Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 3-4
  • “Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa o Tloaelehileng oa ho Thōla
  • Ho Phela Tšabong
    Tsoha!—2005
  • Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang
    Tsoha!—2001
  • Ha Pefo e Hlasela Lelapa
    Tsoha!—1993
  • Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 3-4

“Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”

ROXANAa ke ’mè ea mafolofolo, ea bohehang oa bana ba bane, ea nyetsoeng ke ngaka e buoang e hlomphuoang haholo Amerika Boroa. O re: “Monna oa ka o khahla basali, banna bona ba mo rata haholo.” Empa molekane enoa oa Roxana o na le mokhoa o mobe oo esita le metsoalle ea hae e haufi e sa o boneng. “Lapeng ke tau. O boulela ka tsela e utloisang bohloko.”

Sefahleho sa Roxana se bonahala se tšoenyehile ha a ntse a pheta pale ena ea hae. “Bothata bo ile ba qala libeke tse seng kae ka mor’a hore re nyalane. Re ne re etetsoe ke ’Mè le likhaitseli tsa ka, ’me ho ne ho le monate re qoqa, re tšeha. Empa ha ba tsamaea, monna oa ka o ile a ntšutumelletsa sofeng, a halefile ka tsela e tsoileng taolong. Ke ne ke sa kholoe se etsahalang.”

Ka masoabi, seo e bile qaleho ea tšotleho ea Roxana kaha lilemo tsena tsohle, o ’nile a tlhalieloa ka thupa ka makhetlo. Ho bonahala tlhekefetso ena e le e tsitsitseng. Monna oa Roxana oa mo otla, ebe o kōpa tšoarelo haholo ’me a mo tšepise hore a ke ke a hlola a mo otla hape. Boitšoaro ba hae boa ntlafala—bonyane nakoana e itseng. Joale matšoenyeho a qala hape. Roxana o re: “Ke lula ke nahana hore mohlomong lekhetlong lena o tla fetoha. Esita leha ke balehile, ke boetse ke khutlela ho eena.”

Roxana o tšaba hore ka letsatsi le leng, pefo ea monna oa hae e tla hloa mekoalaba. O re: “O ntšosa ka hore o tla mpolaea, a bolaee bana ba rōna a be a ipolaee. Ka lekhetlo le leng o ile a beha sekere qoqothong ea ka. Ka le leng a ntšosa ka sethunya, a se beha tsebeng ’me a se khoephetsa! Ka lehlohonolo, ho ne ho se na kulo ka hare, empa ke ile ka batla ke shoa ke letsoalo.”

Mokhoa o Tloaelehileng oa ho Thōla

Joaloka Roxana, basali ba limilione lefatšeng ka bophara ba sotloa ke banna ba bona ka mabifi.b Ba bangata ba bona baa thōla ka tšotleho ena ea bona. Ba beha lebaka la hore ho tlaleha taba ena ha ho na ho ba tsoela molemo oa letho. Etsoe banna ba bangata ba hlekefetsang basali ba ’nile ba hana liqoso tse joalo habonolo feela ka lipolelo tse kang, “Mosali oa ka o nkeha maikutlo kapele” kapa, “O rata ho feteletsa lintho.”

Ho utloisa bohloko hore ebe basali ba bangata ba phela tlas’a tšabo ea ho hlaseloa sebakeng seo ha e le hantle ba neng ba tlameha ho ikutloa ba sireletsehile ka ho fetisisa ho sona—malapeng a bona. Leha ho le joalo, ka masoabi kutloelo-bohloko hangata e bontšoa bahlaseli ho e-na le bahlaseluoa. Ka sebele, ba bang ba sitoa ho lumela hore monna ea bonahalang e le moahi ea hlomphehang o ne a ka otla molekane oa hae. Nahana ka se ileng sa hlahela Anita ha a bua ka ho hlekefetsoa ke monna oa hae ea neng a hlomphuoa haholo. “E mong oa metsoalle ea rōna o ile a re ho ’na: ‘Ke hobane’ng ha u bua ntho e tjee ka monna ea hlomphehang hakaale?’ E mong eena o ile a re e tlameha e le ’na ea mo halefisang! Esita le ka mor’a hore monna oa ka a hlahatsoe, e meng ea metsoalle ea ka e ile ea qala ho nkoekoetla. Ba nka hore ke ne ke tlameha ho mamella hobane ke ‘tsela eo banna ba leng ka eona.’”

Joalokaha phihlelo ea Anita e bontša, ba bangata ba thatafalloa ke ho utloisisa ’nete e bohloko ea ho hlekefetsoa ha molekane e mong. Ke eng e etsang hore monna a be sehlōhō hakaalo ho mosali eo a reng oa mo rata? Bahlaseluoa ba pefo ba ka thusoa joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe lihloohong tsena.

b Rea tseba hore banna ba bangata le bona ba tšoeroe ka mabifi. Empa liphuputso li bontša hore basali ba ka tsoa likotsi tse tebileng haholoanyane. Ka hona, lihlooho tsena li tšohla tlhekefetso eo ho eona mosali e leng mohlaseluoa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

Kutloisiso e Pharaletseng ea Pefo ea Lapeng

Ho latela Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea ho Felisoa ha Pefo Khahlanong le Basali, polelo e reng “pefo khahlanong le basali” e ka bolela “ketso leha e le efe ea pefo e etsoang ke banna e ka fellang ka ho ntša basali kotsi kapa e ka ba hlokofatsang ’meleng, maikutlong kapa ho kopaneleng liphate, ho akarelletsa le litšoso tsa liketso tse joalo, ho ba hatella kapa ho ba hanela ka bolokolohi ka bompoli, ebang ho etsahala phatlalatsa kapa sephiring.” Har’a tse ling, pefo ena e akarelletsa “tlhekefetso ea ’mele, ea ho kopanela liphate le ea maikutlo e bang teng lapeng le sechabeng ka kakaretso, ho kopanyelletsa le ho hlekefetsa bana ba banana ka ho ba otla, ho ba hlekefetsa ka ho kopanela liphate le bona, pefo e bakoang ke ho se khotsofalle thepa eo mosali a phahletsoeng ka eona, peto lenyalong, ho lematsoa lithong tsa bosali le mekhoa e meng e tloaelehileng e ntšang basali kotsi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela