Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?
“Ho e-na le ho ba setšabelo khatellong ea methapo, bohloko, bathong ba ka ntle ho lelapa ba se nang kahlolo e molemo, ho bonahala lelapa le lumella mathata ana hore a kene ka ho lona kapa le bile lea a hōlisa.”—The Intimate Environment—Exploring Marriage and the Family.
PHUPUTSO e etsoang mabapi le taba ea pefo ea lelapa ha ho bapisoa ke ntho e ncha. Liphuputso tse pharaletseng li ile tsa etsoa mashomeng a lilemo a morao tjena. Mohlomong liphello tsa liphuputso tse joalo hase ka mehla li tšoanang, empa mabaka a mang a motheo a kolekelang pefong ea lelapa a fumanoe. Ha re ke re hlokomeleng a mang a ’ona.
Semelo sa Lelapa se Phetha Karolo Efe?
Bafuputsi ba bangata ha ba bua ka seo ba se fumaneng ba re: “Pefo ea balekane bao re buisaneng le bona ha e phahame ka tekanyo e itseng, le bana ba bona ba befelana le ho befela batsoali ba bona ka tekanyo e tšoanang.”
Ho ba feela paki e boneng pefo ea lelapa ka mahlo ho na le phello e khōlō ho mocha. Ngaka e sa phekoleng ka meriana John Bradshaw oa hlokomela: “Ngoana ea bonang ha ’mè oa hae a shapuoa o tšoana le ngoana ea shapuoang.” Mocha e mong ea bitsoang Ed o ne a sa batle ho bona ha ntate oa hae a shapa ’mè oa hae. Leha ho le joalo, le hoja e ka ’na eaba haa ho hlokomela, o ne a rutoa ho lumela hore banna ba tlameha ho laola basali ’me e le hore ba ka etsa sena, banna ba lokela ho ba tšosa, ho ba ntša kotsi le ho ba nyenyefatsa. Ha e e-ba motho e moholo, Ed a sebelisa mekhoa ena ea tlhekefetso le mabifi ho mosali oa hae.
Batsoali ba bang ba seli ho hanela bana ba bona ho shebella pefo thelevisheneng, ’me sena se molemo. Empa batsoali ba lokela hore ba be seli haholoanyane ha ho tluoa tabeng ea ho laola boitšoaro ba bona joaloka mehlala ea bana ba bona ba khahloang habonolo.
Khatello ea Methapo e Phetha Karolo efe?
Ho ima, ho hloka mosebetsi, lefu la motsoali, ho falla, ho kula le mathata a chelete li tlisa khatello ea methapo, joalokaha mathata a mang a etsa. Batho ba bangata ba sebetsana le khatello ea methapo ka ntle le ho sebelisa pefo. Leha ho le joalo, ho ba bang khatello ea methapo e ka ba selelekela sa pefo, haholo-holo ha e kopane le lintho tse ling. Ka mohlala, ho hlokomela motsoali ea hōlileng—haholo-holo ha motsoali a kula—hangata ho ’nile ha isa tlhekefetsong ha mohlokomeli a imetsoe haholo ke boikarabelo bo bong ba lelapa.
Ho hōlisa bana ho baka khatello ea methapo. Ka baka leo, monyetla oa hore ngoana a hlekefetsoe o ka eketseha ho latela boholo ba lelapa. Bana le bona ba ka tlisa keketseho ea tlhekefetso ea molekane, Behind Closed Doors ea tlaleha: “Hobane ho qabana ka litaba tsa bana ho ka ’na ha etsa hore balekane ba qale ho loana.”
Pono e Fosahetseng ka Batho ba Batona le ba Batšehali
Dan Bajorek, ea eteletseng sehlopha sa baeletsi pele Canada, o bontša hore banna ba hlekefetsang ba na le pono e fosahetseng ka basali o re: “Ho sa tsotellehe hore na ba tsoa mekhoeng efe, ba hōlisitsoe ka tsela eo ka eona ba lumelang hore banna ke Batho ba Bohlokoa Haholo.” Hamish Sinclair, eo e leng mookameli oa lenaneo le sebetsanang le banna ba hlekefetsang, o bolela hore banna ba koetliselitsoe ho lumela hore ba phahametse basali le hore ba na le tokelo ea “ho ba khalemela, ho ba laea kapa ho ba tšosa.”
Linaheng tse ngata ho lumeloa hore monna o na le tokelo ea ho tšoara mosali oa hae joaloka ntho feela tje, joaloka karolo e ’ngoe ea thepa ea hae. Ho laola le ho hatella mosali oa hae ho nkoa e le tekanyo ea bonna ba hae le tlhompho. Hangata basali ba shapuoa hampe ho seng joalo baa hlekefetsoa, ’me litsamaiso tsa molao ha li etse letho ka hona hobane seo se tšehetsoa ke molao oa linaha tse joalo. Monna o phahame, ’me mosali o tlaase; o tlameha ho ikokobeletsa eena ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na ha a hlomphehe, o mabifi, o khopo, kapa ke moithati hakae.
Motlalehi oa litaba tsa thelevishene ea CBS Morley Safer ha a tlaleha ka naha e ’ngoe ea Amerika Boroa o re: “Ha ho kae kapa kae Latin America moo mokhoa oa boikhantšo ba bonna o bonahalang ka ho totobetseng . . . O tletse hohle sechabeng, ho kopanyeletsa le lekhotleng la molao moo ha a sireletsa ho hlompheha ha hae monna a ka etsang seo a se ratang a sa tšabe kahlolo, haholo-holo haeba mohlaseluoa e le mosali oa hae kapa nyatsi ea hae.” O ile a tiisa hore “lefatšeng ha ho sebaka se theolang boemo ba basali” joalokaha naha eo e etsa. Empa ho hatella hoo banna ba ho etsang le ho nyenyefatsoa ha basali ke kobo-anela. Hase taba ea naha e le ’ngoe feela ho sa tsotellehe hore na ho matla hakae sebakeng seo.
Minna Schulman, mookameli oa lekala la New York la sepolesa kapa la ’muso le ikarabellang bakeng sa ho tiisa hore batho ha ba tlōle melao, o boletse hore pefo ke sesebelisoa seo banna ba se sebelisang ho boloka taolo le ho bonahatsa matla le bolaoli holim’a basali. A phaella: “Re bona pefo ea lelapa e le tšebeliso e mpe ea matla le taolo.”
Batho ba bang ba shapang basali ba na le boikutlo ba ho ikhalala, e leng boikutlo boo ba batlang ho bo kenya ho bahlaseluoa ba bona. Haeba ba etsa seo, joale boikutlo ba bona ba ho inka e le batho ba bohlokoa bo tla be bo khotsofalitsoe, ’me ba tla ikutloa ba na le tekanyo e itseng ea bophahamo le taolo holim’a motho e mong. Ba ikutloa hore ba bonahatsa bonna ba bona ka tsela ena. Empa na ho joalo? Kaha ba sebelisa pefo ea bona ho basali ba fokolang ’meleng, na sena se bontša hore ruri ke banna ba matla, kapa ho e-na le hoo se bontša hore ha ba na kahlolo e molemo? Na ruri ke bonna hore monna ea matla haholoanyane a shape motho ea fokolang, e motšehali ea sitoang ho itšireletsa? Monna ea matla boitšoarong a ka bonahatsa ho nahanela le mohau bakeng sa batho ba fokolang le ba sitoang ho itšireletsa, a se ke a sebelisana le bona ka leeme molemong oa hae.
Pontšo e ’ngoe ea ho se be le kahlolo e molemo ka lehlakoreng la motho ea hlekefetsang ke ’nete ea hore hangata o beha mosali oa hae molato bakeng sa ho mo susumeletsa ho mo shapa. A ka ’na a bonahatsa sena ka mokhoa o sa tobang, kapa a ba a mo bolella lintho tse kang tsena: ‘Ha ua etsa sena ka tsela e nepahetseng. Ke ka baka leo ke u shapang.’ Kapa: ‘Lijo tsa mantsiboea li liehile, kahoo u fumana se u loketseng.’ Kelellong ea motho ea hlekefetsang, ke molato oa mosali. Leha ho le joalo, ha ho mefokolo leha e le efe ea molekane e mong e lokafatsang ho shapa.
Na Tahi e Etsa Phapang?
Kaha tahi e fokotsa taolo e bile e eketsa monyetla oa ho etsa lintho tlas’a tšusumetso e itseng, ha ho makatse hore ebe batho ba bang ba lumela hore e ka susumetsa tlhekefetso. Hangata motho o khona ho laola maikutlo a befileng ha a sa tahoa, empa ka mor’a ho noa tekanyo e itseng ea joala o ba mabifi. Tahi e thotofalitse matla a kelello ea hae le ho fokotsa matla a hae a ho laola bohale ba hae.
Leha ho le joalo, ba bang ba bolela hore bothata bona bo metse ka metso khatellong ea methapo ho feta tahing ka boeona. Ba bolela hore motho ea sebelisang tahi bakeng sa ho sebetsana le khatello ea methapo o tšoana le motho ea ka ’nang a sebelisa pefo bakeng sa morero oona oo. Sena se bolela hore motho ea noang leha a sa tahoa a ka hlekefetsa joalokaha a tahiloe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na mabaka a sena ke afe, ka sebele tahi ha e khothaletse motho ho laola maikutlo a hae empa ka mehla e tla etsa se fapaneng.
Kamoo Mecha ea Litaba e Susumetsang Liketso tsa Batho
Ba bang ba bolela hore thelevishene, hammoho le baesekopo li khothaletsa boikhohomoso ba bonna ho ba batona ’me e ruta hore pefo ke tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le liqabang le khalefo. Moeletsi e mong oa malapa oa lumela: “Ke ne ke hloletsoe ke karabelo ea ka e matla baesekopong ea Rambo. Le hoja menahano ea ka [e ka hare] joaloka motho ea hōlileng le boikutlo li ne li tšositsoe ke lipolao tse ngata tseo Rambo a neng a li etsa, boikutlo ba ka [bo ka hare] ba bongoana bo ne bo mo thoholetsa hore a tsoele pele ho bolaea.”
Kaha bana ba bangata ba shebella mananeo a thelevishene ka lihora tse likete a bontšang liketso tse se nang palo tsa pefo, ho beta, le ho nyelisoa ha batho ba bang, haholo-holo basali, ha ho makatse hore ebe ba bangata ba hōla ba na le litšobotsi tse kotsi tseo ba li bonahatsang ho ba bang. Hase bana feela ba amehang empa le batho ba baholo baa ameha.
Hape, haholo-holo lilemong tsa morao tjena, tekanyo ea litšoantšo tse bontšang pefo, boitšoaro bo bobe, le ho nyenyefatsoa ha basali joalokaha li bontšoa thelevisheneng le libaesekopong e eketsehile haholo. Ho hlakile hore sena se tlameha ho mpefatsa ponahalo ea pefo ea lelapa. Joalokaha sehlopha sa bafuputsi se hlokometse, ho na le “kamano e hlakileng . . . pakeng tsa ho shebella pefo thelevisheneng le libaesekopong le boitšoaro bo mabifi.”
Phello ea ho Itšehla Thajana
Bophelo ba kajeno bo etsa hore batho ba se ke ba kopana ba be ba tšoaroe ke bolutu. Mabenkele a manyenyane ao baahisani ba neng ba ba le botsoalle ho ’ona a nketsoe sebaka ke mabenkele a maholo le mabenkele a rekisang lintho ka theko e tlaase. Ho tlosoa ha matlo a khale toropong a nkeloa sebaka ke a macha, mathata a moruo, le ho hloka mosebetsi li qobella malapa hore a fetohe ntho ea nako e khutšoanyane. Tekanyo e phahameng ea pefo ea lelapa e fumanoa har’a batho ba se nang likamano tse matla le batho ba bang.
James C. Coleman, bukeng ea hae Intimate Relationships, Marriage, and the Family, o hlalosa lebaka la hore a nahane hore ho joalo. O nahana hore ho ba motho ea itšehlileng thajana ho fokotsa moqoqo o molemo ’me ho etsa hore ho be thata bakeng sa motho ea hlekefetsang hore a bone boemo ba hae ka tsela e molemo le ho batla thuso ho motsoalle eo a mo tšepang. Ho se be le metsoalle le beng ka motho ba haufi ba ka sebetsang litaba ka matla a nolofatsang ho etsa hore motho a khone ho sebetsa tumellanong le boithati ba hae habonolo haholoanyane, kaha ha ho batho ba haufi le eena ba hanyetsang monahano oa hae o fosahetseng ka mehla. Ho joalokaha Liproverbia 18:1 e re: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”
Thuso Bakeng sa Lelapa le Mabifi
Re buile feela ka karolo ea litlhaloso tse fanoang bakeng sa pefo ea lelapa. Ho na le tse ling. Kaha re se re hlokometse lisosa tse ling, joale ho hlokahala hore re hlahlobe litharollo. Haeba motho a le lelapeng le mabifi, tlhekefetso e ka khaotsoa joang? Pono ea Bibele ke efe? Na pefo ea lelapa e sa tla ke e fele? Sehlooho se ho leqephe 10 se tla arabela lipotso tsena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Pefo ea Maikutlo—E Hlasela ka Matla ka Mantsoe
TLHEKEFETSONG ea ’mele tlhaselo e etsoa ka lifeisi; ’me tlhekefetsong ea maikutlo tlhaselo e etsoa ka mantsoe. Phapang feela ke khetho ea libetsa. Ho joalokaha Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joale ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.”
Pefo ea maikutlo e kotsi hakae, ho akareletsa le ho “hlaba joale ka tsenene”? Dr. Susan Forward oa ngola: “Phello e tšoana [le ea tlhekefetso ea ’meleng]. U tšoha ka tsela e tšoanang hantle, u ikutloa u se na thuso ka tsela e tšoanang, ’me u utloa bohloko bo lekanang,” maikutlong.
Pefo ea maikutlo ho molekane: Mohlaseluoa e mong oa nako e telele o itse: “Pefo e etsoang ke banyalani hase feela e amang ’mele. Mohlomong karolo e khōlō ea eona esita le e khōlō ka ho fetisisa, ke ea puisano le ea maikutlo.” Tlhekefetso e ka akareletsa le ho rohakana, ho tlerola, ho ntša ba bang liphoso ka linako tsohle, mahlapa a nyenyefatsang le litšokelo tsa ho sebelisa pefo ea ’meleng.
Lipuo tse sa thabiseng tse nyenyefatsang, tse nyelisang kapa tse tšosang li ka baka kotsi e tebileng. Joaloka metsi a rothelang lefikeng, lipuo tse nyelisang li ka bonahala li se kotsi qalong. Empa kapele ho itlhompha hoa fela. Mosali e mong o itse: “Haeba ke ne nka ikhethela pakeng tsa ho hlekefetsoa ’meleng le ho hlekefetsoa ka lipuo, ke ne nka khetha ho shapuoa ka nako efe le efe.” O ile a hlalosa: “U ka bona mengoapo, kahoo bonyane batho ba ka u utloela bohloko. Tlhekefetso ea lipuo, e etsa feela hore u nyahame haholo. Maqeba a eona ha a bonahale. Ha ho motho ea tsotellang.”
Tlhekefetso ea maikutlo ho ngoana: Sena se ka akareletsa ho mo tšoaea liphoso ka linako tsohle le ho nyenyefatsa ponahalo ea hae, bohlale, le matla a ho etsa lintho kapa bohlokoa ba hae joaloka motho. Ka ho khethehileng puo e hlabang e kotsi. Bana ba atisa ho nka lipuo tse hlabang kamoo li leng ka teng, ba sa khetholle pakeng tsa se buuoang ka tieo le se buuoang ka “bosoasoi.” Ngaka e sebetsanang le ntlafatso ea malapa Sean Hogan-Downey ea hlokomela: “Ngoana o utloa bohloko, empa e mong le e mong oa tšeha, kahoo o ithuta ho se tšepe maikutlo a hae.”
Kahoo, maemong a mangata, ho na le ’nete ho seo rahistori le mongoli oa lipale Thomas Carlyle oa Scotland a kileng a se bua ha a re: “Hona joale ke hlokomela hore lipuo tse hlabang ka kakaretso ke, puo ea Diabolose; ka baka leo ha e le hantle khale ke e tlohetse.”
Joy Byers, eo e leng setsebi tabeng ea tlhekefetso ea bana, o re: “Tlhekefetso ea ’meleng e ka ’na ea bolaea ngoana, empa u ka ’na ua bolaea le litšobotsi tse itseng le botho ba ngoana, ’me seo ke se ka etsoang ke lipuo tse fosahetseng tse etsoang ke batsoali ka linako tsohle.” Makasine oa FLEducator oa hlalosa: “Ho fapana le leqeba le ka bonoang la ba la fola, tlhekefetso ea maikutlo e baka liphetoho tse sa bonahaleng kelellong ea ngoana le bothong tse fetolang seo a hlileng a leng sona le kamano ea hae le ba bang ka ho sa feleng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho pepesetsehela pefo ho na le tšusumetso e matla boitšoarong ba ngoana ba nako e tlang