Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 3/8 maq. 25-32
  • Maele a Sezulu—A U Manollela ka Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maele a Sezulu—A U Manollela ka Afrika
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phoofolo e Nang le Manaka a Bohlokoa
    Tsoha!—1995
  • Motse oa Afrika Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela
    Tsoha!—2001
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
  • Liphoofolo Tse Hlaha Tsa Afrika Tse Felang—Na li Tla Lula li le Teng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 3/8 maq. 25-32

Maele a Sezulu—A U Manollela ka Afrika

SECHABA sa Mazulu se phelang sebakeng se futhumetseng se lebōpong le ka bochabela ho Afrika Boroa, se na le letlotlo la maele a monate a nang le thuto ka tsela ea Seafrika. Kaha lerato la likhomo la Mazulu le ne le phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba oona, ha ho makatse ha sena se bonoa lipuong tsa oona tse ngata.

Ka mohlala, nahana kamoo Mozulu a neng a ka hlalosa phello ea banna ba babeli ba neng ba leka ho tsamaisa lelapa le le leng. Seo se ne se tla ba kotsi joaloka ho koalla ‘lipoho tse peli ka lesakeng le le leng.’ (Akukho zinkunzi zahlala ndawonye.)

’Me ha ho buuoa ka likhomo, mosi oa lenaka le chang mollong o besitsoeng motseng o nkha hampe ka ho fetisisa ho bohle ba leng haufi le moo. Kahoo motho e mong o ne a ka re ka motho ea sa ratoeng le ea likhathatso: “Ke eo u sa boetse a chesa lenaka.” (Ushis’ uphondo.)

Batho ba bangata ba nka ho itjarela moroalo bophelong e le tšobotsi e ratehang. Mazulu hase mokhelo. Ka baka leo, motho ea bohlale a ka ’na a re: “U lokela ho talimana le boikarabelo ba hao ka botšepehi kaha ‘ha ho tlou e kileng ea fumanoa e imeloa ke mokali oa eona.’” (Akundlovu yasindwa umboko wayo.)—Bapisa le Ba-Galata 6:5.

Haeba motho a ne a kopana le tšukulu e loanang lehoatateng, ho palama sefate e ne e tla ba ntho e molemo ka ho fetisisa. Kahoo, ho bile le mantsoe a reng: “U se ke ua bua ka tšukulu haeba ho se sefate haufi!” (Ungakhulumi ngobhejane kungekho sihlahla eduze.) Tlhokomeliso ea maele ana e hlakile.

Ka tsela e tšoanang, ho leka ho tšoara lintho tse ngata haholo ka nako e le ’ngoe ha ho molemo. Mazulu a re: “U ke ke ua lelekisa mebutlanyana e ’meli ka nako e le ’ngoe.” (Ungexoshe mpalambili.) E mong le e mong ea lekileng ho etsa sena o tla tseba hore ha u lelekisa ’mutlanyana o le mong o mong oa baleha. Ho na le thuto efe? Etsa ntho e le ’ngoe ka nako.

Batho ba bangata ha ba rate motho ea hlooho e thata. Mazulu a na le tsela e sa tloaelehang ea ho hlalosa motho ea hlooho e thata joalo ha a re: “Ha a ntse a phehiloe, o ne a phehelletsoe le lejoe, ’me lejoe le ile la butsoa pele.” (Kwaphekwa yena kwaphekw’ itshe, kwavuthw’ itshe kuqala.)

Le hoja maele ana a sa bululeloa joaloka maele a fumanoang Bibeleng, tse ngata tsa lipolelo tsena li bontša molemo oa lintho tsa bohlokoa tse re thusang ho atleha bophelong.—Liproverbia 1:5, 6.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

SEFATE SE LATELANG 10KM

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela