Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 5/8 maq. 16-19
  • Thaba ea Sinai—Lehakoe la Bohlokoa Lehoatateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thaba ea Sinai—Lehakoe la Bohlokoa Lehoatateng
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekola Thaba
  • Ho Hloa Ras Safsafa e Mabapi
  • Ka Har’a Ntlo ea Baitlami
  • Qetello e Sithabetsang
  • Ho Pholosa Codex Sinaiticus
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Sinai—Thaba ea Moshe le Mohau
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Letlotlo la Bibele Lea Fumanoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Leseli le Hlakileng” la Bibele le Tsoang Laebraring ea Khale ka ho Fetisisa ea Russia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 5/8 maq. 16-19

Thaba ea Sinai—Lehakoe la Bohlokoa Lehoatateng

HA KE sa tla lebala thabo eo ke neng ke be le eona mohla ke qalang ho bona Thaba e tsebahalang ea Sinai. Ha re ntse re tsamaea sebakeng se chesang, se lerōle se Hloahloeng ea Sinai, Egepeta, kapele-pele tekesi ea rōna e ile ea hlahella Lehoatateng le bulehileng la er-Raha. Thaba e hlollang ea Sinai e ile ea bonahala ka ho hlaka ho tloha tlaase lehoatateng. E ne e bonahala joaloka lehakoe la bohlokoa, le behiloeng lefeelleng. E ne e le ho thabisang ho nahana hore ena e ka ’na eaba ke eona thaba eo Moshe a ileng a fumana Molao o tsoang ho Molimo a le ho eona!

Le hoja ho e-na le phehisano e itseng ka hore na Thaba ea Sinai ea Bibeleng e sebakeng sefe, bahahlauli ba ’nile ba tla mona ka makholo a lilemo hobane ba lumela hore ke eona thaba e tummeng. Morao-rao lekholong la boraro la lilemo C.E., batho ba itšoarang ka thata-thata ba ile ba fihla, ba ikemiselitse ho ikarola ka mabaka a bolumeli. Lekholong la botšelela la lilemo, Moemphera oa Byzantium Justinian I o ile a laela hore ho hahuoe ntlo ea baitlami e kang qhobosheane moo ho sireletsa batho bana ba itšoarang ka thata-thata, hammoho le ho tiisa boteng ba Roma sebakeng seo. Ntlo eo ea baitlami, e mosikong oa Thaba e tsebahalang ea Sinai, hona joale e tsejoa e le St. Catherine’s. Ke hobane’ng ha u sa tsamaee le ’na leetong la ka la ho ea Thabeng ea Sinai?

Ho Lekola Thaba

Ka mor’a hore re tsamaee phuleng e omeletseng, mokhanni oa rōna oa tekesi oa Moarabe o ntheola hammoho le motho eo ke neng ke tsamaea le eena tlaasana ho ntlo ea baitlami. Ntlo eo e pota-potiloe ke lerako la majoe, ’me lekhoakhoa la lifate le serapa se setalana li etsa hore e shebahale hantle. Empa rea e feta, kaha pakane ea rōna e khōlō ke ho hloa tlhōrō ea thaba e ka boroa le ho hloma tente eo re tla robala ho eona bosiu. Thaba ena, Gebel Musa, e bolelang “Thaba ea Moshe,” e tsebahala ka hore ke Thaba ea Sinai.

Ka mor’a hore re tsamaee lihora tse peli re fihla moo ho bitsoang hore ke Sekoting sa Elija, khohloana e arolang mopopotlo o bolelele ba lik’hilomithara tse tharo oa Thaba ea Sinai. Ho ea ka neano, Elija o ile a utloa lentsoe la Molimo a le lehaheng le haufi le moo. (1 Marena 19:8-13) Re khefutsa tlas’a sefate sa kiprese se phetseng lilemo tse 500. Ho boetse ho na le seliba sa khale moo. Ke ho re khathollang hakaakang ho noa metsi a sona a hloekileng, a pholileng, ao re a fuoang ke Moarabe ea nang le botsoalle!

Re latela matšoao a tataisang bahahlauli, re ikitlaetsa ka matla ka metsotso e 20 e latelang ho hloa litepisi tsa majoe tse 750 ho ea fihla qhooeng. Mono re fumana kereke e nyenyane. Baitlami ba bolela hore e hahiloe sebakeng seo Moshe a ileng a fuoa Molao a le ho sona hantle. Haufi le kereke ho na le lefaru lefikeng leo ba bolelang hore ke hona moo Moshe a ileng a ipata teng ha Molimo a feta. (Exoda 33:21-23) Empa ’nete ke hore ha ho motho ea tsebang libaka tseo ka kotloloho. Leha ho le joalo, ke ho babatsehang ho boha sebaka motho a le qhooeng moo! Re talima lithaba tsa lejoe le lefubelu la moralla tse tšekaletseng ka mose oane ho lehoatata le mokurutlane. Ho elella ka boroa-bochabela ho hlahella Gebel Katherina, kapa Thaba ea Catherine—e bolelele ba limithara tse 2 637, e leng eona e telele ka ho fetisisa sebakeng seo.

Ho Hloa Ras Safsafa e Mabapi

Letsatsing le hlahlamang re ba le monyetla oa ho hloa Ras Safsafa, tlhōrō ea thaba e mopopotlong o le mong le Jebel Musa o lik’hilomithara tse tharo. Ras Safsafa ke tlhōrō ea thaba e ka leboea, ’me e batla e le ka tlaasenyana ho Gebel Musa. Ras Safsafa e hlaheletse ka ho totobetseng Lehoatateng la er-Raha, moo e ka ’nang eaba Baiseraele ba ne ba emisitse teng ha Moshe a ne a nyolohela thabeng ho ea amohela Molao oa Jehova.

Ha re ntse re thatika le matsoapo ho ea Ras Safsafa re feta litlhōrō le likhohlo, re feta matlo a thapelo, lirapa le liliba tse seng li sa sebelisoe—mesaletsa ea ha baitlami le batho ba ikarotseng mokhatlong oa batho ba fetang lekholo ba ne ba lula mahaheng ao le matlong a moo a majoe. Hona joale ho setse moitlami a le mong feela.

Re kopana le moitlami enoa ea itšaletseng a le mong serapeng se pota-potiloeng ke terata e telele e hlabang. Ha a qeta ho re lumella hore re kene, o hlalosa hore o na le lilemo tse hlano a sebetsa serapeng seo le hore o theohela ntlong ea baitlami hang ka beke. Moitlami eo o re bontša tsela e eang Ras Safsafa, ’me rea ngoangoarela ho ea holimo ho fihlela ha qetellong re ema tsullung re phahametse litlhōrō tse ling tse re pota-potileng. Re khona ho bona Lehoatata le pharaletseng la er-Raha tlas’a rōna. Ke nahana hore ke tsullung ena ka ho khetheha, moo Moshe a ileng a nyolohela teng a tloha liahelong tsa Baiseraele ho ea ema botenng ba Molimo. Ka mahlo a kelello ke bona Baiseraele ba limilione tse tharo ba bokane “ka pel’a thaba” lehoatateng lena le leholo. Ke bona ka mahlo a kelello ha Moshe a theoha ka lekhalo le haufi le moo, a nkile matlapa a mabeli a ngotseng Melao e Leshome ka matsohong a hae.—Exoda 19:2; 20:18; 32:15, NW.

Re khotsofetse ka hore ho ikitlaetsa ha rōna ho hloa moo hase ha lefeela, re iqeka butle ho boela tenteng ea rōna kaha letsatsi le ea malikelong. Ka khanya ea mollo o paitsang, re bala karolo ea Exoda e hlalosang liphihlelo tsa Moshe ha a ne a le moo, ’me ka mor’a moo rea ithoballa. Ho elella motšehare o moholo letsatsing le hlahlamang, re kokota monyako oa ntlo ea baitlami ea St. Catherine’s.

Ka Har’a Ntlo ea Baitlami

St. Catherine’s e nkoa e le se seng sa liemahale tsa bohlokoa ka ho fetisisa Bokreste-’mōtoaneng. E le tlas’a botsamaisi ba baitlami ba Greek Orthodox, ha ea tuma feela ka sebaka seo e leng ho sona empa e tumme le ka litšoantšo tse ho eona le laebrari ea eona. Ka nako e telele ea histori ea eona, St. Catherine’s e ne e le sebakeng se thōko hoo baeti ba neng ba fihla seoelo ’me ho fihla ha bona ho thabeloa. Baitlami ba ne ba kopa baeti ba bona ka matsoho, ba ba aka ka mofuthu, esita le ho ba hlatsoa maoto. Baeti ba ne ba ka itsamaela ka bolokolohi mehahong e meholohali ea ntlo ea baitlami e sirelelitsoeng ka marako a bophahamo ba limithara tse 14. Baitlami ba ne ba atisa ho re ka ho ipotla: ‘U ka qeta beke, khoeli, kapa nako eo u e ratang.’ Leha ho le joalo, matsatsing ana baitlami ba ka bang 12 ba setseng ba imeloa ke ho bontša kamohelo e mofuthu ea baeti. Hona joale selemo le selemo ho tla baeti ba bangata ba ka bang 50 000 ho tla bona ntlo ea baitlami.

Ka lebaka la matšoele ana, nako ea baeti e lekanyelitsoe ho lihora tse tharo ka letsatsi, matsatsi a mahlano ka beke. Baeti ba lumelloa ho bona karoloana e itseng feela ea ntlo ea baitlami—lebala le nang le Seliba sa Moshe (leo litšōmo li bolelang hore Moshe o ile a kopana le eo e neng e tla ba mosali oa hae ho lona), Kereke e Tlotlehang (eo ho tummeng hore ke kereke ea khale ka ho fetisisa e ntseng e sebetsa) le polokelo ea libuka. Hape baeti ba bontšoa Ntlo ea Thapelo ea Sehlahla se Tukang—eo baitlami ba bolellang baeti hore ke hona moo Moshe a ileng a qala ho bona bopaki ba boteng ba Molimo teng. Kaha baitlami ba nka hore sebaka sena ke se halalelang ka ho fetisisa lefatšeng, baeti ba kōpuoa ho rola lieta, joalokaha Molimo a ile a laela Moshe hore a role lieta.—Exoda 3:5.

Rea soetseha ha re haneloa ho bona laebrari e tummeng ea ntlo ea baitlami, eona eo re hlileng re e thahasellang haholo. Motho ea re bontšang sebaka o ile a arabela kōpo ea rōna e khethehileng ka ho hooa: “Ho ke ke ha etsahala! Ntlo ena ea baitlami e se e tla koaloa ka mor’a metsotso e seng mekae.” Leha ho le joalo, nakoana hamorao ha re le thōkoana ho sehlopha sa baeti ba bang, motho ea re bontšang sebaka oa re hoesheletsa: “Tloong le koano!” Ka mor’a ho khukhuna tlas’a lithapo, re nyoloha ka litepisi, ’me re feta moitlami oa Mofora ea bonahalang a maketse ha a re bona moo, re iphumana re eme ho e ’ngoe ea lilaebrari tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng le e tummeng ka ho fetisisa! E na le libuka tse fetang 4 500 tsa Segerike, Searabia, Sesyria le Seegepeta. Ka nako e ’ngoe, e ne e kile ea e-ba le Codex Sinaiticus ea bohlokoahali.—Bona lebokose le leqepheng la 18.

Qetello e Sithabetsang

Leeto la rōna le qetella ka ntle ho marako a ntlo ea baitlami ’me le re lebisa ntlong eo ho behoang masapo a litopo ho eona. Ka hare ho eona masapo a baitlami le a batho ba ikarotseng mokhatlong oa batho a behiloeng ka liqubu, ke tsa masapo a maoto, a matsoho, a mahata, joalo-joalo. Qubu ea masapo a mahata e batla e fihla silinng. Ke hobane’ng ha ho nkoa hore sebaka se tšabehang joalo sea hlokahala? Baitlami ba na le setša se senyenyane feela sa mabitla. Kahoo, ha e mong a shoa, ka tloaelo ba ntša masapo a khale ka ho fetisisa a ka lebitleng e le hore ba fumane sebaka sa lebitla. Moitlami e mong le e mong o lebeletse hore ka le leng masapo a hae a tla kopana le a mang a ba habo ka ntlong eo ho behoang masapo a litopo ho eona.

Leeto la rōna le qetella ka tsela e batlang e sithabetsa. Empa ka sebele e bile leeto le putsang. Re thabetse ho bona sebaka seo se hlollang le ntlo ea baitlami e tummeng. Empa ha re se re tsamaea, re hlolloa ke khopolo ea hore mohlomong re tsamaile tseleng eo Moshe le sechaba sa Iseraele ba ileng ba tsamaea ho eona lilemong tse 3 500 tse fetileng Thabeng ena ea Sinai—lehakoe la bohlokoa lehoatateng.—E nehelanoe.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Tšibollo ea Bohlokoa

Lekholong le fetileng la lilemo, setsebi sa Bibele sa Mojeremane Konstantin von Tischendorf, se ile sa sibolla ka ntlong ea baitlami ea St. Catherine’s buka ea Bibele ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho ea lekholong la bone la lilemo, eo hona joale e bitsoang Codex Sinaiticus. E akarelletsa boholo ba Mangolo a Seheberu, a nkiloeng phetolelong ea Segerike ea Septuagint, hammoho le Mangolo ’ohle a Segerike. Buka eo e ngotsoeng ka letsoho ke e ’ngoe ea likopi tsa khale ka ho fetisisa tsa Mangolo a Segerike tse tsebahalang li feletse.

Tischendorf o ile a batla ho phatlalatsa boitsebiso bo fuperoeng ke ‘lehakoe lena la bohlokoa,’ ho ea kamoo a e bitsitseng kateng. Ho ea ka Tischendorf, o ile a etsa tlhahiso ea hore baitlami ba fane ka buka eo e ngotsoeng ka letsoho ho moemphera oa Russia—eo, joaloka mosireletsi oa Kereke ea Greek Orthodox, a neng a ka sebelisa tšusumetso ea hae molemong oa ntlo ea baitlami.

Leboteng la ntlo ea baitlami ho bontšitsoe lengolo le fetoletsoeng le siuoeng ke Tischendorf, a tšepisa ho ‘khutlisetsa buka eo e ngotsoeng ka letsoho, e sa senyeha hape e ntse e le boemong bo botle ba hore e ka bolokoa, Mokhatlong o Halalelang o Thabeng ea Sinai hang feela ha e batloa.’ Leha ho le joalo, Tischendorf o ile a nahana hore baitlami ba ne ba sa ananele bohlokoa ba buka eo e ngotsoeng ka letsoho kapa tlhokahalo ea hore e phatlalatsoe. Ha ea ka ea hlola e khutlela St. Catherine’s. Le hoja qetellong baitlami ba ile ba amohela chelete ea li-ruble tse 7 000 tse tsoang ’musong oa Russia e le tefello ea buka eo e ngotsoeng ka letsoho, le kajeno ba ntse ba belaella boiteko ba litsebi ba ho leka ho sibolla matlotlong a bona. Qetellong Codex Sinaiticus e ile ea kena Musiamong ea Brithani, moo e ka bonoang teng kajeno.

Ntlha ea bohlokoa ke hore ka 1975 ho ile ha sibolloa mabokose a 47 a tšetseng litšoantšo le matlalo a ho ngolla tlas’a lerako le ka leboea la St. Catherine’s. Tšibollo ena e ne e akarelletsa maqephe a ’maloa a haellang a Codex Sinaiticus. Ho fihlela joale, maqephe ana ha a fumanehe haese ho litsebi tse seng kae feela.

[Limmapa tse leqepheng la 17]

Thaba ea Sinai

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

NASA photo

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Lehoatata la er-Raha le Ras Safsafa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Gebel Musa le ntlo ea baitlami ea St. Catherine’s

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela