Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 leq. 19
  • Sebelisa Meriana ka Kelo-hloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Meriana ka Kelo-hloko
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meriana ea Ngakeng—ho e Sebelisa Hantle le Hampe
    Tsoha!—2009
  • Sebelisa Meriana ka Bohlale
    Tsoha!—1996
  • Ke Joang U ka Thabelang Bophelo bo Botle?
    Tsoha!—1998
  • Ho Iphekola Melemo Le Likotsi
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 leq. 19

Sebelisa Meriana ka Kelo-hloko

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

HA NGAKA ea hao e u laela hore u sebelise meriana e itseng, ha ho pelaelo hore e u bolella seo e e-na le boikemisetso bo botle, e u fa meriana ka mor’a hore e hlahlobe boloetse bo u tšoereng, e sebelisa tsebo le phihlelo ea eona ea bongaka. Leha ho le joalo, mokuli ha aa lokela ho lebella hore ngaka e jare boikarabelo bo feletseng ka bophelo ba mokuli bo botle. Mokuli o ntse a ikarabella ka seo a se kenyang ’meleng oa hae.

Ha u noa meriana e laetsoeng ke ngaka, nahanisisa ka lintlha tse latelang tse tataisang tse tsoang ho ngaka e phekolang ka meriana:

● Meriana eohle e na le liphello tse bohloko. U na le tokelo ea ho tseba hore na u fuoa meriana efe le hore na e ka ’na ea e-ba le liphello life tse bohloko. Haeba ngaka ea hao e sa fane ka boitsebiso bona, u se ke ua qeaqea ho botsa. Hangata melemo e ba mengata ho feta liphello tse bohloko. Empa u lokela ho tseba e le hore u ka etsa qeto e bohlale.

● Meriana e sebetsa ho batho ka litsela tse fapaneng. Ngaka ea hao e ke ke ea khona ho bolela esale pele ka ho toba hore na meriana eo u e filoeng e tla u ama joang. Haeba u tšosoa ke liphello tse itseng tse bohloko tse sa lebelloang, iteanye le ngaka ea hao.

● Batlisisa hore na u lokela ho sebelisa moriana oo halelele hakae. Hape batlisisa haeba o ka ’na oa etsa hore motho a o lemalle.

● E-ba hlokolosi ha u etsa qeto ea ho tlohela meriana, mohlomong hobane u ikutloa eka u folile. Ho khaotsa ho noa meriana pele u fola ho ka ’na ha mpefatsa boemo ba hao. Ho e-na le hoo, iteanye le ngaka ea hao pele.

● Kamehla sebelisa meriana eo u e laetsoeng ke ngaka.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela