Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 10/8 maq. 25-27
  • Motse oa Afrika Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motse oa Afrika Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likeletso Tse re Thusang Hore re Thabele Bophelo
    Tsoha!—2021
  • Maele a Sezulu—A U Manollela ka Afrika
    Tsoha!—1992
  • Bothata ba Metsi—Ho Etsoa’ng ka Bona?
    Tsoha!—2009
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 10/8 maq. 25-27

Motse oa Afrika Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela

Ka mongoli oa Tsoha! Afrika Boroa

KE MEBALA-BALA e metle hakaakang eo motho a e bonang ha a tsamaea seterateng Durban! U tla hlokomela hore ba bangata ba nkile mokhoa oa ho apara oa Bophirimela, haholo-holo bacha. Empa hlokomela hape mafumahali a Mazulu a seng a hōla-hōlile a apereng ka tsela e hlomphehang, mese e melelele ’me a roetse lituku tse mebala-bala tse khabisitseng lihlooho tsa ’ona. Ho boetse ho na le mafumahali a Maindia a tenneng li-sari kapa Sepunjabi, e leng mese e tenoang le marikhoe. Ha u atamela haufi le lebōpo, ho ka etsahala hore u bone banna ba Mazulu ba tenneng liaparo tse majabajaba ba hula liricha. Ka sebele, Durban ke motse oa Afrika moo Bochabela bo kopanang le Bophirimela. Histori ea motse oo o hlollang ke efe?

Motse oa Afrika Boroa oa Durban o ’nile oa e-ba le baahi ka lilemo tse ka tlaase ho makholo a mabeli. Bo-ralikolone ba Makhooa ba ka bang 40 ba ile ba fihla mona ka 1824. Ka nako eo, ’muso o matla oa Mazulu tlas’a morena oa ’ona oa mohlabani, Chaka, o ne o lutse haholo-holo karolong e ka leboea ea Durban. Lilemo tse mashome a mabeli hamorao, Durban le mathōko a eona e ne e se e hapiloe ke Brithani. Lekholong la bo19 la lilemo, ho bile le lintoa tse ngata lipakeng tsa bo-ralikolone ba bacha le Mazulu.

Ho sa le joalo, bajaki bana ba Manyesemane ba ile ba fumana hore ’moba o hōla ka katleho libakeng tse pel’a leoatle. Ho ntšetsa pele mosebetsi oa bona oa masimo a hlahisang tsoekere, ba ile ba lata basebetsi ba tsoang India eo le eona ka nako eo e neng e le kolone ea Brithani. Lilemong tse pakeng tsa 1860 le 1911, Maindia a fetang 150 000 a ile a tla Durban. Ka lebaka leo, kajeno motse ona o phetheselang oa Durban o na le baahi ba fetang limilione tse tharo, e leng batho ba tsoang libakeng tse tharo tse fapaneng lefatšeng—Mazulu ao e leng matsoalloa a sebaka seo, Maasia a tsoang India le Makhooa a tsoang Brithani le a tsoang ka bophirimela.

Motse ona o na le lintho tse ling tse thahasellisang. Joalokaha ho ka bonoa setšoantšong se hlahileng sehloohong sena, ho na le kou ea tlhaho Leoatleng la Indian e sirelelitsoeng ke sebaka se mochophoro se bitsoang Bluff. Sebaka sena se hohelang se bophahamo ba limithara tse 90 ’me se koahetsoe ke limela. Letsatsi le leng le le leng likepe tse khōlō li fihlela koung ena ea tlhaho e sireletsehileng hantle. Buka ea Discovery Guide to Southern Africa e hlalosa hore Durban e na le “kou e khōlō ka ho fetisisa le e phathahaneng haholo Afrika, ’me e baloa e le ea borobong lefatšeng lohle.” Baeti ba tlileng phomolong ba hoheloa ke mabōpo a matle a Durban ’me ba thabela metsi a teng a mofuthu. Ho na le libaka tse ntle tsa ho bapalla holim’a maqhubu a leoatle ka liboto tse phaphamalang, ’me ba sesang ba ka lokoloha ka lebaka la tšireletso e teng ea linete tse hlokometsoeng hantle tse thibelang lishaka ho tla lebōpong.

Barati ba Bibele ba na le lebaka le eketsehileng la ho thahasella motse ona. Liithuti tsa Bibele, ho ea kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng morao koo, li ile tsa theha ofisi ea lekala mona ka 1910. Joale, ka April 1914, kopano ea pele ea Liithuti tsa Bibele Afrika e ile ea tšoareloa Durban. Ho ile ha e-ba teng batho ba 50, ho kopanyelletsa ba neng ba tsoa libakeng tse hōle Afrika Boroa. Kopanong eo ea bohlokoa, ho ile ha kolobetsoa barapeli ba bacha ba 16. Bongata ba ba neng ba le teng moo e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng ba ileng ba ipaka ba tšepahala ho fihlela lefung, ho kopanyelletsa William W. Johnston, eo e bileng eena oa pele oa ho okamela ofisi ea lekala Afrika.

Ho tloha ka 1914, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lokisetsa likopano tse ling tse ngata Durban. Ka December selemong sa 2000, batho ba ka bang 14 848 ba ile ba e-ba teng likopanong tse peli tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” tse neng li tšoaretsoe motseng ona, ’me ho ile ha kolobetsoa ba bacha ba 278. Nahana ka le leng la malapa a mangata a Maindia a neng a le teng kopanong. Lilemong tse leshome tse fetileng, ntate oa lelapa leo, Alan, o ile a tsebisoa ’nete ea Bibele ke morali oa hae, Somashini. Alan o ne a ntse a hlaphoheloa ka mor’a ho tlohela ho ba lekhoba la tahi ’me o ne a ntse a batla morero oa bophelo. Somashini eo ka nako eo a neng a le lilemo li tharo feela, o ile a tlisetsa ntate oa hae buka eo a neng a e fumane ntlong ea moahelani oa bona. Sehlooho sa eona se reng Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang?, se ile sa ipiletsa ka potlako ho Alan. O ile a thabela seo a se balileng ’me a qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka la seo Alan a neng a ithuta sona Bibeleng, o ile a ngolisa lenyalo la hae ka molao. Ka potlako, Rani, mosali oa hae, le eena o ile a thahasella ’me a qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ka nako eo, banyalani bana ba ne ba lula le batsoali ba Rani, ba neng ba kena e ’ngoe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Batsoali ba ile ba hanyetsa bolumeli bo bocha ba banyalani bana ba bacha ’me ba re ba khethe: “Ntho li peli, le khaohana le Lipaki kapa le tsoa ntlong ea rōna!”

Alan le Rani ba ile ba etsa qeto ea ho tloha, le hoja bolulo bo ne bo fumaneha ka thata. Metsoalle ea bona ea Lipaki tsa Jehova e ile ea ba thusa hore ba fumane ntlo e tšoanelehang eo ba ka lulang ho eona. Ka 1992, Alan le Rani ba ile ba kolobetsoa e le Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba hatela pele ’me kajeno Alan o sebeletsa e le moholo phuthehong ea Bokreste.

Ho na le liphutheho tse fetang 50 tsa Lipaki tsa Jehova metseng e phetheselang ea Durban. Boholo ba tsona ke tsa Mazulu. Leha ho le joalo, liphutheho tse ling, haholo-holo tse haufi le toropo, li na le Mazulu, Maindia le Makhooa. Haeba u etela tse ling tsa liboka tsena, u tla bona ho fetang ha Bochabela bo kopana le Bophirimela. Mohlomong Paki e apereng hantle ea Moafrika e tla be e tsamaisa liboka, kapa li tsamaisoa ke Paki ea Leindia kapa ea Lekhooa. Empa seo ho kholisehiloeng ka sona se seng: Ha u sheba bamameli, u tla bona bopaki bo phelang ba hore Bibele e na le matla a ho kopanya batho ba lichaba tsohle botsoalleng bo mofuthu le bo tšoarellang.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Liboka tsa Bokreste li kopanya batho ba merabe eohle hammoho

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Alan, Rani, le bana ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Holo ea motse ea Durban

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Photos: Courtesy Gonsul Pillay

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela