Ho Utloisisa Ramatiki
“BOSIU, KE EE KE SHEBE MAOTO LE MATSOHO A KA A HOLOFETSENG EBE KEA LLA.”—MIDORI, JAPANE.
RAMATIKI e ’nile ea tšoara batho ka makholo-kholo a lilemo. Litopo tse tlotsitsoeng ka metsoako e thibelang ho bola tsa Egepeta li fana ka bopaki ba hore boloetse bona bo ne bo le teng makholo a lilemo a fetileng. Mofuputsi Christopher Columbus le eena ho bonahala a ne a tšoeroe ke boloetse bona. ’Me ba limilione kajeno ba tšoeroe ke bona. Hantle-ntle boloetse boo bo qhoalisang ke eng?
Lentsoe la Senyesemane “arthritis” (ramatiki) le nkiloe mantsoeng a Segerike a bolelang “manonyeletso a ruruhileng” ’me le amana le mefuta e fapaneng e fetang 100 ea maloetse le maemo a seng matle a bophelo a amanang le manonyeletso le masapo.a Mafu ana a ka ’na a se ke a ama feela manonyeletso empa a ka boela a ama mesifa, masapo le litšika. Mefuta e meng ea ramatiki e ka senya letlalo la hao, litho tse ka hare esita le mahlo a hao. A re lebiseng tlhokomelo mefuteng e ’meli ea maloetse a amanang le ramatiki—ramatiki e ruruhisang manonyeletso (rheumatoid arthritis [RA]) le ramatiki e hlaselang lefufuru la manonyeletso (osteoarthritis [OA]).
Tsela eo Manonyeletso a Raliloeng ka Eona
Lenonyeletso ke moo masapo a mabeli a kopanang teng. Lenonyeletso le koahetsoe ke komiki e le sireletsang le ho le tšehetsa. (Bona setšoantšo se leqepheng la 4.) Komiki ena ea lenonyeletso e na le lera ka hare. Lera lena le hlahisa mokelikeli o boreleli. Ka har’a komiki ena ea lenonyeletso, masapo ana a mabeli a koahetsoe ke nama e kang rekere e bitsoang lefufuru. Lefufuru le thusa masapo a hao hore a se thetsane le ho hohlana. Lefufuru le boetse le sireletsa likutu tsa masapo a hao le ho etsa hore masapo a jare ka ho lekana khatello e tlang ho ’ona.
Ka mohlala, ha u tsamaea, u matha kapa u qhoma, khatello e bang linokeng le mangoleng a hao e ka ba e menang boima ba ’mele oa hao ka makhetlo a mane ho ea ho a robeli! Le hoja boholo ba khatello e tlang ka sekhahla bo kaptjoa ke mesifa le litšika, lefufuru le thusa masapo a hao hore a mamelle boima bona ka ho penyeha joaloka seponche.
Ramatiki e Ruruhisang Manonyeletso
Tabeng ea ramatiki e ruruhisang manonyeletso, tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlasela ka matla manonyeletso a ’mele. Ka lebaka le sa tsejoeng, lisele tse ngata tsa mali—ho kopanyelletsa le li-T cell, tseo e leng tsona tse phethang mosebetsi oa bohlokoa tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung—li phallela manonyeletsong. Sena se baka letoto la liphetoho tse ka bang teng moo tse etsang hore lenonyeletso le ruruhe. Lisele tse mokelikeling li ka ’na tsa qala ho ata ka tsela e sa laoleheng, tsa ipōpa tsa iketsa ntho e kang hlahala e bitsoang pannus. Pannus ena eona e hlahisa motsoako o kotsi o senyang lefufuru. Joale masapo a ka thetsana, a etsa hore ho be thata ho sisinyeha—’me sena sa baka bohloko bo kenang pelong. Tšenyo ena e ka boela ea fokolisa mesifa le litšika, ea etsa hore manonyeletso a hloke botsitso le ho tšoephoha, hoo hangata ho fellang ka kholofalo. Ka tloaelo, RA e ama manonyeletso ka tekanyo e lekanang, e hlasela manonyeletso a seatla, mangole le maqaqailana. Batho ba fetang karolo ea 50 lekholong ba tšoeroeng ke RA ba boetse ba ba le maqhutsu kapa makukuno ka tlas’a letlalo. Ba bang ba ba le khaello ea mali ’me mahlo le qoqotho tsa bona lia omella, li be bohloko. RA e tsamaea le mokhathala, matšoao a kang a ha motho a tšoaroa ke ntaramane, ho kopanyelletsa le feberu le mesifa e opang.
Ha e le hantle RA e feto-fetoha haholo tseleng eo e qalang motho ka eona, le hore na e nka nako e kae. Mothong e mong, bohloko le ho satalla ho ka qala butle mohlomong ka libeke kapa tsona lilemo. Ho e mong, ho ka qhoma ka tšohanyetso. Batho ba bang bona RA e ba tšoara likhoeli tse ’maloa ebe e ba tlohela e sa siea tšenyo ea letho e bonahalang. Ba bang ba ka ’na ba ba le nako eo bohloko bo hakalang ka eona, ebe hamorao boa kokobela, ho be ho re etlo! Ho bakuli ba bang, boloetse bona bo tsoela pele bo sa khaotse ka lilemo tse ngata, bo ba holofatsa hohle ka ho hloka mohau.
Ke bo-mang ba kotsing ea ho tšoaroa ke RA? Dr. Michael Schiff o re: “E atile haholo basaling ba lilemong tse bohareng.” Leha ho le joalo, Schiff o phaella ka hore “e ka tšoara motho ea lilemong leha e le life, ho kopanyelletsa le bana, hammoho le banna.” Monyetla o eketseha haholo haeba motho a e-na le mong ka eena ea nang le ramatiki ena e ruruhisang manonyeletso. Liphuputso tse ling tse ’maloa li bontša hore ho tsuba, botenya bo feteletseng le ha u kile ua tšeloa mali, kaofela ke lintho tse behang batho kotsing.
Ramatiki e Hlaselang Lefufuru la Manonyeletso
Western Journal of Medicine e re: “Ramatiki e hlaselang lefufuru la manonyeletso e tšoana le boemo ba leholimo ka litsela tse ngata—e fumaneha hohle, hangata ha e hlokomelehe, ka linako tse ling e na le liphello tse matla.” Ho fapana le RA, ramatiki e hlaselang lefufuru la manonyeletso (osteoarthritis [OA]) ke seoelo e hlaselang litho tsohle tsa ’mele, empa e senya lenonyeletso le le leng kapa a ’maloa feela. Ha lefufuru le ntse le senyeha butle-butle, masapo a qala ho hohlana. Sena se tsamaisana le masatsoana a hlōmelang a manyenyane a bitsoang li-osteophyte. Ho ka ba le hlahala, ’me masapo a ka tlaase a ka ba matenya ’me a holofala. Matšoao a mang a akarelletsa likuru tse hlahang linōkōng tsa seatla, ho toatlatsa ha manonyeletso a tšoaelitsoeng, ho honyela ho sa tloaelehang ha mesifa hammoho le bohloko, ho satalla le ho sitoa ho tsamaea.
Nakong e fetileng, ho ne ho nahanoa hore OA e mpa feela e le phello e ’ngoe ea boqheku. Leha ho le joalo, litsebi li lahlile tumelo eo e ileng ea lumeloa ka nako e telele. The American Journal of Medicine e re: “Ha ho bonahale lenonyeletso le phelang hantle, le sebetsanang le likhatello tse tloaelehileng, le ka senyeha ha motho a ntse a phela.” Joale ke eng e bakang ramatiki ee e hlaselang lefufuru la manonyeletso? Ho latela makasine ea Brithani The Lancet, “ho na le ho se utloane” boitekong bo entsoeng ba ho utloisisa sesosa sa eona. Babatlisisi ba bang ba nka hore ho ee ho be le tšenyo e itseng pele lesapong, e kang ho peperana ho sa bonahaleng. Joale sena sona se ka ama masatsoana a hlōmetseng a manyenyane le ho senyeha ha lefufuru. Ba bang ba nahana hore OA e qala hona lefufurung. Ba nahana hore ha le ntse le mpefala le ho senyeha, ho ba le khatello e eketsehileng masapong a ka tlaase. Ho ba le liphetoho tse bakoang ke boloetse bona ha ’mele o leka ho lokisa lefufuru le senyehileng.
Ke bo-mang ba kotsing ea ho tšoaroa ke OA? Le hoja botsofali ka bobona bo sa bake OA, ho fela ha lefufuru la manonyeletso hangata ho etsahala ha motho a ntse a hōla. Ba bang ba kotsing ba ka akarelletsa ba nang le manonyeletso a bohole kapa ba nang le mesifa ea maoto le ea lirope e tetemang, maoto a sa lekaneng kapa ho se lule hantle ha lesapo la mokokotlo. Ho lemala lenonyeletsong ho bakiloeng ke kotsi kapa mosebetsi o etsang hore lenonyeletso le sebetse ho feta tekano ho ka boela ha etsa hore motho a tšoaroe ke ramatiki e hlaselang lefufuru la manonyeletso. Hang ha tšenyo e se e qalile, ho nona haholo ho ka mpefatsa OA.
Dr. Tim Spector o re: “Ramatiki e hlaselang lefufuru la manonyeletso ke boloetse bo rarahaneng boo ka ho toba bo bakoang ke lintho tse amanang le tikoloho, empa lefutso le lona le boetse le phetha karolo e khōlō.” Batho ba kotsing ea OA haholo ke basali ba lilemong tse mahareng le ba hōlileng bao ho nang le ba malapa a bona ba tšoeroeng ke boloetse bona. Ho fapana le boloetse ba ho fokola ha masapo, OA e etelloa pele ke masapo a matlafetseng ho e-na le a fokolang. Babatlisisi ba bang ba boetse ba bolela hore boloetse bona bo bakoa ke ho haella ha liathomo tse itseng tsa oksijene le ho haella ha livithamine C le D.
Phekolo
Ka tloaelo, phekolo ea ramatiki e akarelletsa meriana, boikoetliso le ho etsa liphetoho tse itseng mokhoeng oa bophelo. Setsebi sa ho thoba, ho otlolla le ho silila se ka ’na sa khothalletsa lenaneo la boikoetliso bo phekolang. Le ka ’na la akarelletsa letoto la boikoetliso, bo kang ba ho tiisa mesifa, ho etsa lintho tse tla etsa hore motho a heme ka potlako ’me mali a phalle, kapa ba ho jara litšepe. Boikoetliso bona bo bonahala bo ntlafatsa matšoao a mangata a kang ho opa ha manonyeletso le ho ruruha ha ’ona, mokhathala, ho tepella ’meleng le khatello ea maikutlo. Melemo ea boikoetliso e bonahala le ho batho ba hōlileng. Boikoetliso bo ka boetse ba thibela ho fokola ha masapo. Ba bang ba boletse hore bohloko bo ka kokobetsoa ka mefuta e fapaneng ea ho phekola ka mocheso le ka serame, esita le ka ho hlaba ka linalete.b
Kaha ho theola boima ba ’mele ho ka fokotsa bohloko ba manonyeletso haholo, lijo li ka phetha karolo e khōlō ho laoleng ramatiki. Ba bang ba boetse ba re lijo tse nang le k’halsiamo e ngata tse kang meroho e mahaba, litholoana le litlhapi tsa metsing a batang haholoanyane tse nang le liasiti tse mafura tsa omega-3—le ho fokotsa ho ja lijo tse ntlafalitsoeng le mafura a liphoofolo—ho ka thusa ho theola boima ba ’mele le ho kokobetsa bohloko. Joang? Ba bang ba re ho ja ka tsela eo ho thibela ho ruruha. Ho boetse ho na le ba reng lijo tse se nang nama, lihlahisoa tsa lebese, koro le meroho e kang litamati, litapole, pelepele le eggplant, le tsona li thusitse ba bang.
Maemong a mang, ho buelloa ho buoa lenonyeletso. Sena se ama ho kenngoa ha tšepe e itseng lenonyeletsong, eo ka eona ngaka e ntšang nama e nang le mokelikeli o hlahisang metsoako ea lik’hemik’hale tse senyang. Leha ho le joalo, phekolo ena e atleha ho ea bohōleng bo itseng feela kaha hangata ho ruruha ho ba teng hape ka mor’a nako. Phekolo e keneletseng ho feta ke ea ho ntša lenonyeletso lohle (hangata qholo kapa lengole) le ho kenya la maiketsetso. Lenonyeletso lena la maiketsetso le ka sebetsa lilemo tse 10 ho ea ho tse 15 ’me hangata le atleha haholo ho feliseng bohloko.
Morao tjena, lingaka li lekile liphekolo tse batlang li sa qhaqholle litho, tse kang ho enta lenonyeletso ka mokelikeli oa hyaluronic acid. Hangata sena se etsoa mangoleng. Ho enta lenonyeletso ka metsoako e lokisang lefufuru (lisireletsa-lefufuru) le hona ho bile le katleho e itseng, ho latela liphuputso tse ling tsa Europe.
Le hoja ho e-s’o fumanoe moriana o phekolang ramatiki, meriana e mengata e fokotsa bohloko le ho ruruha, ’me e meng e bonahetse e liehisa ho kekela ha boloetse bona. Meriana e felisang bohloko hammoho le phekolo ea corticosteroid, meriana e se nang li-steroid e thibelang ho ruruha (nonsteroid anti-inflammatory drugs [li-NSAID]), meriana e thethefatsang boloetse ba ramatiki (disease-modifying antirheumatic drugs [li-DMARD]), meriana e hatellang toantšo ea maloetse ’meleng, meriana e fetolang tsela eo ’mele o arabelang ka eona le meriana e etselitsoeng hore e fetole tsela eo matla a ’mele a ho itšireletsa maloetseng e sebetsang ka eona, kaofela ha eona ke karolo ea liphekolo tse fapaneng tse sebelisoang ho kokobetsa matšoao a boloetse bona bo fokolisang ba ramatiki. Leha ho le joalo, ho kokobetsa bohloko hona ho ka ’na ha e-ba le liphello tse bohloko kaha mefuta ena eohle ea meriana e ka ba le liphello tse tebileng. Ho sekaseka melemo le likotsi tsa ho e sebelisa ho hlahisa phephetso ho mokuli esita le ho eona ngaka.
Ba bang ba ’nileng ba hlokofatsoa ke liphello tse senyang tsa ramatiki ba khonne joang ho sebetsana le boloetse boo bo bohloko?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Har’a mefuta ena ke osteoarthritis, rheumatoid arthritis, systemic lupus erythematosus, juvenile rheumatoid arthritis, gout, bursitis, rheumatic fever, Lyme disease, carpal tunnel syndrome, fibromyalgia, Reiter’s syndrome le ankylosing spondylitis.
b Tsoha! ha e buelle phekolo leha e le efe, moriana kapa ho buuoa e le tsona tse ka sebetsang. Mokuli ka mong o lokela ho nka boikarabelo ba ho ipatlela phekolo leha e le efe le ho nahana ka botebo ka eona le se amehang ho eona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
BOTENYA BO FETELETSENG, HO TSUBA LE HA U KILE UA TŠELOA MALI, LI KA BEHA MOTHO KOTSING LE HO FETA EA HORE A TŠOAROE KE RAMATIKI E RURUHISANG MANONYELETSO
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
LIPHEKOLO TSE LING TSE KA SEBELISOANG
Liphekolo tse ling li nkoa li sireletsehile, li e-na le liphello tse sa batleheng tse fokolang ho feta tsa liphekolo tse tloaelehileng. Har’a tsona ke oral type II collagen, eo bafuputsi ba bang ba reng e bile le katleho ho fokotseng ho ruruha ha manonyeletso le bohloko ramatiking e ruruhisang manonyeletso (RA). Joang? Ka ho thibela liprotheine tse hlahisoang ke lisele tse amang tšebetso ea tse ling, tse etellang pele ho ruruha le tse senyang, e leng interleukin-1 le tumor necrosis factor α. Ho tlalehoa limatlafatsi tse ’maloa le tsona li bontšitse bokhoni bo itseng ba ho thibela metsoako ena e senyang. Li kopanyelletsa vithamine E, vithamine C, niacinamide, oli ea tlhapi e nang le eicosapentaenoic acid le gammalinolenic acid e ngata, borage seed oil le oil of evening primrose. Chaena ho ’nile ha sebelisoa Tripterygium wilfordii Hook F ka lilemo, e leng phekolo ea litlama. Ho tlalehoa e bile le katleho e itseng ho kokobetseng mathata a bakoang ke RA.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 4, 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LENONYELETSO LE PHETSENG HANTLE
KOMIKI
MOSIFA
LEFUFURU
TŠIKA
KOMIKI EA LENONYELETSO
LERA
MOKELIKELI
LESAPO
LENONYELETSO LE NANG LE RAMATIKI E RURUHISANG MANONYELETSO
HO TŠOEPHOHA
TŠENYEHO EA LESAPO LE LEFUFURU
LERA LE RURUHILENG
LENONYELETSO LE NANG LE RAMATIKI E HLASELANG LEFUFURU LA MANONYELETSO
MAFOFORETSANE A LEFUFURU LE SA TIEANG
TŠENYEHO EA LEFUFURU
LEHLŌMELA LA LESAPO
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Source: Arthritis Foundation
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ramatiki e ka tšoara batho ba lilemo tsohle
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Lenaneo la boikoetliso le lijo tse nepahetseng li ka kokobetsa boloetse bona