Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 8-11
  • Litokelo Tsa Botho le Liketso Tse Hlokang Toka Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litokelo Tsa Botho le Liketso Tse Hlokang Toka Kajeno
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bohle Baa Lekana?
  • Bana ba se Nang Bongoana
  • Ho Khetha le ho Fetola Bolumeli ba Motho
  • Mokokotlo o Matetetso Empa ha ho Chelete
  • Na Tlhokomelo ea Meriana ke ea Bohle?
  • Ponahalo ea ha U le Mokatong oa Bo29
    Tsoha!—1998
  • ‘Mosebetsi oa Nako e Telele o Phethiloe’
    Tsoha!—1998
  • Litokelo Tsa Botho Bakeng Sa Bohle—Ntho ea Sebele Lefatšeng ka Bophara!
    Tsoha!—1998
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Qobella Batho Hore ba Fetole Bolumeli ba Bona?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 8-11

Litokelo Tsa Botho le Liketso Tse Hlokang Toka Kajeno

BABUELLI ba litokelo tsa botho haufinyane ba ile ba finyella mosebetsi o hlollang. Taba ea pele, ba ile ba kopanya mekhatlo e fetang 1000 linaheng tse 60 mokhatlong o bitsoang Phutuho ea Machaba ea ho Thibela Liqhomane tsa Fatše (ICBL [International Campaign to Ban Landmines]). Joale, ba ile ba fetisa selekane sa machaba se thibelang libetsa tsena. Ka mor’a moo, ICBL le motsamaisi oa eona ea sa khathaleng, moitseki oa Leamerika Jody Williams, e ile ea hapa Khau ea Khotso ea Nobel ea 1997.

Leha ho le joalo, lintho tse joalo tse finyeletsoeng li tsamaea le tlhaloso e khathollang. Joalokaha Human Rights Watch World Report 1998 e hlokomela, ho sebelisoa ho akaretsang ha litokelo tsa botho ho ntse ho le “tlas’a tlhaselo e sa khaotseng.” Hase linaha tsa puso ea khatello feela tse sa reng letho tse behoang molato. Tlaleho e re: “Mebuso e matla e bontšitse tšekamelo e hlokomelehang ea ho hlokomoloha litokelo tsa botho ha li ipaka li sitisa lithahasello tsa moruo kapa tsa bohlokoa ntšetso-peleng ea merero e itseng—e leng mahlomola a tloaelehileng Europe le United States.”

Ho batho ba limilione lefatšeng ka bophara, ho thata ho hlokomoloha ho hatakeloa ha litokelo tsa botho. Mahlomola a bona a letsatsi le letsatsi a ntse a mpefatsoa ke khethollo, bofutsana, tlala ea boja-likata, mahloriso, peto, tlhekefetso ea bana, bokhoba le lefu le mabifi. Ho bahlaseluoa bana maemo a molemo a tšepisitsoeng lilekaneng tse ntseng li phaellana tsa litokelo tsa botho a hōle-hōle le lefatše leo ba le tsebang. Ha e le hantle, ho boholo ba moloko oa batho, esita le litokelo tsa mantlha tse thathamisitsoeng melaong e 30 ea Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho e ntse e le tšepiso e sa phethahalang. Ka mohlala, nahana ka bokhutšoanyane kamoo tse ling tsa litokelo tse phahameng tse boletsoeng Phatlalatsong eo li sebetsang kateng bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Na Bohle Baa Lekana?

Batho bohle ba tsoaloa ba lokolohile ba bile ba lekana ka seriti le ka litokelo.—Molao oa 1.

Setšoantšo sa pejana sa Molao oa 1 oa Phatlalatso e Akaretsang se ile sa bolela: “Banna bohle . . . baa lekana.” Leha ho le joalo, ho tiisa hore polelo ena e ne e ke ke ea utloisisoa hore e qhelela basali ka thōko, basali bao e leng litho tsa komisi e etsang setšoantšo seo ba ile ba tsitlallela hore puo eo e fetoloe. Ba ile ba hlōla, ’me polelo “banna bohle . . . baa lekana” e ile ea fetoha “batho bohle . . . baa lekana.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Empa na ho fetola puo ea molao oo ho ile ha fetola boemo ba basali?

Ka la 10 December, 1997, e leng Letsatsi la Litokelo tsa Botho, Mofumahali ea ka Sehloohong oa United States, Hillary Clinton, o ile a bolella Machaba a Kopaneng hore lefatše le ntse le tsoela pele “ho tšoara basali e le baahi ba tlaasana.” O ile a fana ka mehlala: Ho mafutsana a lefatše, karolo ea 70 lekholong ke basali. Karolo ea bobeli ho tse tharo ea bana ba limilione tse 130 lefatšeng ba sa khoneng ho kena sekolo ke banana. Karolo ea bobeli ho tse tharo ea ba limilione tse 96 lefatšeng ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ke basali. Basali ba boetse ba hlokofatsoa haholo ke pefo ea ka lapeng le ea likamano tsa botona le botšehali, eo ha Mofumahali Clinton a phaella, e lulang e ntse e le “e ’ngoe ea ho hatikeloa ha litokelo tsa botho tse tlalehoang hanyenyane ka ho fetisisa le tse atileng haholo lefatšeng.”

Ba bang ba batšehali e ba bahlaseluoa ba pefo le pele ba tsoaloa. Haholo-holo linaheng tse ling tsa Asia, bo-’mè ba bang ba ntša limpa ha ba imme barali ba bona ba e-song ho hlahe hobane ba rata bara ho feta barali. Libakeng tse ling ho rata bara ho entse hore ho etsa liteko tse hlahlobang ngoana ea ka pōpelong hore na ke e motona kapa e motšehali e be khoebo e hōlang. Tleliniki e ’ngoe e fumanang hore na motho o motona kapa o motšehali e phatlalatsa litšebeletso tsa eona ka ho etsa tlhahiso ea hore ho molemo ho ntša R228 hona joale bakeng sa ho felisa lesea la ngoanana le e-song ho tsoaloe ho e-na le ho ntša R22 800 hamorao bakeng sa ho mo phahlela. Phatlalatso e joalo ea sebetsa. Phuputso e entsoeng sepetleleng se seng se seholo sa Asia e ile ea fumana hore karolo ea 95,5 lekholong ea masea a e-song ho tsoaloe ao ho fumanoeng hore ke banana e ile ea bolaoa ka ho ntša mpa. Ho rata bara ho teng esita le likarolong tse ling tsa lefatše. Ha eo e kileng ea e-ba ’mampoli oa litebele United States a ne a botsoa hore na o bile le bana ba bakae, o ile a araba: “Moshanyana a le mong le liphoso tse supileng.” Buka ea Machaba a Kopaneng e bitsoang Women and Violence e hlokomela hore “ho fetola maikutlo a batho le monahano oa bona ka basali ho tla nka nako e telele—bonyane moloko o itseng, kamoo ba bang ba lumelang kateng, mohlomong le ho feta.”

Bana ba se Nang Bongoana

Ha ho ea tlang ho bolokoa bokhobeng kapa kholehong; bokhoba le khoebo ea makhoba li tla thibeloa ka mefuta eohle ea tsona.—Molao oa 4.

Pampiring, bokhoba bo felile. Mebuso e ’nile ea saena lilekane tse ngata tse etsang hore bokhoba e be tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, ho latela Mokhatlo o Khahlanong le Bokhoba oa Brithani, o tsebahalang e le mokhatlo oa litokelo tsa botho oa khale ka ho fetisisa lefatšeng, “ho na le makhoba a eketsehileng kajeno ho feta leha e le neng pele.” Bokhoba ba kajeno bo akarelletsa litlōlo tse sa tšoaneng tsa litokelo tsa botho. Bana ba qobelloang ho sebetsa ho thoe ke mofuta o mong oa bokhoba ba kajeno.

Derivan, moshanyana e mong oa Amerika Boroa, ke mohlala o mong o utloisang bohloko. ‘Matsoho a hae a manyenyane a eme makhekhebu ka lebaka la ho tšoara makhasi a hoashang a sisal, tšoèlè ea semela e sebelisetsoang ho etsa materase. Mosebetsi oa hae ke ho nka makala ao setorong le ho a isa mochineng o a sebetsang limithara tse ka bang 90 ho tloha moo. Ka mor’a mosebetsi oa lihora tse 12 ka letsatsi, o thothile makala a etsang thane. Derivan o qalile ho sebetsa ha a le lilemo li hlano. Kajeno o lilemo li 11.’—World Press Review.

Ofisi ea Machaba ea Basebetsi e hakanya hore bana ba ka bang limilione tse 250 ba pakeng tsa lilemo tse 5 le tse 14 ke bana ba sebetsang kajeno—lebotho la basebetsi ba banyenyane leo ka boholo le ka lekanang le baahi ba Brazil le Mexico ha li kopane! Ba bangata ba bana bana ba se nang bongoana ba sehla ka thata limmaeneng, ba hula lik’hontheina tse tletseng mashala; ba qhafutsa har’a seretse ho ea kotula lijalo; kapa ho honamela liforeimi tsa ho loha bakeng sa ho etsa lik’hapete. Esita le bana ba banyenyane—ba lilemo li tharo, li ’nè, le tse hlano—ba panoa hammoho ka lihlopha hore ba leme, ba jale le ho kotula masimong ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane. Rapolasi e mong naheng e ’ngoe ea Asia o re: “Bana ba bitsa litšenyehelo tse tlaase ho feta literekere hape ba bohlale ho feta lipholo.”

Ho Khetha le ho Fetola Bolumeli ba Motho

E mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le bolokolohi ba ho nahana, letsoalo le bolumeli; tokelo ena e akarelletsa bolokolohi ba ho fetola bolumeli ba hae.—Molao oa 18.

Ka la 16 October, 1997, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa amohela “tlaleho ea nakoana mabapi le ho tlosoa ha mefuta eohle ea ho se mamelle malumeli a mang.” Tlaleho eo, e lokisitsoeng ke Motlalehi ea Khethehileng oa Komisi ea Litokelo tsa Botho, Abdelfattah Amor, e thathamisa ho hatakeloa ho tsoelang pele ha Molao oa 18. Ha e bua ka letoto la linaha, tlaleho eo e qotsa linyeoe tse ’maloa tsa ‘ho hobosoa, litšokelo, tšoaro e mpe, ho tšoaroa, ho kenngoa litlamong, ho nyamela le lipolao.’

Ka ho tšoanang, 1997 Human Rights Reports, e hlophisitsoeng ke Lefapha la Demokrasi, Litokelo tsa Botho le Bosebetsi la United States, e totobatsa hore esita le linaha tse nang le tloaelo ea nako e telele ea demokrasi “li ’nile tsa batla ho thibela bolokolohi ba lihlopha tse sa tšoaneng tsa litumelo tse nyenyane, ka ho li shabella hammoho kaofela ka ho re ke ‘lihlotšoana tsa borapeli.’” Litšekamelo tse joalo ke tse etsang hore batho ba tšoenyehe. Willy Fautré, mopresidente oa mokhatlo oa Litokelo tsa Botho o se Nang Meeli o Brussels, oa hlokomela: “Tokoloho ea bolumeli ke e ’ngoe ea lipontšo tse molemohali tsa boemo bo akaretsang ba bolokolohi ba batho sechabeng leha e le sefe.”

Mokokotlo o Matetetso Empa ha ho Chelete

E mong le e mong ea sebetsang o na le tokelo ea ho fumana tefo e lokileng le e ntle e mo tiisetsang hore eena le lelapa la hae ba tla phela ka tsela e tšoanelang seriti sa botho.—Molao oa 23.

Batho ba helang ’moba Caribbean ba ka ’na ba amohela R18 ka letsatsi, empa litjeo tsa rente le lisebelisoa li etsa hore kapelenyana ba kolote beng ba masimo. Ho phaella moo, ha ba lefshoe ka chelete empa ka litlankane tse bontšang hore na ba ka reka thepa ea bokae. ’Me kaha lebenkele la k’hamphani eo e le lona feela le teng leo batho bana ba helang ’moba ba ka eang ho lona, ba qobelleha ho reka oli e phehang, reise le linaoa hona moo. Leha ho le joalo, e le tefiso ea litšebeletso bakeng sa ho amohela litlankane tseo tsa basebetsi, lebenkele le ntša karolo ea 10 ho ea ho 20 lekholong ea tekanyo ea chelete e setlankaneng seo. Bill O’Neill, motlatsi oa motsamaisi oa Komiti ea Babuelli ba Molao Bakeng sa Litokelo tsa Botho, o ile a bua tjena khasong ea seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng: “Qetellong ea nako ea kotulo, ha ba na letho leo ba ka le hlahisang bakeng sa libeke le likhoeli tsa mosebetsi o robang mokokotlo. Ha ba na letho leo ba le bolokileng, ’me ba qetile nako eo ka thata.”

Na Tlhokomelo ea Meriana ke ea Bohle?

E mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le lintho tse hlokahalang bophelong tse lekaneng bakeng sa bophelo bo botle le hore a atlehe eena le lelapa la hae, ho akarelletsa le lijo, liaparo, matlo le tlhokomelo ea meriana.—Molao oa 25.

‘Ricardo le Justina ke balemi ba futsanehileng ba Latin America ba phelang lik’hilomithara tse ka bang 80 ho tloha motseng o moholo o haufinyane. Ha Gemma, ngoana oa bona oa ngoanana oa lesea, a ne a kula, ba ile ba mo isa tleliniking e haufinyane ea praefete, empa basebetsi ba sepetlele ba ile ba mo khutlisa hobane ho ne ho hlakile hore Ricardo o ne a ke ke a lefella litšenyehelo. Letsatsing le hlahlamang, Justina o ile a alima chelete ho baahelani ho ea lefella lipalangoang tsa sechaba ’me a nka leeto le lelelele ho ea motseng o moholo. Ha Justina le lesea leo ba qetella ba fihlile sepetleleng se senyenyane sa ’muso sa motse oo o moholo, Justina o ile a bolelloa hore ho ne ho se na libethe tse teng le hore o lokela ho khutla hoseng ho latelang. Kaha o ne a se na beng ka eena motseng oo, a bile a se na chelete ea ho hira kamore, o ile a qeta bosiu boo a le tafoleng ’marakeng oa sechaba. Justina o ile a kukela lesea leo haufinyane e le hore a le baballe le ho le sireletsa, empa hoo ha hoa ka ha thusa letho. Bosiung boo Gemma e monyenyane o ile a shoa.’—Human Rights and Social Work.

Lefatšeng lohle, motho a le mong ho ba bane o phela ka liranta tse tšeletseng ka letsatsi. Ba tobana le qaka e bolaeang e tšoanang le ea Ricardo le Justina: Tlhokomelo ea bophelo ea tleliniki ea praefete e teng empa ha e khonehe, athe tlhokomelo ea bophelo ea sechaba e ka khoneha empa e le sieo. Ho utloisang bohloko ke hore le hoja mafutsana a fetang limilione tse sekete a teng lefatšeng a fumane ‘tokelo ea tlhokomelo ea meriana,’ melemo ea tlhokomelo ea meriana e ntse e le moo a ke keng a e finyella.

Lethathamo le tšosang la tšebeliso e mpe ea litokelo tsa botho ha le fele. Litlaleho tse tšoanang le tse tlalehiloeng ka holimo li ka atisoa ka makhetlo a makholo a limilione. Ho sa tsotellehe boiteko bo boholohali ba mekhatlo ea litokelo tsa botho hape ho sa tsotellehe boinehelo ba baitseki ba likete ba hlileng ba behang bophelo ba bona kotsing bakeng sa ho ntlafatsa boemo ba banna, basali le bana lefatšeng ka bophara, litokelo tsa botho bakeng sa bohle e sa ntse e le toro feela. Na e tla ke e be ntho ea sebele? Ha ho potang, empa ho tlameha ho be le liphetoho tse ngata pele. Sehlooho se latelang se tla hlahloba tse peli tsa tsona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Courtesy MgM Stiftung Menschen gegen Minen (www.mgm.org)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

UN PHOTO 148051/J. P. Laffont—SYGMA

WHO photo/PAHO by J. Vizcarra

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela