Ho Thahasella Mangeloi
“‘Bohle’ re na le mangeloi a re tataisang, a re sireletsang . . . Haeba re sa a tšoenye ’me re itlhahisa, joaloka bana, re e-na le tšepo le lerato le kananelo e tletseng boikokobetso ka ho feletseng, joale a tla tšollela litlhohonolofatso tsa ’ona ho rōna ka bongata. A bapala le rōna. Aa re hlokomela. Aa re folisa, aa re ama, a re tšelisa ka matsoho a mofuthu a sa bonahaleng, ’me kamehla a leka ho re fa seo re se batlang.”—Ho tsoa bukeng e reng “Angel Letters.”
U TLAMEHA ho lumela hore maikutlo ana a atileng ka mangeloi aa ipiletsa. Ho latela khopolo ea seo ba bang ba se bitsang “bomoea bo bocha,” e mong le e mong oa rōna o abetsoe bonyane lengeloi le le leng, lengeloi leo mosebetsi oa lona e leng ho re tšelisa le ho re sireletsa kotsing. Ho thoe lengeloi la hao le matla le bile le lerato. Ha le hloke kutlo leha e le borapeli, ’me ha ho mohla le tla u ahlola kapa le u khalemele ka thata. Le lehlakoreng la hao kamehla, le iteletse boiketlo ba hao ’me le labalabela ho phethahatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e lakatsang. Ba bangata kajeno ba lumela lintho tsena ka tieo.
Ha e le hantle, ho lumela ho mangeloi hase ntho e ncha. A ’nile a phetha karolo e khōlō litumelong tsa batho tsa bolumeli ho tloha mehleng ea khale. Sena se bonahala litšoantšong tsa bonono. Litšoantšo tsa likerubime, e leng mofuta o mong oa mangeloi, li khabisitse tabernakele le tempele tsa boholo-holo tsa Bajuda. Mangeloi a khabisitse likereke tse tloaelehileng le tse nang le liofisi tsa babishopo likarolong tsohle tsa Bokreste-’mōtoana. Limusiamo li tletse litšoantšo tsa mangeloi tse pentiloeng le tse betliloeng.
Ho Ratoa ha Mangeloi
Mehleng ea morao tjena, mangeloi a se a ratoa haholo linaheng tse ling. Libaesekopo li atisa ho hlahisa mangeloi e le batho ba shoeleng ’me ba khutletse lefatšeng ho tla etsa mesebetsi e molemo. Filiming e ’ngoe, lengeloi le thusa thimi ea baseball e hlōloang. Ho e ’ngoe, lengeloi la mohlokomeli le thusa moshemane e mong ho phetetsa polao ea kharebe ea hae. Sehlooho se buang ka thuso ea mangeloi le sona se qaphakile haholo lenaneong le leng le ratoang le bontšoang thelevisheneng United States.
Lipina tse binang ka mangeloi li atile. Lilemong tsa morao tjena, pina e le ’ngoe ho tse leshome tse ratoang United States e bua ka lengeloi. Mahareng a bo-1990, ho ile ha buloa “mabenkele a mekhabiso ea mangeloi” a fetang 120 Amerika. Mabenkele ana a rekisa liemahale tse nyenyane tsa mangeloi, mekhabiso e kang lifaha le thepa ea ho ngola—esita le mashoehleshoehle a bana a khabisitsoeng ka litšoantšo tsa mangeloi. Ho lumeloa hore lithupelo le mangolo a boitsebiso li ruta batho kamoo ba ka kopanang le libōpuoa tsena tsa leholimo kateng. Limakasine, likoranta le mananeo a lipuisano li pheta lipale tsa batho ba khahlaneng le mangeloi.
Libuka Tse Makholo
Ho boetse ho na le libuka. Lebenkele le leng le leholo la libuka New York City le na le libuka tse fetang 500 tse fapaneng tse buang ka mangeloi, haholo-holo mangeloi a bahlokomeli. Libuka tse joalo li tšepisa ho bontša babali ba tsona tsela ea ho kopana le mangeloi a bahlokomeli, ho ithuta mabitso a ’ona, ho buisana le ’ona le ho fumana thuso ea ’ona. Libuka tsena li na le litšōmo tse ngata tsa kamoo mangeloi a ileng a bonahala kateng linakong tsa mathata, a tlosa batho tseleng ea likoloi tse tlang, a folisa maloetse a bolaeang, a tšelisa ba mahlomoleng le ho sireletsa masole ntoeng. Mangeloi ao a etsa litšebeletso tsena “a sa hloke pontšo leha e le efe ea pako, tšokoloho, kapa ho tšepahalla thuto ea bolumeli.” Empa ke ka seoelo ‘ho khahlana’ ho joalo kajeno ho susumelletsang batho ho etsa liphetoho bophelong ba bona. Ba bolelang hore ba bile le liphihlelo tse joalo hangata ba sala ba e-na le boikutlo bo fokolang feela ba thabo.
Mehleng ena ea khatello le maqakabetsi, lipale tsena li ka ’na tsa utloahala eka ke litaba tse monate. Empa na li ka tšeptjoa? Na lia tsotelleha?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Ba bangata ba nahana hore ba khahlane le mangeloi ka ho toba