Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng Haeba Batsoali ba ka ba Nahana Hore ke sa le Monyenyane Haholo Hore Nka Intša le Moshemane Kapa Ngoanana?
“U Siiloe ke nako, ’Mè. Ena ha e sa le mehla ea bo-1950. Motho e mong le e mong o intša le moshemane kapa ngoanana! ’Na ha ke sa le ’Nopinyana oa hao.”—Janie ea lilemo li 16.a
HO BOLELLOA hore ha u e-s’o lokele ho intša le moshemane kapa ngoanana ho ka ferekanya. Mocha e mong o re: “Ke batla ho hlompha Ntate le ’Mè joalokaha Bibele e bolela, empa ke nahana hore ba fositse. Ha ke tsebe le hore na nka buisana le bona joang ka taba ena.” Joaloka mocha enoa, u ka ’na ua nahana hore batsoali ba hao ha ba na kutloisiso kapa ha ba na kutloelo-bohloko. Mohlomong u kopane le motho e mong eo u hlileng u mo ratang ’me u batla ho mo tseba hamolemo. Kapa mohlomong u nahana hore ho intša le moshemane kapa ngoanana ho ka etsa hore u se ke ua ikutloa u le mokhelo har’a lithaka tsa hao. Michelle o re: “Ho na le khatello. Ha u sa intše le moshemane kapa ngoanana, bana ba sekolo ba u nka u le ea koalehileng.”
Mabapi le ho intša le moshemane kapa ngoanana, moeletsi e mong oa malapa o hlokometse hore bacha ba lumela hore: “Ha ho karolo e ’ngoe eo ho eona batsoali ba bonahalang ba hloka kutloisiso joaloka ena.” Empa kahobane feela batsoali ba hao ba bonahala eka ha ba na kutloisiso, na seo se bolela hore kannete ba joalo? Ha e le hantle, Molimo o nka batsoali ba hao e le bona ba ikarabellang bakeng sa ho u ruta, ho u koetlisa, ho u sireletsa, le ho u tataisa. (Deuteronoma 6:6, 7) Na ho ka etsahala hore ebe batsoali ba hao ba na le kameho e loketseng ka boiketlo ba hao? Motsoali e mong o re: “Ke bona kotsi e larileng ka pele, ’me hoo ho tšosa haholo.” Ke hobane’ng ha ho intša le moshemane kapa ngoanana e e-s’o be nako, e le ntho e tšosang batsoali ba bangata hakaale?
Maikutlo a Kotsi
Beth ea lilemo li 14 oa tletleba: “Batsoali ba ka ba etsa eka ho na le ho hong ho phoso ka ho rata motho.” Leha ho le joalo, haeba batsoali ba hao ke Bakreste, baa tseba hore Molimo o bōpile batho ba bong bo fapaneng ka morero oa hore ba hohelane. (Genese 2:18-23) Baa tseba hore khoheli ena ke ntho ea tlhaho, le hore e sebetsa tumellanong le morero oa ’Mōpi oa rōna oa hore batho ba “tlale lefatše.”—Genese 1:28.
Ho feta moo, batsoali ba hao baa utloisisa hore na litakatso tsa botona le botšehali li ka ba matla hakaakang ha u sa le nakong ea “palesa ea bocha.” (1 Bakorinthe 7:36) Hape baa tseba hore ha u na phihlelo mabapi le ho ithuta ho laola litakatso tseo. Haeba u ka qala ho qeta nako e ngata u e-na le motho oa bong bo fapaneng, u mo letsetsa, esita le ho mo ngolla mangolo kapa E-mail, ho ka etsahala hore khoheli eo e hōle. Mohlomong u ka botsa, ‘Phoso e hokae hona moo?’ Ha e le hantle, ke mocha ofe o loketseng oo u nang le oona oa ho khotsofatsa litakatso tseo? Na kannete u se u loketse ho fihlisa maikutlo ao sephethong se loketseng—e leng lenyalo? Mohlomong ha ho joalo.
Kahoo ho intša le moshemane kapa ngoanana e e-s’o be nako ho baka likotsi tse tebileng. Bibele ea lemosa: “Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che?” (Liproverbia 6:27) Hangata ho intša le moshemane kapa ngoanana e e-s’o be nako ho lebisa ho kopaneleng liphate pele ho lenyalo, ho pepesetsang bacha likotsi tsa ho ima pele ba kena lenyalong le ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. (1 Bathesalonika 4:4-6) Ka mohlala, Tammy e monyenyane o ne a nahana hore batsoali ba hae ba mo tšoara ka mokhoa o hlokang toka ha ba mo thibela ho intša le moshemane. Kahoo ka sekhukhu o ile a qala ho intša le moshemane e mong sekolong. Leha ho le joalo, kapele Tammy o ile a ima—’me bophelo ba hae bo ile ba fetoha. Hona joale oa lumela: “Ho intša le moshemane kapa ngoanana ha ho monate joalokaha ho boleloa.”
Empa ho thoe’ng haeba moshemane le ngoanana ba banyenyane ba intšang ba le hlokolosi ho qoba katamelano e sa lokelang? Esita leha ho le joalo, ho sa ntse ho e-na le kotsi ea ho tsosa kapa ho susumetsa maikutlo a lerato pele ho nako. (Sefela sa Lifela 2:7) Ho tsosa litakatso tse ka khotsofatsoang ka tsela e loketseng feela ka mor’a lilemo ho ka fella ka ho ferekana le ho sareloa.
Tse ling tsa lintlha tseo u ka nahanisisang ka tsona ke tsena: Na ekaba kannete u na le phihlelo e lekaneng ea bophelo hore u ka tseba seo u lokelang ho se batla ho molekane oa lenyalo? (Liproverbia 1:4) Ka lehlakoreng le leng, na u se u e-na le litšoaneleho le tsebo e hlokahalang hore u ka ba monna kapa mosali eo ka sebele a tla ratoa le ho hlomphuoa? Na ekaba kannete u na le mamello le boikemisetso tse hlokahalang bakeng sa ho boloka kamano ea nako e telele? Ha ho makatse hore ebe hangata likamano tsa lerato tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka masoabi e ba tsa nakoana. Ke tse seng kae feela tse fellang ka manyalo a tšoarellang nako e telele.
Ka hona, Monica ea lilemo li 18 o lihella likhala ka ho re: “Metsoalle ea ka kaofela sekolong e ne e mpolella litaba tsa eona le bahlankana ba eona. Empa lintho li peli, e ile ea nyaloa e sa le menyenyane haholo kapa lintho tsa fella ka karohano e bohloko hobane e ne e e-s’o lokele ho nyaloa.” Mocha ea bitsoang Brandon le eena oa hlokomela: “Ha u lemoha hore ha u e-s’o lokele ho itlama ka motho e mong empa u ikutloa hore u se u itlamme kahobane u intša le eena, hoo ho hlile hoa ferekanya. U ka monyola joang kantle le hore u mo utloise bohloko?”
Ha ho pelaelo hore ka ho phehella ha bona hore u se ke ua intša le moshemane kapa ngoanana ho fihlela u hōlile ka ho lekaneng bakeng sa ho itlama ka lenyalo, batsoali ba hao ba leka ho u baballa hore u se utloe bohloko le ho ferekana. Ha e le hantle, ba mpa feela ba etsa se tumellanong le keletso e bululetsoeng e ho Moeklesia 11:10: “Tlosa matšoenyeho pelong ea hao, ’me u qobe tlokotsi ’meleng oa hao.”
‘Ho Atoloha’
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha ua lokela ho thabela botsoalle le batho ba bong bo fapaneng. Empa ke hobane’ng ha u lokela ho lebisa botsoalle ba hao ho motho a le mong feela? Ha e bua ka taba e ’ngoe, Bibele e re khothalletsa hore re “atolohe” botsoalleng ba rōna. (2 Bakorinthe 6:12, 13) Ena ke keletso e molemo bakeng sa bacha. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ho thabela botsoalle le le sehlopha se tsoakaneng. Tammy o re: “Ke nahana hore ho monate haholo ka tsela eo. Ho molemo ho ba le metsoalle e mengata.” Monica o re: “Ho ba ’moho le le sehlopha ehlile ke leano le letle hobane u ka bona batho ba nang le botho bo fapaneng ’me u lemoha hore ho na le batho ba bangata bao u e-song ho kopane le bona.”
Batsoali ba hao ba ka ba ba ikemisetsa ho u thusa ho hlophisa meketjana e hlomphehang hammoho le bacha ba bang. Anne, eo e leng ’mè oa bana ba babeli, oa hlalosa: “Kamehla re etsa bonnete ba hore lehae la rōna ke sebaka se nang le boithabiso bo monate seo bana ba thabelang ho ba ho sona. Re mema metsoalle ea bona, re e fe lijo tse bobebe, le ho ba tlohela hore ba bapale. Ka tsela ena ha ba ikutloe joalokaha eka ba lokela ho tloha lapeng e le hore ba ka ithabisa.”
Leha ho le joalo, esita le har’a sehlopha u ntse u lokela ho hlokomela hore u se lebise tlhokomelo e ngata haholo ho motho a le mong. Bacha ba bang ba na le monahano oa hore hafeela ba le har’a batho ba bang, ha e le hantle ha ba intše le moshemane kapa ngoanana. Qoba ho ithetsa ka tsela e joalo. (Pesaleme ea 36:2) Haeba kamehla ha u e-na le metsoalle ea hao u ikhulela ka thōko le motho a le mong, seo se tšoana le ho intša le moshemane kapa ngoanana.b Leka ho sebelisa kahlolo e molemo botsoalleng ba hao le batho ba bong bo fapaneng.—1 Timothea 5:2.
Molemo oa ho Leta
Ha ho monate ho bolelloa hore u sa le monyenyane haholo bakeng sa ho intša le moshemane kapa ngoanana. Empa batsoali ba hao ha ba leke ho u utloisa bohloko. Ho e-na le hoo, ba etsa sohle se matleng a bona ho u thusa le ho u sireletsa. Kahoo ho e-na le ho itšepela pelo ea hao le ho qhelela keletso ea bona thōko, ke hobane’ng ha u sa sebelise phihlelo eo ba nang le eona? Ka mohlala, ke hobane’ng ha u sa batle keletso ea bona lekhetlong le latelang ha u e-na le bothata ba ho sebetsana le batho ba bong bo fapaneng? Liproverbia 28:26 ea re hopotsa: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.” Connie e monyenyane o re: “Ha moshemane a nthata, ntho e nthusang hore ke hlōle khatello ea ho intša le eena ke ho buisana le ’Mè ka taba eo. O mphetela liphihlelo tsa se ileng sa hlahela metsoalle ea hae le lelapa labo nakong e fetileng. Seo se nthusa haholo.”
Ho leta ho se hokae pele u intša le moshemane kapa ngoanana ho ke ke ha u thibela ho hōla maikutlong kapa ha khina tokoloho eo u nang le eona. Kaha ha u e-s’o jare boikarabelo ba batho ba baholo ba ho kena leferehong le lenyalong, u na le tokoloho ea ho ‘thabela bocha ba hao.’ (Moeklesia 11:9) Ho leta ho tla boela ho u fe nako ea hore u ntlafatse botho ba hao, u hōle tsebong ’me, ka holim’a tsohle, u hōle moeeng. (Lillo tsa Jeremia 3:26, 27) Ho ea kamoo mocha e mong oa Mokreste a ileng a beha taba kateng, “u lokela ho itlama ho Jehova pele u itlama ho leha e le mang.”
Ha u ntse u hōla ’me khatelo-pele ea hao e ntse e bonahala ho batho bohle, batsoali ba hao ba tla qala ho u talima ka ho fapaneng. (1 Timothea 4:15) ’Me ha u se u hlile u loketse hore u ka intša le moshemane kapa ngoanana, ha ho potang hore u tla khona ho etsa joalo ka tlhohonolofatso ea bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang leqepheng la 232-3, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Ho qoolla motho oa bong bo fapaneng bakeng sa ho mo fa tlhokomelo e khethehileng . . .
. . . hangata ho tla tsosa maikutlo a lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho e-na le ho lebisa thahasello ea hao ho motho a le mong, atolosa botsoalle ba hao