Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 13-15
  • Ebe ho Iphetetsa ho na le Phoso Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ebe ho Iphetetsa ho na le Phoso Efe?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boithibo—Letšoao la Matla!
  • Booatla ba ho Iphetetsa
  • Mocha ea Lahlang Khalefo
  • ‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?
    Tsoha!—2001
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—1987
  • U Se Ke Ua Lumella Hore Bohale Bo U Khope
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Ebe ho Iphetetsa ho na le Phoso Efe?

“O ntlhapaotse.”—Conneel, ea lilemo li 15, ea teronkong ka lebaka la polao.

Andrew ea lilemo li 14, ea ileng a bolaea tichere tantšing ea sekolo, o boletse hore o hloile matichere le batsoali ba hae le hore o tenoa ke banana ba mo hanang.

KE SEO makasine ea Time e se bitsang “tloaelo e bolaeang.” Mocha e mong ea halefileng o ea sekolong a patile sebetsa se bolaeang ’me o fihla a thunya liithuti-’moho le eena hammoho le matichere. Liketsahalo tse tšoanang le ena li bonahala li atile haholo likolong tsa United States hoo seteishene se seng sa TV sa litaba se ileng sa hlalosa tšekamelo ena ka hore ke “keketseho e sekhahla ea pefo.”

Ka lehlohonolo, ho thunyana likolong ho sa ntse ho etsahala seoelo. Leha ho le joalo, litlōlo tsa molao morao tjena tse bakoang ke khalefo li senola kamoo bacha ba halefileng kateng. Ke eng e hlohleletsang khalefo eo? Ka ho hlakileng ba bang ba bacha bana ba halefisitsoe ke ho hloka toka kapa ke bobolu ba batho ba boholong. Ba bang ka ho hlakileng ba halefisitsoe ke ho emelloa ka litšomo ke lithaka tsa bona. Moshemane e mong ea lilemo li 12 ea ileng a thunya seithuti-’moho le eena—’me ka mor’a moo le eena a ithunya—o ne a lula a songoa ka hore o motenya.

Ha e le hantle, bacha ba bangata ba ka ’na ba se ke ba nahana ka ho teba ka ho ba le seabo pefong e fetelletseng joalo. Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho loantšana le maikutlo a utloisang bohloko a bakoang ke ho ba mohlaseluoa oa khethollo ea morabe, ho khahlapetsoa kapa ho songoa ho se nang qenehelo. Ha a bua ka nako ea ha a ne a sa kena sekolo, Ben o re: “Ke ne ke le mokhutšoanyane ho feta ba bangata ba lithaka tsa ka. Kaha ke ne ke beotse, kamehla bana ba bang ba ne ba ntšoma ebile ba mpatlotsa hloohong. Sena se ne se nkhalefisa haholo. Ntho e neng e nkhalefisa le ho feta ke hore ha ke ne ke bolella matichere ka sena, a ne a ntlhokomoloha. Seo se ne se etsa hore ke halefe le ho feta!” Ben oa phaella: “Ntho e le ’ngoe e neng e nthibela hore ke thunye batho bao ke ho se be le sethunya.”

U lokela ho talima bacha ba batlang ho iphetetsa joang? ’Me ke eng seo u lokelang ho se etsa haeba u ba mohlaseluoa oa tšoaro e mpe? E le hore u fumane karabo, ak’u hlahlobe seo Lentsoe la Molimo le se bolelang.

Boithibo—Letšoao la Matla!

Ho tšoaroa hampe le ka ho hloka toka hase lintho tse ncha. Mongoli e mong oa Bibele o ile a fana ka keletso ena: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Hangata khalefo e tsamaisana le ho lahleheloa ke boithibo le ho se natse liphello tsa eona. Ho itumella ho ‘halefa’ ho ka fella ka ho phatloha ka khalefo! Phello e ka ’na ea e-ba efe?

Ak’u nahane ka mohlala oa Bibele oa Kaine le Abele. “Kaine a tuka ke bohale” ka lebaka la moen’ae Abele. Ka lebaka leo, “eitse ha ba ntse ba le naheng Kaine a hlasela moen’ae Abele ’me a mo bolaea.” (Genese 4:5, 8) Mohlala o mong hape oa khalefo e sa laoleheng ke oa Morena Saule. Ka lebaka la ho honohela tlhōlo ea sesole ea Davida e monyenyane, o ile a betsa Davida ka lerumo esita le ho betsa mor’a hae Jonathane!—1 Samuele 18:11; 19:10; 20:30-34.

Ke ’nete hore ka linako tse ling ho loketse ho halefa. Leha ho le joalo, esita le khalefo e lokileng e ka fella ka bobe haeba e sa laoloe. Ka mohlala, Simeone le Levi ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa ka mor’a hore ba utloe hore Shikeme o betile khaitseli ea bona Dina. Empa ho e-na le hore ba khobe matšoafo, ba ile ba befeloa, joalokaha ho ka bonoa mantsoeng a bona hamorao: “Na ho na le motho ea tšoanetseng ho tšoara khaitseli ea rōna joaloka letekatse?” (Genese 34:31) Ha khalefo ea bona e se e tuka malakabe, “ba nka e mong le e mong sabole ea hae ba ea motseng ba sa belaelloe ’me ba bolaea e mong le e mong e motona” ea phelang motseng oa Shikeme. Khalefo ea bona e ne e tšoaetsanoa hobane “bara ba bang ba Jakobo” ba ile ba kopanela le bona tlhaselong eo ea ho bolaea. (Genese 34:25-27) Le ka mor’a lilemo tse ngata, Jakobo, ntat’a Simeone le Levi, o ile a nyatsa khalefo ea bona e sa laoleheng.—Genese 49:5-7.

Re ithuta thuto ea bohlokoa ho sena: Bohale bo sa laoleheng hase letšoao la matla empa ke la bofokoli. Liproverbia 16:32 e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.”

Booatla ba ho Iphetetsa

Mangolo a fana ka keletso ena: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Le se ke la iphetetsa.” (Baroma 12:17, 19) Ho iphetetsa—ebang ke ka ho ba mabifi kapa ka ho hlaba ka mantsoe feela—ho fosahetse. Ka nako e tšoanang, boiphetetso bo joalo ke bothoto le booatla. ’Nete ke hore hangata pefo e fella ka pefo e eketsehileng. (Matheu 26:52) ’Me mantsoe a hlabang hangata a qholotsa mantsoe a mang a hlabang le ho feta. Hape, hopola hore hangata khalefo e ke ke ea lokafatsoa. Ka mohlala, na ha e le hantle u ka tseba ha motho ea u khopisitseng a hlile a u hloile? Na ho ka etsahala hore ebe motho eo o ne a mpa a le booatla kapa a le tala? Esita le haeba ho ameha lonya, na ho iphetetsa ho loketse?

Ak’u nahane ka mantsoe a Bibele a ho Moeklesia 7:21, 22 a reng: “U se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang, e le hore u se ke ua utloa mohlanka oa hao a u rohaka. Etsoe pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.” E, ha ho monate ho utloa batho ba bua lintho tse sa thabiseng ka uena. Empa Bibele ea lumela hore seo ke karolo ea bophelo. Na hase ’nete hore u kile ua bua lintho tse itseng ka batho ba bang tseo u neng u sa lokela ho li bua? Joale, ke hobane’ng ha u phahamisa maikutlo ha motho e mong a bua ntho e itseng e sa rateheng ka uena? Hangata, tsela e molemo ea ho sebetsana ka katleho le ho songoa ke ho iphapanyetsa hona.

Ka tsela e tšoanang, ke booatla ho itšoara ka tsela e feteletseng ha u nahana hore u tšoeroe hampe. Mocha e mong ea bitsoang David o hopola se ileng sa etsahala ha a ntse a bapala basketball le Bakreste-’moho le eena. David o re: “E mong oa bao re neng re bapala le bona o ile a mpetsa ka bolo.” Kapele-pele David o ile a etsa qeto ea hore o entse seo ka boomo, a iphetetsa, le eena a mo betsa ka bolo. David oa lumela, o re: “Ke ne ke halefile haholo.” Empa pele litaba li senyeha ho ea pele, David o ile a rapela Jehova. O ile a re ka pelong, ‘Ke leka ho etsa’ng, ha eka ke batla ho loana le mor’eso oa Mokreste tjee?’ Hamorao, ka bobeli ba ile ba kōpelana tšoarelo.

Maemong a joalo ho hotle ho hopola mohlala oa Jesu Kreste. “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka.” (1 Petrose 2:23) E, ha u le tlas’a khatello, ho e-na le ho iphetetsa, rapela Molimo ’me u mo kōpe hore a u thuse hore u ithibe. Ka seatla se bulehileng o tla “fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” (Luka 11:13) Ho e-na le ho iphetetsa ha u khopisitsoe ke motho e mong, mohlomong ntho e molemo ke hore u ee ho motho eo ’me le buisane ka taba eo. (Matheu 5:23, 24) Kapa haeba u hlorisoa ka ho tsoelang pele, mohlomong ke ’mampoli sekolong, u se ke ua qholotsa qhoebeshano. Ho e-na le hoo, u lokela ho nka mehato e sebetsang bakeng sa ho itšireletsa.a

Mocha ea Lahlang Khalefo

Bacha ba bangata ba ile ba sebelisa melao-motheo ena ea Bibele ’me ea ba ruisa molemo. Ka mohlala, Catrina o ile a fuoa lelapa le leng a sa le monyenyane hore le mo hōlise. O re: “Ke ne ke lula ke halefile hobane ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ’Mè ea ntsoetseng a ile a fana ka ’na. Kahoo, ke ne ke ntšetsa malokobe ho ’Mè ea nkhōlisang. Ka booatla ke ne ke nahana hore ha ke mo utloisa bohloko, ke hlile ke iphetetsa ho ’Mè ea ntsoetseng ka tsela e itseng. Kahoo, ke ne ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe—ke bua mantsoe a hlabang, ke tila fatše ka maoto, ke ba bohale bo tukang malakabe. Ke ne ke rata ho khahlela mamati. Ke ne ke bile ke atisa ho re, ‘Ke u hloile!’—hobane ke ne ke halefile. Ha ke hetla morao, ha ke lumele hore ke ’na ea neng a etsa lintho tseo.”

Ke eng se ileng sa thusa Catrina ho laola bohale ba hae? Oa araba: “Ke ho bala Bibele! Ke habohlokoa haholo hobane Jehova o tseba kamoo re ikutloang kateng.” Catrina o ile a boela a tšelisoa ke ho bala lihlooho tsa Tsoha! le lelapa labo tseo ka ho khetheha li sebetsanang le boemo ba lelapa boo a leng ho bona.b Oa hopola: “Kaofela ha rōna re ile ka lula fatše hammoho ’me ra leka ho utloisisa maikutlo a e mong le e mong.”

Le uena u ka ithuta ho laola khalefo. Ha u songoa, u khahlapetsoa kapa u tšoaroa hampe, hopola mantsoe a Bibele a ho Pesaleme ea 4:4 a reng: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe.” Mantsoe ana a ka u thusa ho qoba ho inehella khalefong e timetsang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa keletso e sebetsang mabapi le ho sebetsana le matichere a leeme, bo-’mampoli sekolong le bahatelli, bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” tse hlahang tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1984; September 8, 1985; le August 8, 1989.

b Bona lihlooho tse buang ka ho inkela ngoana ho mo hōlisa tse hlahang tokollong ea Tsoha! ea May 8, 1996.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana ka katleho le ho songoa ke ho iphapanyetsa hona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela