Na U Hloka Inshorense?
LINAHENG tse ling, batho ba tlangoa ke molao hore ba be le mefuta e itseng ea inshorense. Linaheng tse ling boholo ba mefuta ea inshorense ha bo tsejoe. Ho phaella moo, theko ea inshorense le mokhoa oa ho koahela litšenyehelo li fapane haholo ho ea ka linaha. Empa sepheo sa inshorense—ho arolelana kotsi le ba bang—sona ha se fetohe.
Ha ho pelaelo hore ha motho a e-na le thepa e ngata, o tla lahleheloa ke ho hongata. Ka ho tšoanang, ha motho a e-na le boikarabelo bo eketsehileng ba lelapa, mathata e ba a maholo haeba a e-shoa kapa a holofala. Ho ba le inshorense ho ka fokotsa ho ameha hoo motho a bang le hona ha a nahana ha a se a ka lahleheloa ke thepa kapa a hlaheloa ke kotsi e mo holofatsang.
Empa, na ke bohlale ho sebelisa chelete ho reka inshorense le hoja ho ka etsahala hore ho se be le mohla ho hlokahalang hore e lefe? Na ke tšenyo ea nako ho boloka thaere koloing molemong oa ha e ka hlokahala, esita le haeba ho se mohla thaere eo e ka hlokahalang? Ho nahanela kotsi esale pele ha mokhanni oa koloi ho ka etsa hore tšenyehelo eo a keneng ho eona ka lebaka la thaere e eketsehileng e be ea bohlokoa. Le hoja matšeliso a chelete a ke ke a koala sekheo sa tahlehelo e itseng, a ka buseletsa lintho tse ling tse lahlehileng.
Ke mefuta efe ea tahlehelo eo inshorense e e lefang?
Mefuta ea Inshorense
Boholo ba inshorense e rekoang ke batho e oela tlas’a sehlopha sa inshorense ea thepa, ea tšireletseho ea batho le thepa, ea ha motho a kula, ea ho holofala le ea bophelo.
Inshorense ea thepa: Ho reka inshorense bakeng sa ho lahleheloa ke thepa—lehae, khoebo, koloi kapa matlotlo a mang—ho har’a mefuta e tloaelehileng ka ho fetisisa ea ho lokisetsa boemo ba ha kotsi e hlaha. Ena ke inshorense eo John ea boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena, a ileng a etsa qeto ea ho se e reke bakeng sa lebenkele la hae la ho betla mapolanka hammoho le lisebelisoa tsa lona.
Liinshorense tse ling tsa ntlo li akarelletsa thepa e itseng ka tlung. Haeba u reka mofuta ona, ke bohlale hore u ngole lethathamo la thepa eo u e kentseng inshorenseng eo, ha ho khoneha, u be u be le lifoto tsa eona kapa theipi ea video. Lethathamo lena hammoho le khakanyo ea hore na li ja bokae, kapa lirasiti tsa ha ho rekoa thepa eo li lokela ho behoa sebakeng se sireletsehileng kae-kae, eseng lapeng. Ho ba le litlaleho tseo ho ka etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho batla chelete inshorenseng.
Inshorense ea tšireletseho ea batho le thepa: Mang kapa mang ea khannang koloi, ea nang le ntlo kapa litša tse ling tsa mehaho, ea tsamaisang khoebo kapa ea hirang ba bang o kotsing ea ho kena likolotong ha kotsi e hlaha. ’Me kotsi eo e ka ’na ea senya thepa kapa ea ntša motho kotsi kapa hona ho mo bolaea. Mong’a koloi kapa mong’a thepa kapa khoebo a ka ’na a tlameha ho lefa litšenyehelo tsa hore thepa e lokisoe kapa tsa phekolo ea meriana, esita le bakeng sa bohloko le mahlomola tseo e mong a thulaneng le tsona. Linaheng tse ngata, bahiri le bakhanni ba makoloi ba tlangoa ke molao hore ba be le inshorense ea molato e tla ba thusa ho lefa litšenyehelo tsena. Esita le moo inshorense e sa tlameng ka molao, mokhanni, mong’a thepa kapa mohiri o ntse a ka talingoa a ikarabella ho latela molao kapa litekanyetso tsa boitšoaro hore a thuse bahlaseluoa ba kotsi eo kapa malapa a bona.
Inshorense ea ha motho a kula: Linaha tse ngata li na le mofuta o itseng oa inshorense e tšehetsoang ke ’muso e fanang ka melemo e kang penshene bakeng sa ba hōlileng le tlhokomelo ea meriana. Le haeba ho le joalo, inshorense ena e ka ’na ea lefella feela halofo ea litšenyehelo tsa meriana kapa e ka ’na ea lefella feela litšenyehelo tse itseng. Ka hona, batho ba bang ba ipatlela inshorense e eketsehileng e ka ba thusang ho lefella karolo e setseng. Libakeng tse ngata basebetsi ba kenngoa inshorenseng ea ha motho a kula ha ba hiroa.
Litsi tse ling tsa tlhokomelo ea bophelo, ho kopanyelletsa le litlhophiso tsa tlhokomelo le mekhatlo ea ho tšehetsa bophelo (li-HMO [health maintenance organizations]), li fana ka tlhokomelo e feletseng ea meriana haeba ho lefuoa chelete e itseng khoeli le khoeli kapa selemo le selemo. Mekhatlo ena e leka ho fokotsa litšenyehelo ka ho fana ka tlhokomelo ea meriana e theko e tlaase le ka ho khothalletsa meriana e thibelang mafu. Leha ho le joalo, mokuli ea tlas’a HMO o na le meeli tabeng ea ho khetha ngaka eo a e batlang, kapa phekolo e ka ’na ea e-ba e lekanyelitsoeng haholoanyane ho feta ea liinshorense tsa bophelo tse tloaelehileng.
Inshorense ea ho holofala le ea bophelo: Inshorense ea ho holofala e fana ka chelete e itseng haeba motho a tsoa kotsi ’me a sitoa ho sebetsa. Inshorense ea bophelo e fana ka thuso ea chelete bathong ba hlokometsoeng ke motho ea e rekileng haeba a e-shoa. Inshorense eo e ’nile ea thusa ba bangata hore ba lefe melato e setseng le ho tsoela pele ka mokhoa oo ba neng ba ntse ba phela ka oona ka mor’a hore kotsi e hlahe kapa ka mor’a lefu la motho ea neng a ba phelisa.
Ho Fumana Liinshorense Tse Tšepahalang
Inshorense e thehiloe khopolong ea hore motho a lefe chelete hona joale bakeng sa tšireletso nakong e tlang, ka hona, ha ho makatse hore ebe indasteri ea inshorense e hohela baqhekelli ba bangata. Ena ke ’nete e etsahalang moruong o tsoetseng pele le oo e leng hona o tsoelang pele. Ka hona, motho o lokela ho ba hlokolosi ka liinshorense tseo ho thoeng ke tsa chelete e tlaase ’me a ele hloko mekhatlo leha e le efe e belaetsang ea inshorense. Bareki ba bangata haholo ba inshorense ba ’nile ba lahleheloa ke sohle ha lik’hamphani tse joalo li hlōleha ho ba lefa—kapa li kena pooneng!
Ka hona, ke bohlale ho bapisa lintho hantle feela joalokaha ho le bohlokoa ho etsa joalo ha ho rekoa ntho e itseng ea bohlokoa, ’me hangata ho boloka chelete. Ka mohlala, lik’hamphani tse ling li fana ka litheko tse tlaase bakeng sa inshorense ea bophelo bathong ba sa tsubeng le ho inshorense ea koloi ho ba pasitseng sekolo sa ho ithuta ho khanna. Empa motho ea rekang inshorense a ka fumana e tšepahalang joang?
Mohato oa pele e ka ba ho fumana hore na ba bang ba ikutloa joang ka lik’hamphani tse fapaneng tsa inshorense tseo ba sebelisaneng le tsona hammoho le babuelli ba tsona. Metsoalle le baahelani ba ka ’na ba tseba botumo ba k’hamphani e itseng ka litšebeletso tsa eona kapa ba tseba botumo ba ’muelli oa eona tabeng ea botšepehi le hore na o thahasella batho hakae. Hape ke habohlokoa ho lula u falimehetse litaba tse tlalehang hore na ke lik’hamphani life tsa inshorense tseo e ka ’nang eaba li na le mathata.
Ho phaella moo, ho ka ’na ha hlahlojoa tlaleho ea k’hamphani le boemo ba eona ba lichelete ka ho sheba litataiso tse lekanyetsang inshorense laebraring kapa lebenkeleng la libuka kapa ho Internet. Sena se ka arabela lipotso tse kang: Na k’hamphani ee e sireletsehile licheleteng? Na e atlehile ka lilemo tse ngata khoebong? Na e tsebahala ka ho lefa chelete ka potlako le ka ntle ho likhathatso?
Leha ho le joalo, ha hoa lokela hore ho nkoe litataiso tse lekanyetsang inshorense e le tse ke keng tsa fosa. K’hamphani e ’ngoe ea inshorense eo e leng khale e le teng, ea limilione-milione tsa liranta, e ile ea tlameha ho nkoa ke ’muso beke feela ka mor’a hore e lekanyetsoe e le e phahameng ka ho fetisisa bukeng e tsebahalang ea litaba tsa bohlokoa!
Mosebetsi oa Babuelli ba Inshorense
Ka tloaelo, ’muelli oa inshorense o sebeletsa k’hamphani e itseng feela ea inshorense. Morekisi ea ikemetseng a ka batla keletso lik’hamphaning tse fapaneng bakeng sa ho fumana inshorense e molemohali e fumanehang ka chelete e itseng. Ka bobeli ba tlameha ho boloka likamano tse ntle le bareki e le hore khoebo ea bona e ka lula e sebetsa. Ha ’muelli oa inshorense a tšepahala a bile a ameha ka batho, e ka ba thuso e khōlō haholo ho bareki ba hae.
Pele, ’muelli kapa morekisi ea molemo a ka thusa moreki hore a khethe tšireletso e nepahetseng lethathamong le sa feleng la mefuta ea inshorense. O tla boela a hlalose boitsebiso ba inshorense eo ho moreki oa hae. Joalokaha ba bangata ba tseba, inshorense e tumme ka ho ba le lintho tse rarahaneng. Mopresidente oa k’hamphani e ’ngoe ea inshorense o ile a lumela hore o ne a sa utloisise likarolo tse ling tsa inshorense eo a neng a e rekile bakeng sa ntlo ea hae!
Tlhaloso ea ’muelli e ka thusa moreki hore a qobe lintho tse bohloko tse ka mo makatsang. Ka mohlala, boholo ba liinshorense tsa thepa le tsa matlo li na le chelete eo ha e sa lefuoa li ke keng tsa e lefa moreki oa inshorense. Ena ke chelete e itseng eo motho ea itšireletsang ka inshorense a lokelang ho e lefa pele k’hamphani ea inshorense e ka lefa chelete eo a e batlang—mohlomong bakeng sa tokiso ea koloi kapa ho lefa tsa bongaka. ’Muelli e ka boela ea e-ba ’muelli oa molao oa moreki oa inshorense haeba ho etsahala hore a fumane bothata ha k’hamphani e lokela ho mo lefa.
Inshorense le Bakreste
Na Mokreste ea tšepang hore Molimo o tla mo thusa le ea lebelletseng bofelo ba tsamaiso ee ea lintho o hloka inshorense? Khale koana selemong sa 1910, ba bang ba ile ba botsa Charles Taze Russell, mohlophisi oa makasine eo hona joale e tsejoang ka hore ke Molula-Qhooa, hammoho le e tsamaisanang le eona, Tsoha! potso ena. Russell o ile a lumela hore Bibele e boletse esale pele hore tsamaiso ena ea joale ea moruo e tla fela, a bile a eketsa ka hore eena ka boeena ha a na inshorense ea bophelo.
Russell o ile a hlokomela: “Leha ho le joalo, maemo a rōna ha a tšoane. Ntate ea phelisang mosali le bana—haeba bana ba sa le banyenyane ’me ba sitoa ho iphelisa ka bobona—o na le boikarabelo ba ho ba phelisa.” (1 Timothea 5:8) Russell o ile a bontša hore monna a ka behella ka thōko chelete e itseng bakeng sa lelapa la hae. “Empa haeba a sitoa ho etsa sena, a ka ’na a khona ho phethahatsa boikarabelo bona ba hae ka ho ba kenya inshorenseng ea bophelo.”
Ea ikarabellang ka lelapa a ka boela a etsetsa litho tsa lelapa la hae inshorense ea bophelo bo molemo, ea ho holofala le mefuta e meng ea inshorense. Batho ba bangata ba seng lenyalong ba na le inshorense e ba lumellang hore ba fumane litšebeletso tse hlokahalang hammoho le ho itšireletsa hore ba se be likolotong haeba ba ka hlaheloa ke kotsi kapa ba kula.
Botšepehi ke ba bohlokoa mabapi le inshorense. Le ka mohla Mokreste oa ’nete a ke ke a thetsa k’hamphani ea inshorense, ebang ke ha a tlatsa foromo ea kōpo ea inshorense kapa ha a batla hore e mo lefe. (Baheberu 13:18) O tla hopola hore morero oa inshorense ke ho buseletsa motho ha a lahlehetsoe. Hase tekete ea lothari—monyetla oa ho phela bophelo bo mabothobotho.—1 Bakorinthe 6:10.
Bakreste ba mamela melao eohle e amanang le litlhokahalo tse joalo tsa ho fumana inshorense. Moo molao o batlang hore ba be le inshorense e nepahetseng bakeng sa hore ba tsamaise khoebo kapa ho khanna koloi, baa mamela. (Baroma 13:5-7) Botšepehi le bohlale bo sebetsang li boetse li hloka hore motho a lule a lefa chelete eo a lumellaneng le inshorense ka eona hore o tla lula a e lefa. Haeba chelete eo e sa lefuoe, k’hamphani e ka ’na ea hlakola inshorense eo ’me ea se ke ea lefa chelete ha e hlokoa. Ke bohlale hore u netefatse ho lefa chelete ha hao nako le nako ka ho ea k’hamphaning ka ho toba ’me u boloke bopaki bo ngotsoeng ba hore u lefile, bo kang licheke tse nang le setempe sa banka.
Ebang inshorense e teng moo u lulang kapa che, ho na le litemoso tsa bohlokoa tse ka u thusang hore u qobe ho lahleheloa ’me u qobise uena le bao u ba ratang bohloko boo inshorense e ke keng ea bo felisa. Sehloohong se latelang re tla tšohla tse ling tsa litemoso tsena.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Muelli ea tšepahalang a ka u thusa hore u etse qeto ka inshorense
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba bangata ba na le inshorense ho sa tsotellehe hore na e hlokoa ke molao kapa che