Mapolesa—Ke Hobane’ng ha a Hlokahala?
BOPHELO bo ne bo tla ba joang ha mapolesa a ne a le sieo? Ho ile ha etsahala’ng ka 1997 ha mapolesa a 18 000 a ne a teraekile motseng oa Recife, Brazil, moo a ileng a hlokomoloha baahi ba teng ba fetang milione?
The Washington Post e ile ea tlaleha: “Matsatsing a mahlano a pherekano motseng ona o moholo o iphaphathileng ka leoatle, polao ea batho letsatsi le leng le le leng e imenne ka makhetlo a mararo. Ho bile le bosholu ba boqhobane libankeng tse robeli. Lihlopha tsa litlokotsebe li tsoile taolong setsing sa mabenkele, li bile li hlasetse ka lithunya libakeng tseo ho tsona ho lulang batho ba ikhonang. Ha ho ea latelang melao ea tsela. . . . Tlōlo ea molao e phahame hoo limmoshara li pepetehang ka litopo tsa batho ba sa tsejoeng, batho ba phallela sepetleleng se seholo sa ’muso, moo u bona batho ba thuntsoeng le ba hlabiloeng ba tjapaletse fatše liphasejeng.” Ho na le tlaleho e bontšang hore mongoli lefapheng la toka o ile a re: “Mofuta ona oa tlōlo ea molao o qala ho ba teng mona.”
Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, bokhopo bo ipatile ka tsoelo-pele. Re hloka tšireletso ea mapolesa. Ke ’nete hore bongata ba rōna re ’nile ra utloa ka sehlōhō, bobolu, boiphapanyo le tšebeliso e mpe ea matla tseo mapolesa a ’nileng a ameha ho tsona. Liketsahalo tse joalo li fapana ho ea ka linaha. Empa re ne re ka etsa’ng ha mapolesa a ne a le sieo? Na hase ’nete hore mapolesa hangata a fana ka litšebeletso tsa bohlokoa? Tsoha! e ile ea botsa mapolesa a mang linaheng tse fapaneng hore na ke hobane’ng ha a khethile mosebetsi ona.
Mosebetsi o Tlatsetsang Boiketlong ba Sechaba
Ivan eo e leng lepolesa la Brithani o itse: “Ke rata ho thusa batho. Ke ile ka khahloa ke mesebetsi e fapa-fapaneng e amehang. Hase hangata batho ba elelloang hore ho sebetsana le tlōlo ea molao e mpa feela e le karolo ea 20 ho ea ho 30 lekholong ea mosebetsi oa mapolesa. O sekametse haholo ho kenyeng letsoho boiketlong ba sechaba. Letsatsing leo ke paterolang ka lona, nka fana ka thuso moo motho a shoeleng ka tšohanyetso, kotsing ea koloi, tlōlong ea molao le hona ho thusa motho e moholo ea ferekaneng ea hlokang thuso. E ka ba ho khotsofatsang haholo ho khutlisetsa ngoana ea lahlehileng ho batsoali ba hae kapa ho thusa motho ea hlasetsoeng ke likebekoa hore a sebetsane ka katleho le maikutlo a hae a ferekaneng.”
Stephen e kile ea e-ba lepolesa United States. O re: “Joaloka lepolesa, u na le thepa le nako ea ho fana ka thuso eohle e matleng a hao ha batho ba e-tla ho uena ba tšepile hore u ba thuse. Ke eona ntho e ileng ea nkhahla ka mosebetsi ona. Ke ne ke batla ho thusa batho le ho ba jarela mathata a bona. Ke ikutloa ke sirelelitse batho tlōlong ea molao, bonyane ho ea bohōleng bo itseng. Lilemong tse hlano, ke ile ka tšoara batho ba fetang 1 000. Empa ho khotsofatsang ka ho fetisisa ke ho fumana bana ba lahlehileng, ho thusa bakuli ba lefu la Alzheimer ba lahlehileng le ho fumana likoloi tse utsoitsoeng. Ho ne ho boetse ho susumetsa maikutlo ho lelekisa le ho tšoara ba belaelloang ka tlōlo ea molao.”
Roberto eo e leng lepolesa Bolivia o re: “Ke ne ke batla ho thusa batho maemong a tšohanyetso. Ha ke sa le mocha, ke ne ke khahloa ke mapolesa hobane a ne a sireletsa batho kotsing. Ha ke sa tsoa qala mosebetsi ona, ke ne ke ikarabella ho pateroleng toropo ka maoto, moo liofisi tsa ’muso li leng hona teng. Hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng, re ne re sebetsana le batho ba etsang lipontšo tsa nyatso tsa lipolotiki. Mosebetsi oa ka e ne e le ho etsa hore maemo a se tsoe taolong. Ke ile ka fumana hore ha ke e-ba botsoalle le ho utloisisa baeta-pele ba tsona, ke ne ke thibela merusu e neng e ka lematsa batho ba bangata. Seo se ne se nkhotsofatsa.”
Mosebetsi o phethoang ke mapolesa o pharaletse. A ’nile a sebetsana le maemo a akarelletsang ho pholosa katse e tšoasehileng sefateng, esita le ho pholosa batho ba tšoeroeng ke likhukhuni, hammoho le ho sebetsana le masholu a boqhobane a libanka. Leha ho le joalo, ho tloha nakong eo tšebetso ea mapolesa ea kajeno e qalileng ka eona, a ’nile a tšeptjoa ke batho le hona ho tšajoa. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka.
[Litšoantšo tse leqepheng la 2, 3]
Leqepheng la 2 le la 3: Ho laola sephethephethe Chengdu, China; mapolesa a Greece a thibelang merusu; mapolesa a Afrika Boroa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Linda Enger/Index Stock Photography
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Lebenkele leo thepa ea lona e utsoitsoeng nakong ea ha mapolesa a ne a teraekile Salvador, Brazil ka July 2001
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Manu Dias/Agência A Tarde
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Stephen, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Roberto, Bolivia