ba ka bang milione lefatšeng ka bophara baa ipolaea. Seo se batla se lekana le ho ipolaea ha motho a le mong metsotsoaneng e meng le e meng e 40!

Leha ho le joalo, lipalo-palo li ke ke tsa re bolella ’nete e feletseng. Maemong a mangata litho tsa lelapa li hana ho bolela hore motho o ipolaile. Ho feta moo, ho hakanyetsoa hore ha motho a le mong a khonne ho ipolaea, ho na le ba 10 ho ea ho 25 ba lekileng ho ipolaea empa ba hlōleha. Patlisiso e ’ngoe e ile ea fumana hore karolo ea 27 lekholong ea barutoana ba sekolo se phahameng United States ba ile ba lumela hore selemong se ka pele ho seo, ba ne ba ile ba nahana ka ho teba ka ho ipolaea; ha karolo ea 8 lekholong ea sehlopha seo ho entsoeng lipatlisiso ho sona eona e ile ea hla ea leka ho ipolaea. Liphuputso tse ling tsona li fumane hore karolo ea 5 ho ea ho ea 15 lekholong ea batho ba baholo e ne e kile ea ba le nako eo ka eona e nahanang ho ipolaea.

Litso Tse Fapaneng

Tsela eo batho ba talimang ho ipolaea ka eona e fapane haholo. Ba bang ba ho nka e le tlōlo ea molao, ba bang ba ho nka e le mokhoa oo makoala a qobang mathata ka oona, ha ba bang bona ba ho nka e le tsela e hlomphehang ea ho inyatsetsa phoso e itseng. Ba bang ba bile ba ho nka e le tsela e babatsehang ea ho shoela likano. Ke hobane’ng ha ho e-na le maikutlo a fapaneng joalo? Setso se phetha karolo e khōlō. Ha e le hantle, The Harvard Mental Health Letter e bolela hore setso se ka ba sa “susumetsa motho hore a ipolaee.”

Nahana ka naha e Europe bohareng—Hungary. Dr. Zoltán Rihmer o bua ka palo e phahameng ea ho ipolaea Hungary e le “‘tloaelo’ e soabisang.” Béla Buda eo e leng mookameli oa Hungary’s National Institute for Health o hlokometse hore batho ba Hungary ba potlakela ho ipolaela lebaka leha e le lefe. Ho latela Buda, karabelo e tloaelehileng ke ea hore “o tšoeroe ke kankere—o tseba mokhoa oa ho felisa boemo boo.”

India ho kile ha e-ba le moetlo oa bolumeli o neng o tsejoa e le suttee. Le hoja mokhoa ona oa hore mohlolohali a itahlele sebōping sa mollo o chesang setopo sa monna oa hae e se e le nako e telele o thibetsoe, ha oa fela ka ho feletseng. Ha ho tlalehoa hore mosali e mong o ipolaile ka mokhoa ona, batho ba bangata ba sebakeng sa habo ba ile ba thoholetsa tlokotsi eo. Ho latela India Today, sebakeng seo sa India, “ho bile le basali ba ka bang 25 ba ileng ba ichesa sebōping sa mollo o chesang litopo tsa banna ba bona ka lilemo tse lekanang le palo eo ea bona.”

Ka ho hlokomelehang, batho ba ipolaeang Japane ba bangata ho feta ba bolaoang ke likotsi tsa mebileng ka makhetlo a imenneng hararo! Japan—An Illustrated Encyclopedia e re: “Moetlo oa Majapane, oo le ka mohla o e-song ho ka o nyatsa ho ipolaea, o tsebahala ka mokhoa o tloaelehileng haholo le o neng o thehiloe ka molao, e leng oa ho iphohlotsa mpa ka sabole (seppuku, kapa hara-kiri).”

Bukeng ea hae ea Bushido—The Soul of Japan, Inazo Nitobe eo hamorao e bileng mongoli ea tlaasana ho mongoli-kakaretso oa Selekane sa Lichaba, o ile a hlalosa moetlo ona o hohelang oa lefu. O ngotse: “E le ntho e qapiloeng mehleng e bohareng, [seppuku] e ne e le mohato oo bahlabani ba neng ba ka etsa pheko bakeng sa litlōlo tsa bona tsa molao, ba inyatsetsa liphoso tsa bona, ba qoba sekhobo, ba lefa molato ho metsoalle ea bona kapa ba paka botšepehi ba bona.” Le hoja moetlo ona oa ho ipolaea ha e le hantle e le mokhoa oa lilemong tse fetileng, ba ’maloa ba ntse ba retelehela ho oona ka lebaka la tsela eo o talingoang ka eona sechabeng.

Ka lehlakoreng le leng, Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba nka ho ipolaea e le tlōlo ea molao. Lekholong la botšelela le la bosupa la lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e khaola ba neng ba ipolaea ’me e hana ho ba etsetsa tšebeletso ea lepato. Libakeng tse ling, maikutlo a matla ka lefu a hlahisitse mekhoa e makatsang mabapi le batho ba ipolaileng—e kopanyelletsang ho fanyeha litopo esita le ho totometsa litsenene lipelong tsa tsona.

Ho makatsang ke hore le ba neng ba leka ho ipolaea le bona ba ne ba ka fumana kahlolo ea lefu. Monna oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo o ile a fanyehoa ka mor’a hore a hlōlehe ho ipolaea ka ho ikhaola qoqotho. Ka tsela eo, ba boholong ba ile ba phethahatsa seo a neng a hlōlehile ho se phetha. Le hoja kotlo ea ba neng ba leka ho ipolaea e ile ea fetoha ha lilemo li ntse li feta, ke feela ka 1961 moo Paramente ea Brithani e ileng ea phatlalatsa hore ho ipolaea le ho leka ho ipolaea ha ho sa tla nkoa e le tlōlo ea molao. Ireland teng e ile ea lula e le tlōlo ea molao ho fihlela ka 1993.

Kajeno, bangoli ba bang ba khothalletsa ho ipolaea e le khetho eo motho a ka iketsetsang eona. Buka e hatisitsoeng ka 1991 e buang ka ho thusa batho ba kulelang lefu hore ba ipolaee e fane ka litlhahiso tsa mekhoa eo ba ka ipolaeang ka eona. Hamorao, palo e eketsehileng ea batho ba neng ba sa kulele lefu e ile ea sebelisa e meng ea mekhoa ena e buelletsoeng.

Na ehlile ho ipolaea ke karabo mathateng a motho? Kapa na ho na le mabaka a utloahalang a hore motho a tsoele pele a phela? Pele re araba lipotso tsena, a re ke re qaleng ka ho hlahloba mabaka a lebisang ho ipolaeeng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ka selemo se le seng, batho ba ka bang milione lefatšeng ka bophara baa ipolaea. Seo se bolela ho ipolaea ha motho a le mong metsotsoaneng e meng le e meng e ka bang 40!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela