Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 maq. 3-4
  • Ramatiki—Lefu le Qhoalisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ramatiki—Lefu le Qhoalisang
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo Bakeng sa ba Tšoeroeng ke Ramatiki
    Tsoha!—2001
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
  • Ho Utloisisa Ramatiki
    Tsoha!—2001
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 12/8 maq. 3-4

Ramatiki—Lefu le Qhoalisang

“U KE KE UA UTLOISISA BOHLOKO BA TENG NTLE LE HORE E U TŠOARE. KE NE KE NAHANA HORE TSELA FEELA EA HO PHOMOLA BOHLOKONG BONA KE HO SHOA.”—SETSUKO, JAPANE.

“KE UTLOA BOLOETSE BONA BO NKAMOHILE BOCHA BA KA KAHA BO NTŠOERE HA KE LE LILEMO LI 16.”—DARREN, GREAT BRITAIN.

“LILEMO TSE PELI TSA BOPHELO BA KA LI SENYEHILE FEELA KA LEBAKA LA HO LULA LIPHATENG KE BOKULI.”—KATIA, ITALY.

“HANG HA BOHLOKO BO QALA MANONYELETSONG ’OHLE A KA, BOPHELO BOHLE BA KA E ILE EA E-BA MAHLABA FEELA.”—JOYCE, AFRIKA BOROA.

TSENA ke lipolelo tsa poboli ea bahlaseluoa ba lefu lena le bitsoang ramatiki. Ramatiki e etsa hore batho ba limilione ba tšoeroeng ke eona ba ee ngakeng selemo se seng le se seng ho ea batla se ka kokobetsang bohloko, sa etsa hore ba ’ne ba tsebe ho tsamaea le ho thibela kholofalo eo e ka e bakang.

United States feela, ramatiki e amme batho ba fetang limilione tse 42, e holofatsa a le mong ho ba bang le ba bang ba 6 bao e ba tšoereng. Ha e le hantle, ramatiki ke sona sesosa se ka sehloohong sa ho holofala ha batho naheng eo. National Centers for Disease Control and Prevention e re phello ea lefu lena moruong e “batla e tšoana hantle le ho thefuleha ha moruo,” kaha Maamerika a lahleheloa ke liranta tse limilione tse likete tse 524 selemo se seng le se seng litšenyehelong tsa meriana le ho lahleheloeng ke phaello mesebetsing. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, lipatlisiso tse entsoeng linaheng tse tsoelang pele tse kang Brazil, Chaena, Chile, India, Indonesia, Malaysia, Mexico, Pakistan, Philippines le Thailand li bontša hore boima bo bakoang ke boloetse ba ramatiki ka mefuta ea bona linaheng tse joalo bo batla bo “lekana le bo linaheng tse tsoetseng pele.”

Ke bohata hore ramatiki e tšoara batho ba hōlileng feela. Ke ’nete hore e ama batho ka ho teba ha ba ntse ba hōla. Empa o mong oa mefuta e tloaelehileng haholo, e leng ramatiki e ruruhisang manonyeletso, hangata o ama batho ba pakeng tsa lilemo tse 25 le 50. United States, hoo e ka bang batho ba bararo ho ba bang le ba bang ba bahlano ba tšoeroeng ke ramatiki ba ka tlaase ho lilemo tse 65. Ka ho tšoanang, Great Britain batho ba limilione tse 1,2 ho ba limilione tse 8 ba tšoeroeng ke ramatiki ba ka tlaase ho lilemo tse 45. Ba fetang 14 500 ke bana.

Selemo se seng le se seng, palo ea batho ba tšoaroang ke ramatiki e eketseha ka potlako. Canada, palo ea batho ba tšoeroeng ke ramatiki e tla be e nyolohetse ho milione lilemong tse leshome feela tse latelang. Le hoja ramatiki e atile haholo Europe ho feta Afrika le Asia, palo ea batho ba tšoaroang ke boloetse bona ea eketseha le lik’honthinenteng tsena. Ho eketseha ha boloetse bona ba ramatiki ho entse hore Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o phatlalatse 2000-2010 e le Lilemo tse Leshome tsa Masapo le Manonyeletso. Lilemong tsena, lingaka le litsebi tsa tlhokomelo ea bophelo lefatšeng ka bophara li tla sebetsa hammoho ho leka ho ntlafatsa bophelo ba ba tšoeroeng ke maloetse a hlaselang mesifa le masapo a kang la ramatiki.

Boloetse boo bo bohloko bo tsejoa ka eng? Ke bo-mang ba kotsing ea ho tšoaroa ke bona? Ba tšoeroeng ke ramatiki ba ka sebetsana le liphello tsa eona tse qhoalisang joang? Na bokamoso bo tla hlahisa pheko? Lihlooho tsa rōna tse latelang li tla tšohla lintlha tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

X ray: Used by kind permission of the Arthritis Research Campaign, United Kingdom (www.arc.org.uk)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela