Tšepo Bakeng sa ba Tšoeroeng ke Ramatiki
DR. Fatima Mili o re: “Ramatiki ha e bolaee haholo joaloka lefu la pelo kapa kankere, empa e ama tsela eo motho a phelang ka eona haholo.” Ramatiki e ka ama likarolo tsohle tsa bophelo ba motho. A mang a mathata ao batho ba tšoeroeng ke ramatiki ba thulanang le ’ona ke afe? Na ba ka khona ho sebetsana le ’ona ka katleho?
Katia,a ea lilemo li 28 oa Italy, o re: “Ho tloha ha ke ne ke bolelloa hore ke tšoeroe ke ramatiki ha ke le lilemo li 20, bophelo bohle ba ka bo fetohile. Ke ile ka tlameha ho tlohela mosebetsi le ho tela tšebeletso ea nako e tletseng ka lebaka la ho opeloa.” Ho opeloa ke bothata bo akaretsang bathong ba tšoeroeng ke ramatiki. Alan ea lilemo li 63 oa Engelane, o re: “Kamehla ho na le kae-kae moo ho opang ’meleng, le hoja e ka ba ho itekanetseng.” Mokhathala o feteletseng ke phephetso e ’ngoe. Sarah ea lilemo li 21 o re: “Le haeba u ka khona ho mamella ho opeloa le ho ruruha, mokhathala oona ha o mamellehe.”
Bohloko Maikutlong
Ho latela Setsuko ea lilemo li 61 oa Japane, ho opeloa ke bohloko bo sa feleng letsatsi le letsatsi le hona ho ka “u khathatsa maikutlong le kelellong.” Esita le ho leka ho nka pentšele kapa ho tšoara thelefono e ka ba bothata! Kazumi ea lilemo li 47 oa tletleba: “Le lintho tse bonolo tseo ngoana a ka li etsang ho ’na e ba qaka.” Janice ea lilemo li 60, ea seng a sitoa ho ema kapa ho tsamaea nako e telele, o re: “Hoa nyahamisa hobane ke se ke sitoa ho etsa seo ke neng ke se etsa pele.”
Ho haelloa ho joalo ho ka etsa hore motho a ferekane le ho itenehela. Gaku ea lilemo li 27, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me o re: “Ho se khone ho kopanela ka ho feletseng mosebetsing oa ho bolela kapa ho phetha likabelo tsa phutheho ho etsa hore ke ikutloe ke le motho ea se nang thuso.” Francesca ea ’nileng a sokolisoa ke ramatiki ho tloha ha a le lilemo li peli o bua ka “ho tebela tlaase tebetebeng ea ho nyahama.” Ho nyahama ho joalo ho ka ba le liphello tse mpe moeeng. Joyce, Paki e ’ngoe ea Afrika Boroa, oa lumela hore o ile a qala ho ikarola libokeng tsa Bokreste. Oa hlalosa: “Ke ne ke sitoa ho tobana le motho leha e le ofe.”
Mokuli a ka boela a tšoenyeha haholo ka bokamoso—ho tšaba hore o tla qhoala ebe o itšetleha ka ba bang, ho tšaba hore o tloha a sala a se na mohlokomeli, ho tšaba hore o tloha a e-oa ’me a robeha, ho tšaba hore a ke ke a khona ho hlokomela lelapa la hae. Yoko ea lilemo li 52 oa lumela: “Ha ke se ke ipona ke holofala, ke ne ke tšoha hore kholofalo e tla eketseha.”
Litho tsa lelapa le tsona li ka ameha habohloko maikutlong ka lebaka la ho bona moratuoa oa tsona a utloa bohloko letsatsi le leng le le leng. Banyalani ba bang ba ka ba ba ba le mathata a tebileng a lenyalo. Mosali e mong oa Engelane ea bitsoang Denise, o re: “Ka mor’a lilemo tse 15 re nyalane, monna oa ka o ile a re, ‘Ke utloile ho lekane ke ramatiki ena ea hao!’ O ile a ntšiea le morali oa rōna ea lilemo li hlano.”
Ka hona, ramatiki e hlahisa liphephetso tse khōlō ho bakuli le ho malapa a bona. Leha ho le joalo, ba bangata ba khona ho sebetsana le eona ka katleho! A re hlahlobeng hore na ba bang ba khona joang.
Ho Nahanela Khaello ea Hao
Phomolo e lekaneng ke ea bohlokoa haeba u tšoeroe ke ramatiki; kaha e fokotsa mokhathala. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore u be u se u lula feela u sa etse letho. Timothy oa hlalosa: “U lokela ho lula u le mafolofolo e le hore ramatiki e se ke ea u laola maikutlo hobane ha e ka etsa joalo, ha hao e tla ba ho lula feela u ntse u opeloa.” Setsebi sa mafu a masapo le manonyeletso, William Ginsburg oa Tleliniki ea Mayo, o re: “Ho na le phapang e sa bonahaleng pakeng tsa ho etsa ho hongata ho tlōla le ho etsa ho honyenyane haholo. Ka linako tse ling batho ba lokela ho hopotsoa hore ba fokotse lintho tseo ba li etsang le ho nahanela bokuli ba bona.”
Sena se ka akarelletsa ho fetola tsela eo u talimang khaello ea hao ka eona. Daphne oa Afrika Boroa o re: “Ke ile ka tlameha ho toba ’nete ’me ke amohele hore bokhoni ba ka ba ho etsa lintho tse itseng ha boa fela; ke mpa ke tlameha ho li etsa butle. Ho e-na le hore ke tšoenyehe kapa ke ferekane, ke etsa ho honyenyane ka nako.”
Hape, ho hotle ho tseba lisebelisoa tse fapaneng tse ka thusang, mohlomong u buisane ka tsona le ngaka ea hao kapa setsebi sa ho thoba, ho silila le ho otlolla. Keiko o re: “Re kentse setulo se tsamaeang ka motlakase bakeng sa ho nyolosa le ho theosa litepisi. Kaha ho sotha mohele oa lemati ho nkutloisa bohloko manonyeletsong a letsoho, re chenchile mefeng ea mamati. Joale ke se ke khona ho bula mamati ’ohle ka ho a sututsa ka hlooho. Re kentse mofuta oa lipompo tse nang le mohele o isoang holimo le tlaase hohle lapeng e le hore bonyane ke tsebe ho etsa mosebetsi o itseng oa lelapa.” Gail, eo le eena a tšoeroeng ke ramatiki, o re: “Linotlolo tsa koloi ea ka le tsa ntlo li hokeletsoe moheleng o molelele e le hore ke nolofalloe ke ho li sotha. Kama ea ka le borashe ba ka le tsona li lelefalitsoe ebile li ka kobehela mahlakoreng a fapaneng ha ke ikama.”
Tšehetso ea Lelapa—“Mohloli oa Khothatso”
Carla oa Brazil, o re: “Tšehetso ea monna oa ka e bile ea bohlokoa ka ho fetisisa. Taba ea hore o ile a tsamaea le ’na ha ke il’o bona ngaka e nkhothalitse haholo. Re ile ra sibolla re le babeli hore na boloetse bona bo ama ’mele oa ka joang, hore na matšoao a bona ke afe, le hore na ke phekolo efe e hlokahalang. Ke ile ka imoloha hobane o ne a utloisisa hore na ke thulane le bothata bo joang.” E, banna kapa basali ba amohelang ho haelloa ha balekane ba bona le ba ikemiselitseng ho ithuta boemo ba bona e ka ba mohloli o moholo oa khothatso le tšehetso.
Ka mohlala, Bette o ile a batla mosebetsi oa ho hloekisa ha monna oa hae a khaotsa mosebetsi oa hae oa ho haha ka lebaka la ramatiki. Monna oa Kazumi ha a mo oke feela, empa o boetse o etsa mesebetsi ea lelapa eo a sitoang ho e etsa. Ho feta moo, o koetlisitse bana ba bona hore ba tsebe ho mo thusa moo ba khonang. Kazumi o re: “Monna oa ka e ’nile ea e-ba mohloli oa khothatso. Ha e ne e se ka eena, boemo ba ka bo ka be bo mpefetse ho feta mona.”
Mosali ea bitsoang Carol oa Australia oa hlokomelisa: “Hlokomela hore u se itjarise mesebetsi e mengata haholo. Ke fihleloa ke maikutlo a hore ha ke na thuso ka potlako ha ke sitoa ho etsa mesebetsi e etsoang ke litho tse ling tsa lelapa.” Ha tšehetso ea lelapa e fanoa ka kutloisiso e feletseng le ka ho nahanela, e ka ba mohloli oa khothatso ho ba kulang.
Thuso ea Moea
Katia o re: “Ha motho a tšoeroe ke boloetse ba mofuta ona, o nka hore ha ho motho ea utloisisang bothata boo a leng ho bona. Sena se etsa hore ntho ea bohlokoa ho eena e be ho retelehela ho Jehova Molimo, a tseba hore eena o utloisisa ka hohle boemo ba rōna ba ’mele le ba maikutlo. (Pesaleme ea 31:7) Ho ba le kamano e ntle le eena ho mphile khotso ea kelello e etsang hore ke amohele boloetse bona ba ka.” Ke ka nepo Bibele e bitsang Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.
Ka hona, thapelo e ka ba mohloli o matla oa matšeliso ho motho ea hlokofatsoang ke ho opeloa ho sa foleng. Kazumi o re: “Masiung a malelele ha ke sitoa ho robala ka lebaka la ho opeloa, ke ’nile ka tšollela pelo ea ka ho Jehova ka meokho, ke mo kōpa hore a mphe matla a ho mamella bohloko le bohlale ba hore ke tobane ka katleho le mathata ’ohle a ka. Ka sebele Jehova o nkarabile.” Ka ho tšoanang, Francesca le eena o ’nile a fumana tšehetso e lerato ea Molimo. O re: “Ke bone ha mantsoe a ho Bafilipi 4:13 a phethahala: ‘Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.’”
Hangata Jehova Molimo o fana ka tšehetso ka phutheho ea Bokreste. Ka mohlala, Gail o bua ka thuso eo a e fumaneng ho bara le barali babo ba moea phuthehong ea habo ea Lipaki tsa Jehova. Gail o re: “Lerato la bona le nthusitse hore ke se tepelle maikutlo.” Ka tsela e tšoanang, ha Keiko a ne a botsoa, “Na ho na le ntho eo u nahanang hore e bile molemo bophelong ba hao?,” o ile a araba: “E, ke lerato lohle le kutloelo-bohloko tseo ke li fumanang ho e mong le e mong ka phuthehong!”
Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, balebeli ba etella pele ho bontšeng tšehetso e joalo. Setsuko o re: “Ke sitoa ho hlalosa hore na motho ea loantšanang le boloetse bona o ikutloa joang ha baholo ba mo mamela le ho mo tšelisa.” Leha ho le joalo, joalokaha mokuli e mong ea tšoeroeng ke ramatiki, Daniel, a re hopotsa, “bara le barali babo rōna ba moea ba ka re thusa feela haeba re ba lumella ho etsa joalo.” Ka hona, ke habohlokoa hore bakuli ba lule ba kopana le Bakreste-’moho le bona, ba etse sohle se matleng a bona hore ba be teng libokeng tsa phutheho. (Baheberu 10:24, 25) Ke hona teng moo ba ka fumanang khothatso ea moea eo ba e hlokang hore ba tsebe ho mamella.
Bohloko bo Tla Fela
Bakuli ba ramatiki ba ananela lefapha la bongaka ka tsoelo-pele eo le e entseng ho fihlela joale. Leha ho le joalo, le eona phekolo e phahameng ka ho fetisisa e hōle haholo le ho ba pheko ea sebele. Qetellong bakuli ba ka fumana khothatso e khōlō ka ho amohela litšepiso tsa Molimo tsa lefatše le lecha.b (Esaia 33:24; Tšenolo 21:3, 4) Lefatšeng leo, “ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.” (Esaia 35:6) Ramatiki le maloetse ’ohle a tšoarang batho a tla be a felile ka ho sa feleng! Ke ka hona Peter ea tšoeroeng ke ramatiki ea lesapo la mokokotlo a reng: “Ke bona leseli qetellong ea thanele ena e lefifi eo ke tsamaeang ka har’a eona.” Mosali oa Mokreste ea bitsoang Giuliana ka ho tšoanang le eena o re: “Letsatsi le leng le le leng le fetang ke le nka e le la tlhōlo, ke nka hore ho fokotsehile letsatsi le leng ho mamelleng ha ka pele bofelo bo fihla!” E, nako e atametse eo ka eona ho sa tl’o fela ramatiki feela, empa ho tlang ho fela le bohloko bohle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A mang a mabitso a fetotsoe.
b Haeba u ka rata hore Lipaki tsa Jehova li u etele ho tla u hlalosetsa ka tšepiso ea Bibele, ikopanye le phutheho ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho na le lisebelisoa tse ngata tse thusang ba tšoeroeng ke ramatiki hore ba nolofalloe ke bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Tšehetso e lerato e ka fumanoa libokeng tsa Bokreste