Mapolesa—Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
HA MAPOLESA a ne a le sieo, mohlomong ho ne ho ke ke ha e-ba le taolo. Empa na lefatše la rōna le sireletsehile le hoja mapolesa a le teng? Litoropong tse ngata kajeno, feela joaloka metseng e mengata ea mahaeng, batho ba amehile ka maemo a hlobaetsang a tšireletseho. Na re ka lebella hore mapolesa a re sireletse tlōlong ea molao e hlophisitsoeng le linokoaneng tseo e leng bo-mohlola-a-li-etsa? Na re ka lebella hore mapolesa a etse hore literata tsa rōna li sireletsehe? Na a tla hlōla ntoa khahlanong le tlōlo ea molao?
David Bayley o fana ka maikutlo a hae bukeng ea hae ea Police for the Future o re: “Mapolesa ha a thibele tlōlo ea molao. Ha e le hantle, mapolesa a itšoanela le lesela le tlamisang kankere. . . . Re ke ke ra tšepa hore mapolesa a sireletse sechaba tlōlong ea molao, esita le ha a inehetse ho thibeleng tlōlo ea molao.” Liphuputso li bontšitse hore mesebetsi e meraro e ka sehloohong ea mapolesa—ho paterola literata, ho potlakela maemong a tšohanyetso le ho batlisisa litlōlo tsa molao—ha e thibele tlōlo ea molao. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Ho leka ho thibela tlōlo ea molao ka ho eketsa mapolesa ho ka hloka chelete e ngata bo ke keng ba khoneha. Ha ho bonahale linokoane li tšosoa ke ho eketsoa ha ba paterolang le ha ho khoneha. Le hoja mapolesa a arabela ka potlako ha a bitsoa, sena ha se felise tlōlo ea molao. Mapolesa a tlalehile hore ntle le hore a fihle ka ho panya ha leihlo moo tlōlo ea molao e entsoeng teng, ha ho bonolo hore a tšoare senokoane. Joale ho bonahala linokoane li tseba hore ke ka seoelo mapolesa a ka fihlang ka potlako e joalo. ’Me le patlisiso e etsoang ha tlōlo ea molao e entsoe ha e thuse. Esita le ha mafokisi a ka atleha ho ahlola le ho koalla linokoane chankaneng, ho bonahala seo se ntse se sa thibele tlōlo ea molao. United States e koalla linokoane tse ngata chankaneng ho feta sechaba leha e le sefe se seng, empa ho ntse ho le joalo, ke eona e nang le palo e phahameng haholo ea batlōli ba molao; athe Japane eona, le hoja e e-na le batho ba fokolang chankaneng, le palo ea batlōli ba molao e tlaase haholo. Mananeo a hore baahelani ba lebelane a bonahetse a sa thuse ka nako e telele, haholo-holo libakeng tseo tlōlo ea molao e phahameng ho tsona. Bohato bona bo matla khahlanong le litlōlo tse khethehileng tsa molao, tse kang ho mokola lithethefatsi kapa bosholu ba boqhobane, bo ba le liphello tse hlollang ka nako e itseng, empa ha ho bonolo hore li lule li le teng.
Police for the Future e re: “Taba ea hore mapolesa ha a khone ho thibela tlōlo ea molao ha ea lokela ho makatsa batho ba nahanisisang. Hoa tsebahala hore ha boemo sechabeng bo tsoa taolong hoo mapolesa a sitoang ho sebetsana le bona, ’me linokoane li sa ahloloe ka tšoanelo, sena se tlatsetsa ho phahameng ha tlōlo ea molao sechabeng.”
Ho ne ho Tla Etsahala’ng ha Mapolesa a ne a le Sieo?
U itšoara joang ha ho se na mapolesa a lebetseng? Na u nka monyetla oo ebe u tlōla molao? Hoa makatsa ho bona hore na ke batho ba bangata hakae ba nkoang ba hlompheha, ba maemong a itekanetseng le ba maemong a phahameng, ba behang botumo ba bona le bokamoso ba bona kotsing e le hore ba fumane melemo e sa tsitsang ea bomenemene mosebetsing. The New York Times haufinyane tjena e tlalehile ‘linyeoe tsa batho ba 112 ba qoselitsoeng bomenemene, bao ho thoeng ba ameha ho qhekelleng lik’hamphani tsa inshorense ea likoloi. Har’a ba qositsoeng ho ne ho e-na le babuelli ba molao, lingaka tse phekolang ka mekhoa e fapa-fapaneng le mothusi tsamaisong ea Lekala la Sepolesa.’
Nyeoe e ’ngoe ea ho qhekella ho hoholo, e sa tsoa nyarosa batšehetsi ba ruileng ba lefapha la bonono e bile ea batsamaisi ba pele ba neng ba le ka sehloohong ntlong ea fantisi ea Sotheby’s e New York le ea Christie’s e London, ba ileng ba ahloleloa ho etsa bolotsana thekisong. Bona, hammoho le matlo ao ba neng ba etsetsa fantisi ho ’ona, ba tlameha ho lefa chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse makholo e le kahlolo le puseletso! Ka hona, meharo e sa feleng ea chelete e fumaneha maemong ’ohle sechabeng.
Se ileng sa etsahala Recife, Brazil, ka 1997 ha mapolesa a ne a teraekile, se bontša hore batho ba bangata ha ba tsilatsile ho tlōla molao hang ha ho se thibelo. Tumelo le ha e le efe ea bolumeli eo e ka ’nang eaba ba na le eona ha e ame boitšoaro ba bona. Ba ka fokolisa habonolo kapa hona ho lahla melao le litekanyetso tsa boitšoaro. Hase feela re bonang mapolesa linaheng tse ngata a hlōleha lefatšeng lena le sekametseng tlōlong ea molao, ebang ea fokola kapa e ngata.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba mamela melao hobane ba hlompha ba boholong. Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma hore ba lokela ho ikokobelletsa ba boholong bao Molimo a ba lumeletseng ho busa kaha ba boloka taolo e itseng sechabeng. Ha a bua ka bolaoli bo joalo, o ngotse: “Ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe. Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna.”—Baroma 13:4, 5.
Ho Fetola Maemo a Sechaba
Ho hlakile hore mosebetsi oa mapolesa o na le phello e itseng ho ntlafatseng maemo a sechaba. Ha ho felisitsoe lithethefatsi tse seng molaong le pefo literateng, batho ba leka ho ntlafatsa botumo ba bona. Empa bonneteng, ho fetola sechaba hona ke ntho eo mapolesa a ke keng a e finyella.
Ak’u nahane ka sechaba se hlomphang molao hoo se sa hlokeng mapolesa! Ka leihlo la moea, na u bona lefatše leo ho lona baahi ba amehileng ka ba bang, hoo kamehla baahelani ba ikemisetsang ho thusa ’me ho sa hlokahale hore ho bitsoe mapolesa ho tla thusa? Sena se ka utloahala e le toro. Empa mantsoe ana a Jesu, le hoja a ne a builoe nakong eo a neng a bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng, a ntse a sebetsa. O itse: “Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Matheu 19:26.
Bibele e hlalosa nako ea ka moso eo ka eona batho bohle e tla ba bafo ba ’muso o hlonngoeng ke Jehova Molimo. “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.” (Daniele 2:44) Ka ho ruta batho bohle ba tšepahalang tsela ea Molimo ea lerato, ’muso ona o mocha o tla fetola maemo a sechaba a bakang tlōlo ea molao. “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9) Morena ea khethiloeng ke Jehova, Jesu Kreste, o tla khona ho thibela tlōlo ea molao. “Ha a ka ke a ahlōla ho ea ka tšobotsi, kapa a etsa qeto ho ea ka tsa bo-fuufu; empa mafutsana o tla a ahlōlela ka toka, ba ikokobelitseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka.”—Esaia 11:3, 4, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ha ho sa tla ba le linokoane kapa tlōlo ea molao. Ha ho sa tla hlokahala hore ho be le mapolesa. “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4) Haeba u ka rata ho ba karolo ea “lefatše le lecha” le hlalositsoeng ke Bibele, joale ena ke nako ea ho batlisisa seo Molimo a se tšepisitseng Lentsoeng la hae.—2 Petrose 3:13.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Ak’u nahane ka sechaba se hlomphang molao hoo se sa hlokeng mapolesa!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Ha ho sa tla ba le linokoane kapa tlōlo ea molao
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
Mapolesa Khahlanong le Likhukhuni
Joalokaha liketsahalo tsa New York City le Washington D.C., ka la 11 September, 2001, li bontšitse, ho koeteloa ha lifofane, ho koeteloa ha batho le likhukhuni ke lintho tse thatafatsang mosebetsi oa mapolesa oa ho sireletsa sechaba. Mabotho a khethehileng linaheng tse ngata a koetliselitsoe hore a kene ka potlako le ho laola sefofane se koetetsoeng. A boetse a ithutile ho kena mehahong ka lenyele—a theoha ka ropo a tsoa marulelong, a qhomela le lifensetereng, ’me a lahlela liqhomane tse ferekanyang le ho ilibanya batho hammoho le mosi o fahlang. Mapolesa ao a koetlisitsoeng hangata a atleha ho nanyetseng likhukhuni le ho li hlōla ho se kotsi e kaalo ho batšoaruoa.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
James R. Tourtellotte/U.S. Customs Service
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lintho tse sa tl’o hlola li hlokahala lefatšeng le lecha la Molimo