Mokotatsie—Nonyana e Ahloloang ka Phoso
Ka mongoli oa Tsoha! Kenya
“Ha ke e-s’o bone nonyana e hlolang bomalimabe joaloka mokotatsie.”—The World’s Wild Places—Africa’s Rift Valley.
LINONYANENG tsohle tse fumanehang Afrika, ke tse ’maloa tse ’nileng tsa nyatsoa ka matla joaloka mokotatsie. Hangata nonyana ena e hlalosoa e le khopo, e le mpe ebile e hloka mekhoa. Ka ho hlakileng, mokotatsie ha o na tšebelisano e ntle.
Na u khahloa ke linonyana tse ntle le tse nang le mantsoe a monate? Mokotatsie oona ha o na le e ’ngoe ea tseo. Ka hlooho ea oona e pinki le molala oa oona o se nang masiba, nonyana ena e shebahala e se na botsoalle ’me e hlomola pelo. Ho tse khōlō, sebululoana se sefubelu se bululohileng, se tšoanang le sekhama-molala se setenya, se chitja, se leketla ’metsong. Boholo ba batho bo nahana hore sebululoana seo ha se ntlafatse ponahalo ea nonyana ena. Leha ho le joalo, Dr. Leon Benun, mookameli oa Lekala la Thuto ea Linonyana Musiamong oa Sechaba Kenya, oa re hopotsa: “Taba ea hore re bona sebululoana sena se e tšabehisa ha e bolele hore ho joalo ho mokotatsie.” Leha ho le joalo, ho fihlela joale, ha ho motho ea tsebang mosebetsi o phethoang ke sebululoana sena bophelong ba nonyana ena.
Mekhoa ea ho ja ea nonyana ena le eona e etsa hore e se ratehe ho bashebelli ba eona. Taba ea pele, e ja nama e bolileng. Ha e sa fumane litopo, e tsebahala ka ho bolaea linonyana tse ling hore e khotsofatse pelo ea eona e tšoeu. Hase feela batho ba bangata ba bonahalang ba e hloile hakana.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ponahalo ea oona e mpe le mekhoa ea oona e mebe, mokotatsie o na le litšobotsi tse ’maloa tse ratehang. E-ba ’moho le rōna ha re hlahlobela nonyana ena e sa rateheng haufi.
E Khōlōhali Linonyaneng
Ho tsekisanoa ka taba ea hore mokotatsie ke oona o moholo mefuteng oa habo oona. Mokotatsie o motona o seng o hōlile o ka ba bolelele ba lisenthimithara tse 150 ’me oa ba boima ba lik’hilograma tse fetang 8. E metšehali e batla e le menyenyane. Molomo o matla o motlorutlo oa nonyana ena o ka hōla ho fihlela o e-ba bolelele bo fetang lisenthimithara tse 25—e leng sesebelisoa se matla ha e tsirola nama setopong.
Le hoja e le khōlō, nonyana ena ke setsebi sa ho fofa. Ka mapheo a bolelele bo fetang limithara tse 2,5 ha a sarolotsoe, mokotatsie o khona ho lelemela habonolo feela. Ha o fofa, e ba pono e ntle ka hlooho ea oona e honyetseng hanyenyane mahetleng ’me maoto a oona a malelele a otlolohetse ka morao. O motle haholo ho sebeliseng maqhubu a moea o chesang o phahamelang holimo, ’me ka linako tse ling o ka fofela holimo hoo o ka batlang o se o sa bonahale ho motho ea emeng fatše! Ha ho makatse hore ebe mekotatsie e tsejoa ka ho fofela bophahamong ba limithara tse 4 000!
Batsoali ba Nang le Boikarabelo
Leha ho le joalo, se khahlisang le ho feta ke mosebetsi oo mokotatsie o o etsang joaloka motsoali. Ka sebele, ho ba motsoali ke mosebetsi o boima o qalang ka ho haha sehlaha. Ka mor’a ho khetha sebaka se loketseng, mokotatsie o motona o qala mosebetsi oa ho haha oo ho oona hamorao o tlang ho thusoa ke o motšehali. Sehlaha seo ka linako tse ling se hahoang bophahamong ba limithara tse 40 ho tloha fatše, ha se majabajaba. Sehlaha sena se bophara ba mithara e le ’ngoe ke sebaka se bulehileng se sa batallang, se entsoeng ka lithupa tse omeletseng, makala a lifate le makhasi. Ha e le hantle, ka linako tse ling nonyana e qhotsang e ba mojalefa oa sehlaha sa khale, e se tsosolose hanyenyane ka ho eketsa makala le lintho tse ling. Meloko e meng ea mekotatsie e ’nile ea tsejoa ka ho boloka sehlaha se le sebakeng se le seng lilemo tse 50.
Ha sehlaha se secha se ntse se hahuoa, mokotatsie o motona o kena mohatong oa ho fumana molekane. Ho fapana le se tloaelehileng mefuteng e mengata ea linonyana, mokotatsie o motona o emela hore o motšehali o ikete. E ’maloa e metšehali e tla iketa ka tšepo ea hore e tla amoheloa. Ke ntho e tloaelehileng hore e hanoe. Empa mamello e tsoala katleho, ’me qetellong o motšehali o tla amoheloa. Nakong eo ka eona lefereho le tsoelang pele, linonyana tsena ka bobeli, li bululotse libululoana tsa melala ea tsona ka ho feletseng, li tla etsa molumo o reretsoeng ho leleka linonyana tse ling. Melumo ena e ’nile ea hlalosoa e le e kang ho lla ha khomo, ho hlaba moolo le ho tea mololi—eo e leng eona feela melumo e tsejoang ea mekotatsie ntle le ka linako tse ling ha e otlanya melomo ea eona e meholo. Ho ba le kamano e matla, e tiisoang haholo ke tumeliso e tloaelehileng ea “ho ea holimo le tlaase” e bang teng neng le neng ha molekane e mong a khutlela sehlaheng ka mor’a hore a be sieo. Tumeliso ena e akarelletsa ho akhela hlooho morao, ho e koba le ho otlanya melomo nako e telele.
Joale linonyana tsena tse peli li qetela sehlaha hammoho. Ho fuama mahe le hona hoa arolelanoa. Ka mor’a ho a fuama khoeli, mahe a mabeli kapa a mararo a masoeu a tla qhotsoa ’me ho hlahe litsuonyana tse pinki, tse nang le masiba a qalikaneng, tseo batsoali ka bobeli ba tla li thahasella haholo. Litsuonyana tsena tsa mokotatsie li hlokomeloa haholo. Ho qaleha lenaneo la ho li fepa ka matla le akarelletsang lijo tse hahang ’mele haholo, tse kang litlhapi. Libakeng tse mokhoabo, moo mekotatsie e ratang ho etela teng, batsoali ba khona ho fumana linqanqane tse ngata, e leng sejo se seng se tloaelehileng sa linonyana tsena. Litsuonyana li khona ho ja litsekana tsa lijo tse tlisitsoeng sehlaheng mona ke batsoali ba tsona. Litsuonyana tsena li lieha ho hōla, ’me ke feela ka mor’a likhoeli tse ’nè—nakong eo li seng li khona ho fofela thōko le sehlaha—moo li qalang ho ikhoantlella.
Basebetsi ba Hloekisang
Le hoja mokotatsie hangata o ’nile oa nyatsoa hobane o e-ja libolu, ha e le hantle o etsa mosebetsi o molemo haholo. Liphoofolo tse jang nama li siea lithota tsa Afrika li silafalitsoe ke litopo tse bolang. Haeba ho se letho le etsoang ka tsona, litopo tsena li ne li ka jala mafu habonolo ’me tsa e-ba kotsi ho batho le ho liphoofolo. Leha ho le joalo, mokotatsie o etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho tlosa litšila tsena. Eona hammoho le manong—ao le ’ona e leng linonyana tse jang nama tse pelo li tšoeu—li lekola lithota bakeng sa litopo tse siiloeng. Ha e bona litopo, mekotatsie e tla emela hore manong a mabifi a buoe setopo ka melomo ea ’ona e tiileng e kobehileng. Ka nako e loketseng, mokotatsie o se o lokisitse molomo oa oona o molelele joaloka thipa e buoang, o tla ka potlako setopong, o hlephole nama ’me o qothomele thōkoana o emetse monyetla o mong hape. Ha manong a se a khotše, joale ke nako ea hore mekotatsie e loanele masalla. Mekotatsie e tla ja hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e theohelang ’metsong, ntle feela ho masapo. Sesuma sa nama e boima ba ligrama tse 600 se lelemela habonolo ’metsong ea eona.
Lilemong tsa morao tjena, mokotatsie o atoloselitse mosebetsi oa oona oa ho hloekisa ka nģ’ane ho lithota. Nonyana ena e lahlile boholo ba tšabo eo e nang le eona ho motho ’me joale hangata e etela libaka tseo ho lahleloang litšila ho tsona litoropong le metseng. Phello ke efe? Tikoloho e ba e hloekileng haholoanyane. Mokotatsie o bile o fata le metsing a litšila a tsoang lilakhapaneng, o sheba linamanyana tse setseng. Mohlala o latelang o bontša kamoo nonyana ena e leng thata kateng. Ha o ntse o phenyekolla mesaletsa haufi le selakhapane se seng Kenya ka bophirimela, mokotatsie o mong o ile oa khona ho koenya thipa ea selakheng. Matsatsi a ’maloa hamorao, thipa eo—e hloekile ebile e benya—e ile ea fumanoa haufi le moo e neng e le teng, ha mokotatsie o neng o e hlatsitse o ne o ntse o tsoela pele ka mosebetsi oa oona o tloaelehileng, o sa lemala!
Bokamoso ba Mokotatsie
Le hoja mofuta oabo oona o haufi haholoanyane, e leng mokotatsie oa Asia, o ea o nyamela, mokotatsie oa Afrika oona oa eketseha. Ha ho sera sa oona se tsejoang hlatheng. Nakong e fetileng, motho e ne e le eena sera se neng se le khopo ka ho fetisisa sa mokotatsie. E mengata e ile ea thunngoa, ’me masiba a eona a bonolo a ka morao a ne a hlothoa ’me a eketse botle likatibeng tsa basali. Buka Stocks, Ibises and Spoonbills of the World e re: “Ho batla ho le thata ho lumela hore masiba a bonolo le a matle joalo, ha a khabisitse sefoka-moea sa letsoho kapa ntho leha e le efe e ntle eo mosali a e ratang, e ntse e le sona sehlahisoa sa nonyana eo e khesehang e khōlō, e sohlokehileng le e jang libolu.” Lehlohonolo la linonyana tsena ke hore polao eo e neng e sa laolehe e ile ea fela lilemong tse fetileng, ’me palo ea tsona e ntse e eketseha. Ha ho pelaelo hore ho hlahlobela mokotatsie haufinyane ho sibolotse hore ha oa lokela ho khesoa le ho nyatsoa. Ho atleha ha oona le mafolofolo a oona ho hloekiseng tikoloho ho re tsoela molemo o moholo. Le hoja e se nonyana e ntle ka ho fetisisa, e ntse e lebisa khanya ho ’Mōpi oa eona ka tsela e sa bonahaleng.—Pesaleme ea 148:7, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Molomo o matla, o motlorutlo oa nonyana ena o ka hōla ho fihlela o e-ba bolelele ba lisenthimithara tse 25
[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]
Mapheo a mokotatsie ha a sarolotsoe a bolelele bo fetang limithara tse 2,5
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Joe McDonald
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Malinyane a mokotatsie a hlokomeloa haholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© M.P. Kahl/VIREO
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha ho e-s’o tsejoe mosebetsi o phethoang ke sebululoana sena bophelong ba mokotatsie
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ka linako tse ling sehlaha se hahoa bophahamong ba limithara tse ka bang 40 ho tloha fatše